YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 16

16
Boemo ba Moabe
1Thellang mmusi wa naha
ka ho romela dikonyana,
di romelwe di etswa Sela,
mose wane ho lehwatata,
di romelwe thabeng
ya moradi wa Sione.
2Baradi ba Moabe
ha ba le madibohong a Arenone,
ba ka nonyana tse phuphuselang,
di lelekilwe sehlaheng sa tsona.
Ba re:
3“Re eletse, o re etsetse qeto,
moriti wa hao
o re sireletse motsheare,
sa fifi la bosiu;
pata ba lelekilweng,
o se eke baphaphathethi.
4Eba setshabelo sa Bamoabe,
Bamoabe ba lelekilweng,
o ba sireletse ho ya ba timetsang.”
Motlatlapi o tla kgaotsa ho tlatlapa,
mosenyi yena a kgaotse ho senya,
mohatelli le yena
a fediswe naheng eo.
5Ka mohau terone e tla tsitsiswa,
ya tla e dula a e dule ka botshepehi,
e leng e mong wa leloko la Davida,
ya tla ahlola ka toka,
a thahaselle ho loka.
6Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha,
ho ikgantsha ha hae
ke ho tlolang moedi,
o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale,
empa boithoriso ba hae
ke ba lefeela.
7Kahoo tjhaba sa Moabe
se tla itelela,
bohle ba itelele ba le mmoho,
ba llela dijo tse monate
tsa Kire-Harese,
ba lla pelo tsa bona di le bohloko.
8Masimong a Heshebone le a Sibema
morara o ponne,
o motlemotle
o neng o taha babusi ba naha,
morara o neng o lemilwe
ho tloha Jasere,
o lemilwe ho ya fihla lehwatateng,
oo makala a wona
a neng a thathaletse,
ho ya tshela lewatle.
9Ke llela morara wa Sibema
jwalokaha Jasere e llela wa yona,
wena Heshebone le wena Elale
ke le tshela ka dikgapha!
Mehoo e thabelang ho butswa
ha morara wa lona,
le e thabelang kotulo ya lona
e kgaoditse.
10Masimong a dikgwiti
thabo le monyaka ha di sa le yo,
ha ho pina kapa mehoo
masimong a lona a morara,
ha ho ya tlhotlelang veine
tlhotlelong sa hae,
hoba mehoo ya lona
ke nna ya e fedisitseng.
11Pelo ya ka e llela Moabe sa harepa,
le yona Kire-Harese e e llela jwalo.
12Ha Bamoabe ba nyolohela
bakeng tsa bona tsa borapedi,
ba nyolohela lefeela;
ha ba nyolohela tempeleng ya bona
ho ya rapela,
le teng ha ho na thuso.
13Sena ke seo Morena a neng a se bue malebana le Moabe ka nako eo. 14Empa jwale Morena o re: “Ho eso fete dilemo tse tharo, ho ya kamoo mohlanka a di balang kateng, botlotlehi ba Moabe le ba setjhaba sa hae se sengata, bo tla nyediswa, masalla a be mmalwana, a fokole.”

Currently Selected:

ESAYA 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy