YouVersion Logo
Search Icon

ESAYA 13

13
Modimo o tla otla Babilona
1Bona ke boporofeta boo Esaya, mora wa Amose, a neng a bo senolelwe mabapa le Babilona:
2Phahamisang mokgele
hodima thaba e phollatsi,
ba howeletseng,
le ba hwehle ka letsoho,
e le hore ba kene
kgorong tsa mahosana.
3Mokgetho wa bahlabani ba ka
ke se ke o laetse,
bahale ba ka ke ba bitsitse,
ho phethahatsa kgalefo ya ka,
bona ba thabelang ho hlola ha ka.
4Ho utlwahala modumo wa letshwele
hara dithaba,
modumo o kang
wa sekgakgathahadi sa batho!
Ho utlwahala modumo wa mebuso,
lereberebe la mebuso
ya ditjhaba di phuthehile!
Morena wa mabotho
o kgobokanya mabotho a ntwa!
5A tswa naheng e hole,
pheletsong tsa lehodimo,
Morena o tla ka dihlomo
tsa kgalefo ya hae,
hore fatshe lohle a tle a le timetse.
6Bokollang,
tsatsi la Morena le se le le haufi!
Le tla e le la timetso,
le etswa ho Ya Matla wohle!
7Ka baka leo, matsoho wohle
a tla tepella,
batho bohle ba fellwe ke tshepo.
8Ba tla kenelwa ke tshabo,
mahlaba le bohloko di tla ba menya;
ba tla meneka
sa mosadi a kena tlung,
motho a shebane le wa habo
ka ho makala,
fahleho tsa bona di fubele,
di fubele sa malakabe.
9Bonang, tsatsi la Morena
ke lena le a tla!
Le tla ka sehloho le ka kgalefo,
ka bohale bo tlokomang,
le tla ho fetola lefatshe
e be nanaola;
ka tsatsi leo
baetsadibe o tla ba timetsa.
10Naledi tsa lehodimo
le Makolobe a tsona,
kganya ya tsona
e ke ke ya bonahala,
tsatsi le tla fifala ha le tjhaba,
kganya ya kgwedi le yona e be siyo.
11Lefatshe ke tla le otla,
ke le otlele bokgopo ba lona,
ba kgopo le bona ke ba otle,
ke ba otlele dibe tsa bona,
boikakaso ba ba itjang
ke bo fedise,
boikgohomoso ba bompodi
ke bo kokobetse.
12Ke tla etsa hore motho a hlokehe,
sa kgauta e hlwekisitswe,
a hlokehe sa kgauta ya Ofire.
13Ke tla etsa hore
mahodimo a thothomele,
fatshe le be le suthe
madulong a lona,
tsena di tla bakwa
ke kgalefo ya Morena wa mabotho,
mohla tsatsi la bohale
bo tlokomang ba hae.
14Jwaloka kgama e balehang setsomi,
jwaloka dinku tse hlokang modisa,
motho ka mong
o tla kgutlela tjhabeng sa habo,
motho ka mong
a balehele naheng ya habo.
15Bohle ba tla thopuwa
ba tla phehletswa ka lerumo,
bohle ba tla tshwarwa
ba bolawe ka sabole.
16Bana ba bona ba tla thuakwa
ba ntse ba ba bona,
matlo a bona a lobelwe,
basadi ba bona ba betwe.
17Ke tla hlohleletsa Bamede
ba ba tsohele matla,
Bamede ba sa tsotelleng
bohlokwa ba silefera,
bona bao kgauta
e ke keng ya ba hohela.
18Diqha di tla roboka batjha,
ba fetohe ditsekana,
baimana bona ba ba hlokele mohau,
leha e le hona
ho utlwela bana bohloko.
19Wena Babilona, tlotla ya mebuso,
mokgabo oo Bakalatiya
ba leng motlotlo ka wona,
Modimo o tla o timetsa
sa Sodoma le Gomora!
20O ke ke wa hlola o eba le baahi,
o tla ba hloka ka meloko le meloko,
ha ho Moarabia
ya tla hloma tente ya hae moo,
le badisa ba ke ke ba etsa
metebo ya bona moo.
21Batana tsa lehwatata
di tla botha moo,
diphooko le tsona di hahele teng,
ebe moo dimpshe di phelang teng,
dithotsela di tlolake teng,
di tlolake di nyakaletse.
22Mafiritshwane a tla ngaya
ka qhobosheaneng tsa hao,
phokojwe di ngaye
ka matlung a hao a bokgosi.
Nako ya timelo ya Babilona
e atametse,
matsatsi a yona a ke ke a lelefatswa.

Currently Selected:

ESAYA 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy