YouVersion Logo
Search Icon

HOSEA 5

5
1“Lona baprista, utlwang mona!
Lona ba ntlo ya Iseraele,
elang hloko!
Lona ba ntlo ya kgosi,
sekehang ditsebe!
Kahlolo ena e tobane le lona:
Le bile leraba la ho tshwasa Misepa,
letlowa le adilweng hodima Tabore.
2Bafetohedi ba tetebetse hara dipolao,
ke tla ba otla kaofela ha bona.
3Tsa Efraime ke di tseba sethapo,
tsa Iseraele hase bofihla ho nna.
Wena Efraime, o etsa bootswa,
Iseraele yena o itshilafaditse.”
Hosea o nyatsa ha ho kgumamelwa medingwana
4“Diketso tsa bona di a ba thibela,
ba sitwa ho kgutla,
ho kgutlela ho Modimo wa bona.
Moya wa bootswa o se o ba hapile,
Morena yena ha ba mo tsotelle.
5Boikgohomoso ba Iseraele
bo a mo ahlola,
Iseraele le Efraime
ba tla kgothometseha,
ba be ba we
ka baka la bokgopo ba bona,
Juda le yena a we le bona.
6Ba tla ya ka mehlape,
ya dikgutshwane le ya makgomo,
ba ye ka yona ho ya batla Morena,
empa ha ba ka ke ba mo fumana,
hobane yena o arohane le bona.
7Ha ba a ka ba tshepahala ho Morena,
ba mo tswaletse bana,
bana ba dikgaupane.
Jwale etlare ha kgwedi e thwasa,
ba timetswe le masimo a bona.”
Juda o lwantsha Iseraele
8“Letsang lenaka le le Gibea,
le letse terompeta le le Rama;
hlabang mokgosi le le Bete-Afene,
pele-a-pele wena Benjamine!
9Mohla le fihlang tsatsi la kahlolo,
naha ya Efraime
e tla fetoha nanaola.
Ke phatlalletsa merabe ya Iseraele,
ke e phatlalletsa seo e leng nnete.
10Mahosana a Juda
a ka ba tsekang meedi,
ba suthisang
mekolokotwane ya meedi.
Ke tla hlatsa kgalefo ya ka,
ke e hlatsetse hodima wona,
ke e tshollele hodima wona,
ke e tshollele sa morallo wa metsi.
11Efraime o hateletswe,
o hlotswe ke nyewe,
hobane a ne a batla thuso,
a e batla ho medingwana.
12Ho ba ntlo ya Efraime
ke tshwana le tshwele,
ho ba ntlo ya Juda ke ka diboko.
13“Ha Efraime
a bona bolwetse ba hae,
Juda yena a bona diso tsa hae,
Efraime yena
a ikela naheng ya Asiria,
a ya kopa thuso
ho kgosi ya mohlabani.
Empa kgosi e sitilwe ho mo fodisa,
ya hlolwa ho phekola diso tsa hae.
14Ho ba ntlo ya Efraime
ke tla tshwana le tau,
ho ba ntlo ya Juda eke ke tawana.
Nna ka sebele
ke tla harola, ke ikele,
ke ba hlasinye,
ba hloke monamoledi.
15Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso,
ho fihlela ba dumela molato wa bona,
ba o dumela, ba bile ba mpatla.
Matshwenyehong a bona
ba tla mpatla, ba mpatlisise.”

Currently Selected:

HOSEA 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy