YouVersion Logo
Search Icon

HOSEA 4

4
Morena o qosa Iseraele
1Lona Baiseraele,
utlwang ntswe la Morena!
Morena o qosa baahi ba naha ena,
hobane ha ho nnete, ha ho mohau,
le ho tseba Modimo naheng ena
ha ho eo.
2Ke mahlapa, ke leshano,
ke dipolao, ke boshodu,
ke ho etsa bohlola!
Melao yohleyohle ba a e tlola,
madi a tsholoha a sa tswa tsholoha!
3Kahoo naha e tla apara bofifi,
bohle ba phelang ho yona
ba tla timela,
ho timele dibatana tsa naha,
ho timele nonyana tse fofang,
tlhapi tsa lewatle le tsona di timele!
Morena o qosa baprista
4“Empa ho se be motho ya tsekang,
kapa motho ya nyatsang e mong;
ke nna ya qosang wena moprista.
5Ka baka leo,
o tla kgothometseha motsheare,
bosiu moporofeta
a kgothometsehe le wena,
mme nna ke tla timetsa mmao.
6Tjhaba sa ka
se timetswa ke ho hloka tsebo.
“Kahobane tsebo o se o e lahlile,
le nna ke tla o lahla jwalo,
o ke ke wa ba moprista wa ka;
kaha o lebetse molao
wa Modimo wa hao,
le nna bana ba hao ke tla ba lebala.
7Ha baprista ba ntse ba ngatafala,
ba ile ba ntshitelwa haholo;
kahoo tlotla ya bona
ke tla e fetola dihlong.
8Ba ruiswa ke sebe sa tjhaba sa ka,
ba thabela ha se etsa bokgopo.
9Jwaloka setjhaba,
baprista le bona ba tla otlwa,
ke tla ba otla,
ke ba otlele metsamao ya bona,
ke ba putse
ka baka la diketso tsa bona.
10“Ba tla ja mahlabelo,
empa ba ke ke ba kgora;
ba tla ineella bootswa,
empa ba ke ke ba ata,
hobane ha ba sa tsotella Morena,
11ba ineeletse ho etsa bootswa.”
Morena o nyatsa borapedi ba bahedene
“Veine e ntjha le veine ya molatsa
e hlokisa tjhaba sa ka kelello.
12Tjhaba sa ka se laola ka dikoqwana,
melangwana ke yona
e buang le sona.
Moya wa bootswa o a se kgelosa,
se furaletse Modimo,
se etsa bootswa.
13Tlhorong tsa dithaba
ba nyehela ka mahlabelo,
maralleng teng
ba tjhesetse mokubetso,
le tlasa eike le popoleri le leoka,
hoba teng moriti ke o maphodi.
Kahoo baradi ba lona
ba etsa bootswa,
dingwetsi tsa lona le tsona di a feba.
14“Baradi ba lona
nke ke ka ba otlela bootswa,
le dingwetsi tsa lona
ha di etsa bofebe,
hobane banna bona
ba matha le diotswa,
ba nyehela ka mahlabelo
ba ena le matekatse,
tjhaba se hlokang kutlwisiso
se tla timela!
15“Wena Iseraele,
leha o iphetotse letekatse,
Juda a se ke a ba molato
jwaloka wena,
Gilegale teng le se ke be la hata,
le Bete-Afene le se nyolohele teng,
kapa la hlapanya
ka Modimo ya phelang!
16Baiseraele ba manganga
sa kgomo ya sethole,
na ebe Morena a ka ba alosa,
a ba katla sa dikonyana phuleng?
17Efraime o kgomaretse medingwana,
mo leseng, le mo tlohele.
18Dino tsa bona di a ba tahisa,
ba etse bootswa ba sa kgaotse;
babusi ba bona
ba hlanyetsa tse dihlong.
19Setsokotsane se tla ba sobokella,
se ba sobokelle, se ba fefole,
mahlabelo a bona
a ba hlabise dihlong.”

Currently Selected:

HOSEA 4: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy