YouVersion Logo
Search Icon

HOSEA 11

11
Modimo o rata setjhaba sa bafetohedi
1“Ke ratile Iseraele
e sa le lesea,
ka bitsa mora wa ka
hore a tswe Egepeta.
2Ha ke ntse ke pheeletse
ho ba bitsa kgafetsa,
ba nna ba suthella thoko ho nna;
ba nyehella bo-Baale ka mahlabelo,
ba tjhesetsa medingwana mokubetso.
3Ke nna ya rutileng Efraime,
ka mo ruta ho tataya,
ka mo nenesa ka letsoho la ka;
empa ha ba a ka ba ela hloko
hore ke nna ya ba hlokometseng.
4Ke ne ke ba hula
ka kgwele tsa mohau,
ke ba hula ka mehala ya lerato;
ka tlosa joko molaleng wa bona,
ka inamela fatshe, ka ba fepa.
5“Ba tla kgutla,
ba kgutlele naheng ya Egepeta,
ba buswe ke kgosi ya Asiria,
hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.
6Sabole e tla tsekema
hara metse ya bona,
e robe mekwallo ya dikgoro tsa bona,
merero ya bona yohle e e nyopise.
7Tjhaba sa ka
se itheretse ho mphuralla;
leha se ka ipiletsa
ho Ya Hodimodimo,
ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape.
8“Wena Efraime, nka o lahla jwang?
Wena Iseraele,
ka neelana ka wena jwang?
Nka o timetsa sa Adema jwang?
Ka o etsisa Seboime jwang?
Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo,
lerato la ka le a hlasimoloha.
9Nke ke ka phetha tsa kgalefo ya ka,
nke ke ka timetsa Efraime hape,
hoba nna ke Modimo, ha ke motho;
ke Ya Halalelang ya dulang hara lona,
ha nka ke ka tla ke halefile.
10Etlare ha Morena a puruma sa tau,
tjhaba sa hae se mo sale morao;
etlare ha a puruma,
bana ba hae ba tle,
ba tle ba thothomela,
ba etswa bophirima.
11Ba tla pakasela sa nonyana e fofa,
ba pakasele ba etswa Egepeta,
ba pakasele sa leeba ba etswa Asiria,
ke ba ahise matlung a bona,”
ho rialo Morena.
Sebe sa Iseraele le Juda
12Efraime o nteetse hare,
a nteela hare ka mashano,
ba ntlo ya Iseraele bona ka thetso;
Juda yena o ntse a fetohetse Modimo,
Modimo ya tshepahalang,
Modimo ya halalelang.

Currently Selected:

HOSEA 11: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy