YouVersion Logo
Search Icon

HOSEA 10

10
Moporofeta o bua ka Iseraele
1Iseraele ke morara
o holang haholo;
ha tholwana tsa hae
di ntse di eketseha,
dialetare tsa hae
le tsona di a eketseha.
Ha mobu wa hae o atlehisa dijalo,
le yena o ntlafatsa difika,
fika tse kgumamelwang.
2Pelo tsa Baiseraele di tletse mano,
kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona.
Modimo o tla heletsa
dialetare tsa bona,
a dihe difika tsa medingwana bona.
3Jwale ba tla re:
“Rona ha re na kgosi,
hobane ha re a ka ra tshaba Morena.
Esita leha re ne re ena le kgosi,
kgosi eo e ne e tla re thusa ka eng?”
4Ba etsa ditshepiso tsa bosawana,
ba hlapanye ka leshano,
ba etse le dilekane,
kahoo ho hlaha dinyewe,
nyewe tse ngatangata,
di ke monatja o mela hara boleme.
5Baahi ba Samaria ba tla thothomela,
ba thothometswe ke manamane,
manamane a Bete-Afene.
Tjhaba sa Samaria
se tla llela namane eo,
baprista ba yona le bona ba e llele,
bona baprista ba neng ba e thabetse,
ba nyakalletse tlotla ya namane,
tlotla e seng e tlositswe,
e tlositswe ho yona.
6Namane eo e tla iswa Asiria,
e le nyehelo ho kgosi e kgolo.
Efraime yena o tla hlajwa ke dihlong,
Iseraele a swabiswe
ke keletso tsa hae.
7Samaria le kgosi ya yona
di tla hoholwa,
di hoholwe sa mahohodi hodima metsi.
8Dibaka tsa borapedi, tsa Afene,
di tla fediswa,
tsona tseo Iseraele
a etsetsang sebe ho tsona,
aletare tsa bona di mele meutlwa,
di mele tshehlo.
Ba tla re ho dithaba:
“Re kgurumetseng!”
Ho maralla ba re:
“Re weleng hodimo!”
Morena o ahlola Iseraele
9“Wena Iseraele,
haesale o etsa sebe,
o se entse
ho tloha mehleng ya Gibea,
bofetohedi ba hao
bo qala moo Gibea,
hona moo Gibea
ntwa e tla o kgaoletsa teng.
10Ke tla futuhela bafetohedi,
ke ba kgahlole,
ke ba kgobokanyetse
mabotho a baditjhaba,
ke ba otlele dibe tsa bona,
dibe tse ngatangata.
11Efraime ke kgongwana
e thapisitsweng,
ke kgongwana
e ratang ho pola mabele;
molaleng wa yona o motle
ka bea joko,
ka bofella Efraime mohomeng
hore a leme,
Jakobo yena
a tle a phophothe makwete.
12Motho ka mong
a kgathe thite ya hae,
a itjalle ho loka
ho tswalang lerato,
a kotule molemo
o tswalwang ke botshepehi.
Nako e fihlile ya ho batla Morena,
ya ho mmatla ho fihlela a etla,
a le nesetsa pula ya mahlohonolo.
13Empa le ile la jala bokgopo,
kahoo le kotutse tholwana ya bokgopo,
la ja le yona tholwana ya leshano.
Kahobane o itshepetse
kariki tsa hao tsa ntwa,
o tshepile le boiyane
ba mabotho a hao,
14morusu wa ntwa
o tla tsohela tjhaba sa hao,
qhobosheane tsohle tsa hao
ebe di a ripitlwa,
di ripitlwe
sa mohla tsatsi lane la ntwa,
ha Shalemane
a ne a ripitla Bete-Arabeele,
a pshatlaka basadi le masea a bona.
15Le wena Bethele,
ho tla ba tjena ho wena,
ka baka la bokgopo
bo boholo ba hao.
Ha mafube a meso
a hlaha ka botjhabela,
kgosi ya Iseraele
e tla ripitlelwa ruri!”

Currently Selected:

HOSEA 10: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy