YouVersion Logo
Search Icon

BAHEBERU 6

6
1Jwale a re tloheleng thuto eo ho qalwang ka yona ya Kreste, re fetele pele ho tse phethehileng, tsa batho ba baholo. Re se ke ra boela ra kgutlela motheong: E leng ho furalla mesebetsi e isang timelong, ho dumela ho Modimo, 2ho rutwa tsa dikolobetso, peo ya matsoho, tsoho ya bafu le kahlolo e sa feleng. 3Ha Modimo a re dumella, re tla etsa jwalo.
4Ba kileng ba bontshwa lesedi, ba latswa neo ya lehodimo, ba abelwa Moya o Halalelang, 5ba latswa lentswe le monate la Modimo, le matla a lefatshe le tlang ho tla, 6ho ke ke ha etsahala hore bao, ha ba ka kweneha, ba boele ba ntjhafatswe ka pako. Ke ba boetseng ba thakgisa Mora wa Modimo ka bobona, mme ba mo etsa sekgobo.
7Tshimo e montseng pula e atisang ho e nela, e medisetsang ba e lemang tse molemo, e hlohonolofatswa ke Modimo. 8Empa e medisang meutlwa le tshehlo ha e na thuso, e se e atametse thohako, mme e tla qetella e tjhesitswe.
9Baratuwa, leha re bua jwalo, re kgodisehile hore lona le boemong bo botle ba ho pholoswa. 10Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale. 11Re lakatsa ha e mong le e mong wa lona a ka bontsha mafolofolo wona ao, a etsang hore tshepo ya lona e phethehe ho fihlela qetellong. 12Le se ke la tepella, le mpe le etsise bao, bao ka tumelo le mamello, ba jang lefa la tseo ba di tshepisitsweng.
Tshepiso e tiileng ya Modimo
13Modimo, kaha ho se e mong e moholo ho mo feta hore a hlapanye ka yena, o ile a ikana ka boyena mohla a etsetsang Aborahama tshepiso, 14a re: “Ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, le ditloholo tsa hao ke di ngatafatse.” 15Aborahama o ile a tiisetsa, mme ka hona a fumana seo a se tshepisitsweng.
16Etswe batho ba hlapanya ka e moholo ho ba feta, mme dikgang tsohle tsa bona di fediswa ka ho ikana. 17Ke moo Modimo a tiisitseng ka kano, kaha a ne a rata ho bontsha kahohlehohle majalefa a ditshepiso hore morero wa hae ha o fetohe. 18E bile hore ka ketso tseo tse pedi, tse ke keng tsa fetoha, tseo ka tsona Modimo a ke keng a thetsa, rona ba tshabetseng ho yena re kgothale ka matla, ho itshwarella tshepong eo re e neilweng. 19Tshepo eo re na le yona jwaloka sengaparela sa moya, se tiileng e le kannete. Tshepo eo e kenella kahare ho lesira, 20moo Jesu, moetellipele wa rona, a keneng teng e le Moprista e Moholo ka ho sa feleng jwaloka Meleki-Sedeke.

Currently Selected:

BAHEBERU 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy