YouVersion Logo
Search Icon

BAHEBERU 2

2
Ketso e kgolo ya ho pholoswa
1Kahoo re tlamehile ho hlokomedisisa tseo re di rutilweng, esere ra kgeloha. 2Lentswe le boletsweng ke mangeloi le tiile, mme ho le tlola le ho se le mamele ho nnile ha fumana moputso o lokelang. 3Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng? 4Modimo le yena o ho pakile ka mehlolo, le dimakatso, le diketso tse matla tsa mefutafuta, le ka dineo tsa Moya o Halalelang, tseo a di abang ka ho ya ka thato ya hae.
Pulamadiboho e pholosang
5Modimo ha a a bea lefatshe le tlang, leo re buang ka lona, taolong ya mangeloi. 6Etswe sebakeng se seng ho boletswe hantle, ha thwe:
“Motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hopolang,
le ngwana motho e ne e le eng,
hoo o ka mo hlokomelang?
7O mo entse ya katlasana ho
mangeloi
ka nakwana,
o mo rwesitse mofapahlooho
wa tlotla le hlompho,
8o beile tsohle
katlasa maoto a hae.”
Ka ho bea tsohle tlasa motho, ha a a ka a siya letho leo a sa le beang tlasa hae. Hajwale ha re eso bone hore tsohle di beilwe katlasa hae. 9Empa seo re se bonang ke Jesu ya beilweng katlasana ho mangeloi ka nakwana, a rweswa mofapahlooho wa tlotla le hlompho ka baka la mahloko a lefu la hae, e le hore ka mohau wa Modimo a tle a shwele bohle.
10Ho ne ho tshwanela hore Modimo, yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, mme di leng teng ka yena, ya neng a tla isa bana ba hae ba bangata tlotleng, a etse hore pulamadiboho e ba pholosang, e phethehe ka ho hlokofatswa. 11Mohalaletsi le ba halaletswang ke bana ba motho. Ka baka leo, Jesu ha a dihlong ho ba bitsa bana babo, 12ha a re:
“Ke tla tumisa lebitso la hao
hara bana beso,
ke o rorise hara phutheho.”
13Hape a re:
“Ke tla bea tshepo ya ka
ho Morena.”
A buela a re:
“Ke nna enwa le bana
bao Modimo a mphileng bona.”
14Erekaha bana bao e le batho ba nama le madi ka ho tshwana le yena, o tshwana le bona ka nama le madi, e le hore ka lefu la hae a tle a ripitle ya nang le matla hodima lefu, e leng Diabolosi. 15Ka ho etsa jwalo o lokolotse batho ba neng ba le bokgobeng ba ho tshaba lefu bophelong bohle ba bona. 16Ruri ha a a tlela mangeloi, empa o tletse ba leloko la Aborahama. 17Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba. 18Kaha le yena a lekilwe ka ho hlokofatswa, o tseba ho thusa ba lekwang.

Currently Selected:

BAHEBERU 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy