YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 9

9
Melao e metjha
1Modimo a hlohonolofatsa Nowe le bara ba hae, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe. 2Diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le dinonyana tsohle tse fofang, di tla le tshaba. Dihahabi tsohle tsa lefatshe, le ditlhapi tsohle tsa lewatle, di bewa matsohong a lona. 3Tsohle tse tsamayang, tse phelang, e tla ba dijo tsa lona, jwalokaha ke le neile meroho e metala. Tsena tsohle ke le nea tsona.
4“Feela le se ke la ja nama e ntseng e ena le bophelo, e leng madi. 5Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo.
6“Mang le mang
ya tshollang madi a motho,
le yena madi a hae
a tla tshollwa ke motho,
hobane Modimo o entse motho
ka setshwano sa Modimo.
7“Jwale lona atang, le ngatafale; anafalang le tlale lefatshe.”
Selekane sa Modimo le Nowe
8Yaba Modimo o bua ho Nowe, a ena le bara ba hae, o re: 9“Bonang, nna, ke etsa selekane sa ka le lona, le ditloholo tsa lona. 10Ke se etsa le dibopuwa tsohle tse phelang, tse nang le lona: Dinonyana, makgomo, le diphoofolo tse hlaha, le tsohle tse tswileng ka arekeng. 11Ke etsa selekane sa ka le lona: Ha ho ka ke ha hlola ho timetswa batho ka morallo wa metsi. Hape ha ho ka ke ha hlola ho eba le morallo wa metsi o tla timetsa lefatshe.”
12Modimo a re: “Ke sena sesupo sa selekane seo ke se etsang le lona le tsohle tse phelang le lona, le meloko e tlang: 13Ke tla hloma mookodi wa ka marung, mme e tla ba sesupo sa selekane sa ka le lefatshe. 14Ha ke tlisa maru hodima lefatshe, mme mookodi o bonahala marung, 15ke tla hopola selekane seo ke se entseng le lona, le dibopuwa tsohle tse phelang, mme metsi a ke ke a hlola a etsa morallo o tla timetsa batho bohle. 16Mookodi o tla ba marung, mme ha ke o tadima, ke tla hopola selekane se sa feleng, se pakeng tsa Modimo le dibopuwa tsohle tse phelang, tse teng lefatsheng.”
17Modimo a re ho Nowe: “Sena ke sesupo sa selekane seo ke se entseng pakeng tsa ka le batho bohle ba teng lefatsheng.”
Bara ba Nowe
18Bara ba Nowe, ba ileng ba tswa ka arekeng, e ne e le Sema le Kama le Jafeta. Kama ke ntata Kanana. 19Ba bararo bana e ne e le bara ba Nowe, mme batho bohle ba lefatsheng ba tswetswe ke bona.
20Nowe e ne e le molemi; ya eba yena wa ho qala ho lema morara. 21A nwa veine, a tahwa, a robala ka tenteng a sa tena. 22Kama, ntata Kanana, ha a bona bofeela ba ntatae, a ya bolella bana babo ba babedi ba le kantle. 23Sema le Jafeta ba nka kobo, ba e akgela mahetleng a bona, ba tsamaya kasanthao, ba fihla ba kwahela bofeela ba ntata bona. Kaha ba ne ba furaletse, ha ba a ka ba bona bofeela ba ntata bona. 24Nowe, ha a se a hlaphohetswe, a tseba seo mora wa hae e monyenyane a ileng a se etsa ho yena.
25Yaba o re:
“Kanana a ke a rohakehe,
e be lekgoba la makgoba
ho bana babo.”
26Hape a re:
“Ho bokwe Morena,
Modimo wa Sema,
Kanana e ke e be lekgoba la bona.
27Modimo a ke a hodise Jafeta,
a phele ditenteng tsa Sema,
Kanana e be lekgoba la hae.”
28Kamora morallo wa metsi, Nowe a phela dilemo tse makgolo a mararo le mashome a mahlano. 29Dilemo tsa Nowe kaofela e ne e le makgolo a robong le mashome a mahlano; a nto shwa.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy