YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 49

49
Jakobo o porofetela bara ba hae
1Jakobo a bitsa bara ba hae, a re: “Tloong ho nna, mme ke tla le bolella se tla le hlahela ka matsatsi a tlang.
2“Bokanang le mamele,
bara ba Jakobo,
mamelang ntata lona Iseraele.
3“Rubene, ke wena letsibolo la ka;
ke wena matla a ka,
le tholwana ya pele ya bonna ba ka;
o feta ba bang
ka seriti le ka bonatla.
4O ka metsi a tsapolong,
empa o ke ke
wa ba feta ka boholo,
hobane wa na wa kena
kobong tsa mohatsa ka,
wa hlompholla phate tsa ka
ka ho hlwella ho tsona.
5“Simeone le Levi
ke bana ba letswele,
dihlomo tsa bona ke tse sehloho.
6Moya wa ka
o se kene mererong ya bona,
pelo ya ka
e se kene mokgatlong wa bona,
hobane ha ba halefile
ba na ba bolaya batho,
ha ba halefetse lefeela
ba kgaola dipholo mesifa.
7Ho rohakwe bohale ba bona,
hobane bo ne bo tshabeha;
le kgalefo ya bona,
hobane e ne e se na mohau!
Ke tla ba qhalakanya
hara bana ba Jakobo,
ke ba hasanye
hara fatshe la Iseraele.
8“Wena, Juda,
bana beno ba tla o rorisa,
tsoho la hoa
le tla kgama dira tsa hao;
bana beno
ba tla kgumama kapele ho wena.
9Juda ke tawana!
O nyolohetse thabeng,
mora wa ka, o tswa hapa;
o a borama,
o qatjhama jwaloka tau,
mme, jwaloka tauhadi,
o ka tsoswa ke mang?
10Lere la bokgosi
le ke ke la tloha ho Juda,
le lere la bolaodi ho ditloholo tsa hae,
ho fihlela monga lona a fihla,
yena eo ditjhaba di tla mo mamela.
11O holeha tonki ya hae morareng,
le pohwana ya tonki
morareng o kgethehileng;
o hlatswa diaparo tsa hae ka veine,
le kobo ya hae ka lero la morara.
12Mahlo a hae a tlerefetse ke veine,
meno a hae a masweu ke lebese.
13“Sebulone
o tla aha lebopong la lewatle,
e tla ba yena kou ya dikepe,
meedi ya hae e tla fella Sidone.
14“Isakare ke tonki e matla,
o bothile pakeng tsa masaka.
15O bona hore ho phomola
ho monate,
le hore naha e a kgahleha;
a sekamisa lehetla la hae ho jara,
a sebeletsa monga hae e le lekgoba.
16“Dane o tla busa setjhaba sa hae
e le e mong wa merabe ya Iseraele.
17Dane e tla ba noha e ka tseleng,
e be marabe ya dinaka ka tseleng,
ya lomang ditlhako tsa pere,
mopalami wa yona a we ka sanketse.
18“Ke lebeletse
ho pholoswa ke wena, Morena.
19“Gade o tla futuhelwa
ke mabotho a bahlabani;
yena o tla ba phaladisa,
a ba hate direthe.
20“Dijo tsa Ashere e tla ba tse malodi,
o tla fana ka dimonate tsa kgosi.
21“Nafthali ke kgama ya molalasekwai,
e tswalang manamane a matle.
22“Josefa ke tholwana
ya sefate se behang,
tholwana ya sefate se behang,
se pela sediba,
makala a sona
a rarahane hodima lerako.
23Ba fulang ka metsu ba a mo hlorisa,
ba diqha ba a mo phephetsa,
24empa seqha sa hae se ntse se tiile,
o matjato diatleng
le matsohong a hae;
o thuswa ke matsoho
a Ya Matla wa Jakobo,
e leng Modisa, Lefika la Iseraele.
25Modimo wa ntatao a ke a o thuse,
yena Ya Matla wohle
a ke a o hlohonolofatse,
ka mahlohonolo
a tswang hodimo, lehodimong,
ka mahlohonolo
a tswang madibeng katlasa lefatshe,
ka mahlohonolo
a ho tswala le ho nyantsha.
26Mahlohonolo a ntatao
a feta mahlohonolo a dithaba
tsa mehla yohle,
le mekgabo ya maralla
a mehla yohle;
kaofela a ke a be hodima hlooho,
hlooho ya Josefa,
a be hodima phatla,
ya eo e leng mokgethwa
ho bana babo.
27“Benjamine ke phiri e harolakang,
hoseng e kgetshela tse bolailweng,
mantsiboya e arola kgapo ya yona.”
28Bana bohle ke meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele, mme sena ke seo ntata bona a se buileng ho bona ha a ba hlohonolofatsa; e mong le e mong a hlohonolofatswa ka mahlohonolo a mo tshwanelang.
Lefu la Jakobo
29Jwale Jakobo a ba laela, a re ho bona: “Ke lekgatheng la ho orohela ho bang ka nna; le tle le nkepele pela bontate, lehaheng le tshimong ya Eferone wa Mohete; 30lehaheng le tshimong ya Makapela, e pela Mamore, naheng ya Kanana; leo Aborahama a neng a le rekelle le tshimo ho Eferone wa Mohete, hore e be setsha sa mabitla. 31Aborahama le mosadi wa hae Sara ba epetswe hona teng. Isaka le mosadi wa hae Rebeka le bona ba epetswe hona teng; le Lea ke mo epetse hona teng. 32Tshimo eo le lehaha le ho yona di ne di rekwe ho Bahete.”
33Ha Jakobo a qetile ho laela bana ba hae, a phutha maoto a hae, a a busetsa betheng, a neela moya, mme a orohela ho bang ka yena.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 49: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy