YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 44

44
Senwelo se lahlehileng
1Jwale Josefa a laela mookamedi wa lelapa la hae, a re: “Tlatsa mekotla ya banna bana ka dijo tseo ba ka tsebang ho di nka, mme o kgutlisetse tjhelete ya e mong le e mong ka molomong wa mokotla wa hae. 2Ka molomong wa mokotla wa wa ho fela, o kenye senwelo sa ka sa silefera, mmoho le tjhelete e rekileng koro ya hae.” Mookamedi a etsa kamoo Josefa a mo laetseng kateng.
3Ha ho qala ho ela, banna bana ba dumellwa hore ba tsamaye le ditonki tsa bona. 4Yare ba sa tswa tloha motseng, ba eso ye hole, Josefa a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Tsamaya, o phallele banna bao. Ha o fihla ho bona o re: ‘Ho ya kang ha le phetetsa botle ka bobe? 5Na ha le na senwelo seo monga ka a nwelang ho sona; a bileng a laolang ka sona? Le entse bobe ka ho etsa jwalo!’ ”
6Mookamedi ha a fihla ho bona, a ba bolella mantswe ana. 7Yaba ba re ho yena: “Ho ya kang ha morena rona a ka bua mantswe a tjee? Hase ntho eo bahlanka ba hao ba ka e etsang e jwalo! 8Bona hle, tjhelete eo re e fumaneng ka melomong ya mekotla ya rona ha re le Kanana, re o kgutliseditse yona. Jwale re ka utswa jwang silefera kapa kgauta tlung ya morena hao? 9Mang kapa mang wa bahlanka ba hao, eo senwelo seo se tla fumanwa ho yena, o tla shwa, mme le rona re tla ba makgoba a morena rona.”
10Mookamedi eo a re: “A ho be jwalokaha le boletse. Eo se tla fumanwa ho yena e tla ba lekgoba la ka, mme lona ha le na ho ba le molato.”
11Ba potlaka, e mong le e mong a bofolla mokotla wa hae, a o qhaqholla. 12Yaba o a batla; a qala ka e moholo, a qetella ka wa ho fela, mme senwelo sa fumanwa ka mokotleng wa Benjamine. 13Jwale ba hahola diaparo tsa bona, e mong le e mong a bofa tonki ya hae, mme ba kgutlela motseng.
14Ha Juda le bana babo ba fihla tlung ya Josefa, Josefa o ne a sa le teng, mme ba itihela fatshe kapele ho yena. 15Josefa a re ho bona: “Ke ketso nngwe ee, eo le e entseng? Na ruri ha le tsebe hore motho ya kang nna a ka noha?”
16Yaba Juda o re: “Re ka hlola re sa reng ho morena ka? Re ka bua eng? Hona re ka itlhakola jwang? Modimo o senotse bokgopo ba bahlanka ba hao. Bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le eo senwelo se fumanweng ho yena.”
17Empa Josefa a re: “Hase ntho eo nka e etsang? Motho eo senwelo se fumanweng ho yena e tla ba yena lekgoba. Ha e le lona ipoelleng ka kgotso ho ntata lona.”
Juda o buella Benjamine
18Jwale Juda a atamela ho yena, a re: “Oho, morena ka, ako dumelle mohlanka wa hao hle, a bue lentswe le le leng feela ho morena ka, mme o se mo halefele, hobane o tshwana le Faro. 19Morena ka, o botsitse bahlanka ba hao, wa re: ‘Na le na le ntata lona, kapa moena wa lona?’ 20Yaba re re ho morena ka: ‘Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo.’
21“Yaba o re ho bahlanka ha hao: ‘Ntlisetseng yena, ke tle ke mmone.’ 22Ra re ho morena ka: ‘Ho thata hore mohlankanyana a ka tloha ho ntatae, hobane ha a ka tloha ntatae a ka shwa.’ 23Yaba o re ho bahlanka ba hao: ‘Ha le sa ntlele le moena lona, le ke ke la hlola le bona sefahleho sa ka.’ 24Ha re se re kgutletse ho mohlanka wa hao, ntata rona, re ile ra mmolella mantswe a morena rona.
25“Yare ha ntata rona a re: ‘Boelang Egepeta, le yo re sella,’ 26ra re: ‘Re sitwa ho theohela teng. Re tla ya feela haeba moena rona a ka theoha le rona, hobane re ke ke ra bona sefahleho sa monna eo ha re sitwa ho ya le moena rona.’
27“Yaba mohlanka wa hao, ntata rona, o re: ‘Le a tseba hore mohatsa ka o ntswaletse bara ba le babedi. 28E mong o ntshiile, mme ka re: ruri o tsekolotswe ke dibatana, mme ha ke eso mmone ho fihlela jwale. 29Jwale ha le ka nka le enwa, a tloha ho nna, mme a hlahelwa ke kotsi, le tla theolela moriri wa ka o moputswa Nqalong ya Bafu ka maswabi.’
30“Jwale ha nka ka fihla ho ntate, mohlanka wa hao, mohlankanyana a le siyo, kaha pelo ya ntate e mo kgomaretse, 31ha a bona hore ha a yo, o tla shwa, mme rona e tla ba re theoletse moriri o moputswa wa mohlanka wa hao, ntata rona, Nqalong ya Bafu ka maswabi. 32Nna, mohlanka wa hao, ke itlamile ho ntate ka mohlankanyana, ka re: ‘Haeba ke sa mo kgutlisetse ho wena, ke tla ba molato ho ntate bophelong ba ka bohle.’
33“Ke a o kopa he, o mpe o dumelle mohlanka wa hao ho sala sebakeng sa mohlankanyana, e le lekgoba la morena ka, mme o lese mohlankanyana a nyolohe le bana babo. 34Jwale nka nyolohela jwang ho ntate, ha mohlankanyana a le siyo? Ke tshaba ho bona bomadimabe bo tla hlahela ntate.”

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 44: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy