YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 43

43
Bana babo Josefa ba kgutlela Egepeta le Benjamine
1Naheng ya Kanana tlala e ne e le ya bojadikata. 2Yare ha ba qetile ho ja koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: “Kgutlelang Egepeta, le yo re sella hape.”
3Yaba Juda o a araba, o re: “Monna eo o re hlokomedisitse a tiile, a re: ‘Le ke ke la bona sefahleho sa ka, haese ha le tlile le moena lona.’ 4Haeba o re dumella ho ya le moena rona, re tla theoha, re yo o sella. 5Empa ha o sa dumele, ha re ka ke ra theoha, hobane monna eo o itse ho rona: ‘Le ke ke la bona sefahleho sa ka, haese ha le tlile le moena lona.’ ”
6Iseraele a re: “Le nketseditseng hampe, ka ho tsebisa monna eo hore ngwanabo lona e mong o teng?”
7Ba araba, ba re: “Monna eo o ile a re botsisisa tsa rona le tsa bang ka rona, a re: ‘Na ntata lona o sa phela? Na le sa na le ngwanabo lona e mong?’ Seo re mmoleletseng sona e bile karabo ya dipotso tsena. Re ne re ka tseba jwang hore qetellong o tla re: ‘Tloong le moena lona’?”
8Jwale Juda a re ho ntatae, Iseraele: “Ntumelle ho tsamaya le mohlankanyana, mme re tla ya, e le hore re tle re phele, re se ke ra shwa, rona le wena, le bana ba rona. 9Ke itlama ka yena; o tla mmatla ho nna. Ha ke sa mo kgutlisetse ho wena, ka mmea matsohong a hao, ke tla ba molato ho wena bophelong ba ka bohle. 10Hoja ha re a ka ra dieha, jwale re ka be re se re boetse habedi.”
11Jwale ntata bona Iseraele a re ho bona: “Ha ho tlameha ho ba jwalo, etsang tjena: Nkang ditholwana tse kgahlehang tsa naha ena, le di tshele ka mekotleng ya lona, le di ise ho monna eo e le mpho: e be ditlolo, mahe a dinotshi, boroku, mmira, le ditholwana tsa sefate sa hoki, le tsa sefate sa mofuta wa perekisi. 12Nkang tjhelete e lekanang le ya pele habedi, le busetse le tjhelete e neng e kgutle e kentswe mekotleng ya lona, mohlomong e ne e kgutle ka phoso. 13Nkang le yena moena lona, le tsamaye le kgutlele ho monna eo. 14Modimo ya matla wohle a ke a le fumantshe mohau ho monna eo, e le hore a tle a kgutlise ngwanabo lona e mong, esita le yena Benjamine, empa haeba nna ke amohuwa bana, ke hle ke ba amohuwe.”
15Kahoo banna bana ba nka dimpho, ba nka le tjhelete e lekanang le ya pele habedi, le yena Benjamine, ba tsamaya ba theohela Egepeta, mme ba ya itlhahisa kapele ho Josefa. 16Ha Josefa a bona Benjamine a ena le bona, a re ho mookamedi wa lelapa la hae: “Isa banna bana lapeng ha ka. O hlabe phoofolo, o e phehe, hobane ke tla ja dijo tsa motsheare le bona.” 17Monna eo a etsa kamoo Josefa a boletseng kateng, a isa banna bao tlung ya Josefa.
18Banna bao ba tshoha, hobane ba ne ba isitswe tlung ya Josefa, mme ba re: “Ke ka baka la tjhelete e neng e busetswe ka mekotleng ya rona ka lekgetlo la pele, re tlisitsweng mona, hore a tle a re lohele mano, a re tshware, a re etse makgoba a hae, a nke le ditonki tsa rona.”
19Jwale ba atamela mookamedi wa lelapa la Josefa, ba bua le yena a le monyako wa ntlo, 20ba re: “Oho, morena ka, ke nnete re ne re theohele kwano lekgetlo la pele ho tla sela. 21Yare ha re fihla moo re robaleditseng teng, re qhaqholla mekotla ya rona, e mong le e mong wa rona a fumana tjhelete ya hae ka molomong wa mokotla wa hae, e ntse e le boimeng ba yona ba pele; jwale re e kgutlisitse. 22Re tlile le tjhelete e nngwe hape, eo re tla sela ka yona. Ha re tsebe ya ileng a kenya tjhelete ya rona ka mekotleng ya rona.”
23Yena a re: “Kgobang matshwafo; se tshabeng! Modimo wa lona, le Modimo wa ntata lona, ke yena ya le neileng letlotlo leo le ka mekotleng ya lona. Ke ile ka amohela tjhelete ya lona.” Jwale a ba tlisetsa Simeone.
24Monna eo a ba isa tlung ya Josefa, a ba fa metsi, ba itlhatswa maoto; a fepa le ditonki tsa bona. 25Yaba bona ba lokisa dimpho, ba emela hore Josefa a tle lapeng, motsheare o moholo, kaha ba ne ba utlwile hore ba tla tla ja le yena.
26Ha Josefa a se a fihlile hae, ba mo nea dimpho tseo ba tlileng le tsona, ba inama kapele ho yena. 27Jwale a ba botsa bophelo, a re: “Na ntata lona, monnamoholo eo le ileng la bua ka yena, o ya hantle? Na o ntse a phela?”
28Ba re: “Mohlanka wa hao, ntata rona, o ya hantle, o sa ntse a phela.” Ba inama, ba itihela fatshe.
29Ha a phahamisa mahlo, a bona ngwanabo Benjamine, eo ba nyantseng letswele le le leng le yena, mme a re: “Na eo ke moena lona wa ho fela, eo le ileng la bua ka yena ho nna?” Yaba o re ho Benjamine: “Modimo a ke a o hauhele, mora wa ka!” 30Josefa a phakisa a tloha, kaha maikutlo a hae a ne a tshwenyehile ka baka la ngwanabo, a batla moo a ka llelang teng; yaba o kena ka kamoreng e kahare, o llela kateng.
31Yaba o a iphotla, o a tswa, mme a itiisa, a re: “Tlisang dijo!”
32Ba mmeela tsa hae a le mong, le tsa bona ba le bang, le tsa Baegepeta ba jang le yena ba le bang, hobane Baegepeta ha ba lokele ho ja le Baheberu, kaha hoo ke manyala ho Baegepeta. 33Kahoo Baheberu ba dudiswa ba shebane le yena, e moholo ho ya ka tokelo ya hae ya boholo ba hae, le e monyenyane ho ya ka bonyenyane ba hae. Banna bao ba shebana ba maketse. 34Yaba Josefa o laela hore ba abelwe dijo tse kapele ho yena, mme seabo sa Benjamine sa feta tsa ba bang bohle ha hlano. Ba enwa, mme ba thaba le yena.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 43: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy