YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 41

41
Josefa o hlalosa toro ya Faro
1Kamora hoba lemo tse pedi di fete, Faro a lora, mme a ipona a eme pela noka. 2A bona dikgomo tsa dithole tse supileng, tse ntle, tse nonneng, di nyoloha nokeng, di ntse di fula mohlakeng. 3A boela a bona dithole tse ding tse supileng, tse mpe, tse otileng, di nyoloha nokeng kamora tseo, di ema pela tse lebopong. 4Yaba dikgomo tse mpe, tse otileng, di kwenya dikgomo tse ntle, tse nonneng. Jwale Faro a phaphama.
5A boela a kgaleha, a lora kgetlo la bobedi, mme a bona diqwapi tse supileng tsa koro, tse tenya, tse ntle, di mela lehlakeng le le leng. 6Kamora tseo ha mela tse supileng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela. 7Yaba diqwapi tse manneng di kwenya diqwapi tse tenya, tse nonneng. Faro a boela a phaphama, mme a hlokomela hore o a lora.
8Hoseng a tsoha moya wa hae o tshwenyehile; a re ho latwe dinohe tsohle tsa Egepeta, le bahlalefi bohle ba hona teng. Faro a ba phetela toro ya hae, empa ha se ke ha eba le ya mong ya ka mo hlalosetsang yona.
9Jwale moqhatsetsi e moholo a bua le Faro, a re: “Kajeno ke hopola diphoso tsa ka. 10Mohla Faro a neng a halefetse bahlanka ba hae, a na a nkenya tjhankaneng, tlung ya mookamedi wa balebedi ba tjhankana, ke ena le moapehi e moholo. 11Ka bosiu bo bong, rona le yena ra lora toro; e mong le e mong a lora toro ya hae, e nang le tlhaloso ya yona. 12Mohlankanyana wa Moheberu, eo e neng e le mosebeletsi wa mookamedi wa balebedi ba tjhankana, o ne a ena le rona. Ra mo phetela ditoro tsa rona, mme a re hlalosetsa tsona, a hlalosetsa e mong le e mong ho ya ka toro ya hae. 13Jwalokaha a ile a re hlalosetsa, ho ile ha etsahala jwalo; nna ke ile ka kgutlisetswa mosebetsing wa ka, mme moapehi yena o ile a fanyehwa.”
14Faro a re ho tliswe Josefa, mme ba phakisa ba mo ntsha tjhankaneng. Josefa a beola ditedu, a apara diaparo disele, yaba o tliswa kapele ho Faro.
15Faro a re ho Josefa: “Ke lorile toro, mme ha ho le ya mong ya ka e hlalosang, empa ke utlwile ho thwe wena ha o utlwa toro, o ye o e hlalose.”
16Josefa a arabela Faro, a re: “Hase nna; ke Modimo ya tla senolela Faro tse molemo.”
17Yaba Faro o re ho Josefa: “Bona, torong ya ka ke ne ke eme lebopong la noka. 18Ka bona dithole tse supileng, tse ntle, tse nonneng di nyoloha nokeng, di ntse di fula mohlakeng. 19Ka boela ka bona dithole tse ding tse supileng di di latela; di tsherema, di le mpe haholo, di otile. Naheng yohle ya Egepeta ha ke eso bone tse jwaloka tsona ka bobe. 20Dithole tse mpe, tse otileng, tsa kwenya dithole tsa pele tse supileng, tse nonneng, 21empa hoba di di kwenye ho ne ho sa bonahale hore di kile tsa di kwenya, hobane di nnile tsa sala di le mpe jwaloka pele. Yaba ke a phaphama.
22“Ka boela ka lora ke bona diqwapi tse supileng di mela lehlakeng le le leng, di le tenya, di le ntle. 23Ka bona hape diqwapi tse supileng, tse ponneng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela, di mela kamorao ho tsena. 24Yaba diqwapi tse manneng di kwenya tse supileng, tse ntle. Ke ile ka phetela dinohe, empa ha ho le se seng se ka ntlhalosetsang.”
25Yaba Josefa o re ho Faro: “Ditoro tsena tsa Faro ke ntho e le nngwe; Modimo o senoletse Faro seo a leng lekgatheng la ho se etsa.
26“Dikgomo tse supileng, tse ntle, ke dilemo tse supileng; le diqwapi tse supileng, tse ntle, ke dilemo tse supileng, mme toro tsena ke ntho e le nngwe. 27Dikgomo tse supileng, tse otileng, tse mpe, tse ileng tsa nyoloha kamora tsona, ke dilemo tse supileng; le diqwapi tse supileng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela, e tla ba dilemo tse supileng tsa tlala.
28“Ke sona seo ke se boleletseng Faro, ha ke re: ‘Modimo o bontshitse Faro seo a leng lekgatheng la ho se etsa.’
29“Bona, dilemo tse supileng tsa nala e kgolo di tla tla naheng yohle ya Egepeta. 30Kamorao ho tsona ho tla fihla dilemo tse supileng tsa tlala, mme nala yohle e tla lebalwa naheng ya Egepeta. Tlala ena e tla senya naha ena, 31mme nala e ke ke ya hlola e tsejwa naheng ena ka baka la tlala e tla latela, hobane e tla ba kgolo haholo.
32“Ho ipheta ha toro ena ya Faro ho bolela hore ntho ena Modimo o e tiisitse, mme haufinyane Modimo o tla e phethahatsa.
33“Jwale eka kgona Faro a batle monna ya bohlale, ya masene, a okamele naha ya Egepeta. 34Faro a ke a etse tjena: a kgethe baokamedi hodima naha ena, mme ba nke karolo e le nngwe ho tse hlano tsa kotulo ya naha ya Egepeta, dilemong tsena tse supileng tsa nala. 35Ba phuthe dijo tsohle tsa dilemo tsena tsa nala tse tlang, ba bokelle koro e be tlasa taolo ya Faro, mme ba e boloke, e tle e be dijo metseng. 36Dijo tseo di bolokelwe dilemo tse supileng tsa tlala e tla wela naha ya Egepeta, e le hore naha ena e se ke ya timetswa ke tlala.”
Josefa o etswa mmusi wa Egepeta
37Keletso ena ya kgahla Faro, ya kgahla le bahlanka ba hae bohle. 38Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: “Na re ka fumana monna ya kang eo; monna eo moya wa Modimo o leng teng ka ho yena?”
39Faro a re ho Josefa: “Kaha Modimo a o senoletse tsena tsohle, ha ho ya masene, le ya bohlale jwaloka wena. 40O tla okamela lelapa la ka.
“Setjhaba sa ka sohle se tla hlompha ditaelo tsa hao, mme nna ke tla o feta feela ka ho dula teroneng.”
41Faro a re ho Josefa: “Bona, ke o beile hodima naha yohle ya Egepeta.”
42Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng. 43A mo palamisa kariking e hlahlamang ya hae, mme batho ba howa, ba re: “Suthang!”
Ka mokgwa o jwalo a mmea hodima naha yohle ya Egepeta.
44Faro a re ho Josefa: “Ke nna Faro! Kantle ho tumello ya hao ha ho motho ya tla phahamisa letsoho kapa leoto naheng ya Egepeta.” 45Faro a rea Josefa lebitso la Safenate-Paniya, mme a mo nyadisa Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One. Josefa a ya lekola naha yohle ya Egepeta.
46Josefa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo ha a kena tshebeletsong ya Faro, kgosi ya Egepeta. Josefa a tloha ho Faro, a potoloha le naha yohle ya Egepeta.
47Ka dilemo tsena tse supileng tsa nala, lefatshe la eba le tjhai e kgolo, 48mme Josefa a bokella dijo tsohle tsa dilemo tseo tse supileng, tse neng di le teng naheng ya Egepeta, a di boloka metseng. Dijo tse tswang masimong a motse o mong le o mong a di boloka motseng oo. 49Josefa a bokella koro e ngata haholo, jwaloka lehlabathe la lewatle, ho fihlela a kgaotsa ho e bala, hobane e ne e ke ke ya balwa.
50Pele selemo sa tlala se fihla, Josefa a ba le bara ba babedi bao a ileng a ba tswallwa ke Asenate, moradi wa Potifera, moprista wa One. 51Josefa a rea letsibolo la hae lebitso la Manase, hobane o ne a re: “Modimo o ntebaditse matshwenyeho a ka wohle, le lelapa lohle la ntate.”
52Wa bobedi a mo rea lebitso la Efraime, hobane o ne a re: “Modimo o mphile bana lefatsheng la matshwenyeho a ka.”
53Yaba dilemo tsa nala, tse neng di le teng naheng ya Egepeta, di a feta, 54mme dilemo tse supileng tsa tlala tsa qala ho fihla jwalokaha Josefa a ne a boletse. Tlala ya eba teng dinaheng tsohle, empa naheng yohle ya Egepeta dijo di ne di le teng. 55Ha naha yohle ya Egepeta e se e lapa, setjhaba sa llela Faro hore a se fe dijo, mme Faro a re ho Baegepeta bohle: “Eyang ho Josefa, le etse seo a le bolellang sona.”
56Ha tlala e se e aparetse lefatshe lohle, Josefa a bula disiu tsohle, mme a rekisetsa Baegepeta koro, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Egepeta. 57Dinaha tsohle tsa tla Egepeta, ho Josefa, ho reka koro, kaha lefatshe lohle le ne le aparetswe ke tlala ya bojadikata.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 41: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy