YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 40

40
Josefa o hlalosa ditoro
1Ha tsena di se di fetile, moqhatsetsi wa kgosi ya Egepeta le moapehi wa yona ba kgopisa morena wa bona, kgosi ya Egepeta. 2Faro a halefela basebeletsi bao ba hae ba babedi, e leng moqhatsetsi e moholo, le moapehi e moholo, 3mme a ba bea tlung ya mookamedi wa balebedi, e ka tjhankaneng, moo Josefa a neng a kwaletswe teng. 4Mookamedi wa balebedi ba tjhankana a laela Josefa hore a ba sebeletse, a ba fepe, mme ba qeta nako e itseng ba ntse ba kwaletswe.
5Ka bosiu bo bong, ba neng ba kwaletswe tjhankaneng, e leng moqhatsetsi le moapehi wa kgosi ya Egepeta, bobedi ba bona ba lora ditoro; monna ka mong a lora toro ya hae, e nang le tlhaloso ya yona.
6Hoseng, ha Josefa a kena ka ho bona, a ba sheba, a bona ba tshwenyehile. 7Yaba o botsa basebeletsi bao ba Faro ba neng ba kwaletswe le yena tlung ya monga hae, o re: “Keng ha difahleho tsa lona di hlwentse kajeno?”
8Ba re ho yena: “Re lorile ditoro, me ha ho ya re hlalosetsang tsona.”
Josefa a re ho bona: “Na ditlhaloso hase tsa Modimo? Mpolelleng ditoro tseo, ke a le kopa.”
9Yaba moqhatsetsi e moholo o phetela Josefa toro ya hae, o re ho yena: “Torong ya ka ke bone sefate sa morara se le kapele ho nna, 10mme sefateng seo sa morara ho ne ho ena le makala a mararo. Yare ha se fuputsa, sa be se se se thunya hanghang, mme morara o butswa. 11Senwelo sa Faro se ne se le ka letsohong la ka; yaba ke nka morara, ke o tlhotlela ka senwelong seo sa Faro, ka se nea Faro letsohong.”
12Josefa a re ho yena: “Tlhaloso ya yona ke ena: Makala a mararo ke matsatsi a mararo. 13Kamora matsatsi a mararo Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o busetse mosebetsing wa hao, mme o tla nea Faro senwelo sa hae letsohong jwaloka pele, ha o ne o le moqhatsetsi wa hae. 14Feela o nne o nkgopole ha o se o lokolohile. Ke a o kopa, o ntswele molemo, o bue ka nna ho Faro, o nntshe tlung ena. 15Ruri nna ke utswitswe naheng ya Baheberu, mme le mona ha ke a etsa letho la hore ebe ba nkentse tjhankaneng.”
16Ha moapehi e moholo a bona hore tlhaloso eo e a thabisa, le yena a re ho Josefa: “Le nna ke ile ka lora toro. Ke ne ke rwetse diroto tse tharo tsa bohobe; 17serotong se kahodimodimo ho ne ho ena le mefuta yohle ya dijo tseo ke di apehetseng Faro, empa dinonyana di ne di di ja, di di ntsha ka serotong se hloohong ya ka.”
18Josefa a arabela, a re: “Tlhaloso ya yona ke ena: diroto tse tharo ke matsatsi a mararo. 19Kamora matsatsi a mararo, Faro o tla o ntsha tjhankaneng, a o kgaole hlooho, a o leketlise sefateng, mme dinonyana di tla ja nama ya hao.”
20Jwale ka letsatsi la boraro, leo e neng e le letsatsi la tswalo ya Faro, Faro a etsetsa bahlanka ba hae bohle mokete. A ntsha moqhatsetsi e moholo le moapehi e moholo tjhankaneng, moo bahlanka ba hae ba ntseng ba bona. 21A busetsa moqhatsetsi e moholo mosebetsing wa hae wa boqhatsetsi, mme a nea Faro senwelo letsohong, 22empa Faro a fanyeha moapehi e moholo jwalokaha Josefa a ne a ba hlaloseditse.
23Moqhatsetsi e moholo a se ke a hlola a hopola Josefa, a mo lebala.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 40: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy