YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 39

39
Josefa o a lekwa
1Josefa a theolelwa Egepeta. Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi, monna wa Moegepeta, a mo reka ho Baishemaele ba neng ba mo tlisitse moo.
2Morena a ba le Josefa, ya eba monna ya nang le katleho, a phela tlung ya monga hae wa Moegepeta. 3Monga hae a bona hore Morena o na le yena, le hore o atlehisa tsohle tseo a di etsang. 4Monga Josefa a mo hauhela, mme Josefa a mo sebeletsa. Monga hae a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le molaodi wa tsohle tseo a nang le tsona. 5Ho tloha ka nako eo monga hae a neng a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le wa tsohle tseo a nang le tsona, Morena a hlohonolofatsa lelapa la Moegepeta eo, ka baka la Josefa; mahlohonolo a Morena a ba hodima tsohle tseo a nang le tsona, lapeng le masimong. 6Yaba tsohle tseo a nang le tsona o di bea taolong ya Josefa, mme ha a ntse a ena le yena a se ke a tshwenngwa ke letho, haese feela ho itjella. Josefa o ne a le motle, a kgahleha.
7Kamora tsena mosadi wa monga hae a lakatsa Josefa, mme a re ho yena: “Robala le nna!”
8Empa Josefa a hana, a re ho mosadi wa monga hae: “Bona, monga ka ha a tshwenngwe ke letho ha ke le teng, tlung mona, mme tsohle tseo a nang le tsona o di beile matsohong a ka. 9Tlung ena ha a moholo ho nna; hape ha ho letho leo a nkganelang ka lona, haese wena, hobane o mosadi wa hae. Jwale nka etsa bokgopo bo bokaalo jwang, ka sitelwa Modimo?” 10Le hoja mosadi a nnile a bua le Josefa ka matsatsi wohle, ha a a ka a mo mamela, leha e le ho robala le yena, kapa le ho ba le yena.
11Ka tsatsi le leng Josefa a kena ka tlung ho etsa mosebetsi wa hae, mme ka tlung eo ho ne ho se na le ya mong wa bahlanka ba lelapa leo. 12Mosadi eo a mo tshwara ka seaparo sa hae, a re: “Robala le nna!” Empa Josefa a siya seaparo sa hae matsohong a mosadi, a balehela kantle.
13Yare ha mosadi a bona hore o siile seaparo sa hae matsohong a hae, o balehetse kantle, 14a howeletsa bahlanka ba lelapa la hae, a re ho bona: “Bonang, Potifaro o re tliseditse Moheberu ho tla re hlompholla! O kene ka ho nna ka mona ho tla robala le nna, yaba ke howeletsa ka lentswe le phahameng! 15Ha a utlwa ke phahamisa lentswe, ke howeletsa, a siya seaparo sa hae ho nna, a balehela kantle.”
16Yaba o bea seaparo seo sa Josefa pela hae, ho fihlela monga hae a fihla lapeng. 17A mmolella wona mantswe ao, a re: “Mohlanka enwa wa Moheberu, eo o re tliseditseng yena, o ile a kena ka ho nna ho tla mpeta, 18empa eitse hanghang ha ke phahamisa lentswe, ke howeletsa, a siya seaparo sena ho nna, a balehela kantle.”
19Yare ha monga hae a utlwa dipolelo tsena tsa mosadi wa hae, tseo a di buang ho yena, tse reng: “Mohlanka wa hao o nkentse tjena le tjena,” kgalefo ya hae ya tlokoma. 20Monga Josefa a mo nka, a mo kenya tjhankaneng, sebakeng seo batshwaruwa ba kgosi ba neng ba kwallwa ho sona, mme a ba moo tjhankaneng.
21Empa Morena a ba le Josefa, a mo hauhela, a etsa hore mookamedi wa tjhankana a mo rate. 22Mookamedi wa tjhankana a bea batshwaruwa bohle ba tjhankaneng tlasa taolo ya Josefa, mme tsohle tse etswang moo di ne di etswa ka taelo ya Josefa. 23Mookamedi wa tjhankana o ne a se a sa itshwenye ka letho le taolong ya Josefa, hobane Morena o ne a ena le yena, mme tsohle tseo a neng a di etsa Morena o ne a di atlehisa.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 39: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy