YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 35

35
Jakobo o kgutlela Bethele
1Modimo a re ho Jakobo: “Tsamaya, o nyolohele Bethele, o yo aha teng; teng o hahele Modimo aletare, Modimo ya iponahaditseng ho wena, ha o ne o baleha moholwane wa hao Esau.”
2Jakobo a re ho ba lelapa la hae le ho bohle ba neng ba ena le yena: “Tlosang medimo esele e teng hara lona, le itlhwekise, le apare diaparo disele, tse hlwekileng. 3Jwale re yeng, re nyoloheleng Bethele, mme teng ke tla hahela Modimo aletare, yena ya ileng a nkarabela matsatsing a mahlomola a ka, ya bileng le nna maetong wohle a ka.” 4Ba nea Jakobo medimo esele kaofela ha yona, le masale a neng a le ditsebeng tsa bona; tsena tsohle Jakobo a di tjhekela tlasa sefate sa eike, pela Shekeme. 5Yaba ba tswela pele leetong la bona, Modimo a kenya tshabo e kgolo metseng eo ba neng ba feta ho yona, hoo baahi ba yona ba sa kang ba futuhela bara ba Jakobo.
6Jakobo le batho bohle ba neng ba ena le yena ba fihla Lose, e leng Bethele e naheng ya Kanana. 7A haha aletare hona teng, mme sebaka seo a se rea lebitso la Modimo wa Bethele, hobane ke moo Modimo a ileng a iponahatsa ho yena teng, ha a ne a baleha ngwanabo Esau.
8Yaba Debora, mohodisi wa Rebeka, o a hlokahala; a epelwa tlasa sefate sa eike, tlase ho Bethele, mme sebaka seo sa rewa lebitso la Eike ya Dillo.
Modimo o iponahatsa ho Jakobo hape
9Modimo a boela a iponahatsa ho Jakobo, hoba a kgutle Padane-Arame, mme a mo hlohonolofatsa. 10A re ho yena: “Lebitso la hao o Jakobo; feela ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele,” mme a mo rea lebitso la Iseraele.
11Modimo a re ho yena: “Ke nna Modimo ya matla wohle: Ata, o ngatafale; ho wena ho tla tswa setjhaba, sehlopha sa ditjhabatjhaba, mme o tla tswala dikgosi. 12Naha eo ke e neileng Aborahama le Isaka, ke tla o nea yona, wena le ditloholo tsa hao.” 13Jwale Modimo a nyoloha, a mo siya sebakeng seo a neng a bue le yena a le ho sona.
14Jakobo a hloma mokolokotwane wa lejwe moo Modimo a neng a bue le yena teng; a tshela seno sa nyehelo hodima wona, a ba a o tshela ka ole. 15Sebaka sena seo Modimo a neng a bua le yena a le ho sona, Jakobo a se rea lebitso la Bethele.
Lefu la Ragele
16Yaba ba tloha Bethele, mme yare ba se ba le haufinyana le ho fihla Eferata, Ragele a tshwarwa ke mahlaba a pelehi, mme a thatafallwa. 17Ha a ntse a thatafaletswe ke pelehi, mmelehisi a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane o tla tswala mora e mong hape.” 18Empa yare ha a le lekgatheng la ho neela moya, hobane o ile a shwa, a rea mora eo lebitso la Bene-Oni, empa ntatae a mo rea lebitso la Benjamine.
19Ragele a shwa, mme a epelwa tseleng e lebang Eferata, e leng Betlelehema. 20Lebitleng la hae Jakobo a haha sefika; ke sefika sa lebitla la Ragele se ntseng se le teng le kajenoya-bokajeno.
21Iseraele a tswela pele leetong la hae, a hloma tente ya hae ka nqane ho Tora ya Dinku. 22Ha Iseraele a ntse a ahile naheng eo, Rubene a ya robala le Bileha, mosadi wa ntatae wa lefielo, mme Iseraele a tseba taba eo.
Jakobo o ne a ena le bara ba leshome le metso e mmedi kaofela.
23Bara ba Lea ke: Rubene, letsibolo la Jakobo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sabulone.
24Bara ba Ragele ke Josefa le Benjamine.
25Bara ba Bileha, lekgabunyane la Ragele, ke Dane le Nafthali.
26Bara ba Silepa, lekgabunyane la Lea, ke Gade le Ashere.
Bana ke bara ba Jakobo bao a ba tswetseng ha a le Padane-Arame.
27Jakobo a fihla ho ntatae Isaka, ha a le Mamore, motseng wa Kiriate-Areba, e leng Heborone, moo Aborahama le Isaka ba neng ba jakile teng. 28Ditshiu tsa ho phela ha Isaka e bile dilemo tse lekgolo le mashome a robedi. 29Yaba Isaka o neela moya, a shwa, a orohela ho ba habo, a hodile, a atetswe ke ditshiu, mme bara ba hae, Esau le Jakobo, ba mo epela.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 35: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy