YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 34

34
Shekeme o beta Dina
1Jwale Dina, moradi wa Lea, eo a mo tswaletseng Jakobo, a tjhakela barwetsana ba naha eo. 2Ha Shekeme, mora wa Hamore wa Mohife, kgosana ya naha eo, a mmona, a mo tshwara, a mmeta, a mo hlompholla. 3Pelo ya Shekeme ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo; a rata mosetsana eo, mme a bua le yena hamonate, a leka ho hapa pelo ya hae. 4Yaba Shekeme o bua le ntatae Hamore, o re: “Nkopele morwetsana enwa e tle e be mosadi wa ka.”
5Jakobo a utlwa hore Shekeme o tlontlolotse moradi wa hae, Dina. Kaha bara ba hae ba ne ba le mehlapeng, naheng, Jakobo a kgutsa ho fihlela ba fihla.
6Hamore, ntata Shekeme, a ya ho buisana le Jakobo. 7Ha bara ba Jakobo ba kgutla naheng, ba utlwa taba ena. Banna bana ba tlalwa ke dipelo, ba halefa haholo, hobane Shekeme o ne a tlisitse manyala Iseraeleng, ka ho beta moradi wa Jakobo, e leng ntho e sa tshwaneleng ho etswa.
8Yaba Hamore o bua le bona, o re: “Moya wa mora wa ka Shekeme o labalabela moradi wa hao; ke a le rapela, mo neeng yena e be mosadi wa hae. 9A re nyallaneng; re neeng baradi ba lona, mme le lona le inkele baradi ba rona. 10Le tla ahisana le rona, le phele moo le ratang teng naheng ena; le ahe ho yona, le hwebe ho yona, mme le rue ka yona.”
11Shekeme a re ho ntata morwetsana le ho dikgaitsedi tsa hae: “Nkgauheleng, mme eng kapa eng eo le e batlang ho nna le tla e fumana. 12Ereng ke ntshe bohadi bo bongata le dimpho tse ngata, mme ke tla le nea kamoo le batlang kateng, ha feela le ka mpha mosetsana hore e be mosadi wa ka.”
13Bara ba Jakobo ba arabela Shekeme le ntatae Hamore ka mano, hobane o ne a ile a silafatsa kgaitsedi ya bona, Dina. 14Ba re ho yena: “Re ke ke ra etsa ntho e kang ena, ra nea kgaitsedi ya rona leqai, hobane hoo ho ka re tlontlolla. 15Re ka dumela feela haeba le dumela ho ba jwaloka rona: e mong le e mong wa lona e motona a bolotswe. 16Jwale ke hona re ka le neang baradi ba rona, le rona ra inkela baradi ba lona, ra aha le lona, ra ba setjhaba se le seng. 17Empa haeba le sa re mamele, mme le sa bolle, re tla nka kgaitsedi ya rona, re tsamaye.”
18Dipolelo tsa bona tsa thabisa Hamore le mora wa hae Shekeme. 19Mohlankana a se ke a ba a dieha ho phetha taba eo, hobane o ne a kgahlilwe ke moradi wa Jakobo. Shekeme o ne a hlomphuwa ho feta bohle lapeng labo.
20Yaba Hamore le mora wa hae Shekeme ba fihla kgorong ya motse wa habo bona, ba bua le batho ba motse oo, ba re: 21“Batho bana ke batho ba kgotso; a re ba dumelleng ho aha le ho hweba naheng ena. Naha ena e kgolo, e ka ba lekana; a re nyallaneng le bona. 22Banna bana ba ka dumela ho aha le rona, hore e be setjhaba se le seng le rona, ha feela e mong le e mong e motona wa rona a ka bolotswa, jwalokaha le bona ba bolotse. 23Na dikgomo tsa bona, le maruo a bona, le diphoofolo tsohle tsa bona, ha e na ho ba tsa rona? Rona a re dumellaneng feela le bona, mme ba tla aha le rona.”
24Banna bohle ba motse ba mamela Hamore le mora wa hae Shekeme, mme banna bohle ba motse ba bolotswa.
Boiphetetso ba Simeone le Levi
25Ka letsatsi la boraro, ha batho bana ba ntse ba petla, bara ba babedi ba Jakobo, Simeone le Levi, dikgaitsedi tsa Dina, ba nka disabole tsa bona, ba futuhela motse lesumatha, ba bolaya bohle ba batona. 26Ba bolaya Hamore le mora wa hae Shekeme ka sabole, mme ba ntsha Dina ka tlung ya Shekeme, ba itsamaela. 27Bara ba Jakobo ba fihla ho ba bolailweng, ba hapa matlotlo a motse wohle, kaha kgaitsedi ya bona e ne e tlontlollotswe. 28Ba nka mehlape ya bona ya dinku, le ya dikgomo, le ditonki tsa bona, le tsohle tse neng di le motseng le naheng. 29Ba hahara le maruo a bona wohle, le bana ba bona le basadi ba bona bohle; le tsohle tse neng di le ka matlung a bona ba di hapa, ya eba thepa ya bona.
30Yaba Jakobo o re ho Simeone le Levi: “Le ntliseditse tsietsi ka ho ntlhobohanya le baahi ba naha ena, e leng Bakanana le Baperise. Palo ya batho ba ka e a fokola, mme haeba ba ka ikopanya, ba ntwantsha, nna le ba ntlo ya ka re tla timetswa.”
31Empa bona ba re: “A etse kgaitsedi ya rona jwalokaha eka ke seotswa?”

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 34: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy