YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 31

31
1Jakobo a utlwa dipuo tsa bara ba Labane, tse reng: “Jakobo o nkile tsohle tseo e neng e le tsa ntata rona, mme leruo lena lohle o le fumane ka tse tswang ho ntata rona.” 2Jakobo a tadima sefahleho sa Labane, mme a bona hore ha se sa le jwaloka maoba le maobane.
3Yaba Morena o re ho Jakobo: “Kgutlela naheng ya bo-ntatao le ho bang ka wena, mme ke tla ba le wena.”
4Jwale Jakobo a romela hore a bitsetswe Ragele le Lea, ba tle naheng, mohlapeng wa hae, 5mme a re ho bona: “Ke bona hore sefahleho sa ntata lona ha se sa le jwaloka maoba le maobane. Empa Modimo wa ntate o nnile a ba le nna. 6Le a tseba hore ke sebeleditse ntata lona ka matla a ka wohle; 7feela ntata lona o nqhekanyeditse, mme ka makgetlo a leshome a fetola moputso wa ka. Empa Modimo ha a a ka a mo dumella ho nketsetsa bokgopo. 8Ha a ne a re: ‘Moputso wa hao e tla ba tse rolo, le tse tshasana’; mohlape wohle o ne o ye o tswale tse rolo, le tse tshasana, mme ha a ne a re: ‘Moputso wa hao e tla ba tse phatshwana, le tse thoboshana’; mohlape wohle o ne o ye o tswale tse phatshwana, le tse thoboshana. 9Modimo o amohile ntata lona diphoofolo tsa hae, mme a nnea tsona.
10“Ka nako eo mohlape o nehelwang ka yona, eitse ha ke phahamisa mahlo, ka bona torong hore diphooko tse neng di tlolela mohlape e ne e le tse rolo le tse phatshwa, le tse putswa.
11“Lengeloi la Morena la re ho nna torong: ‘Jakobo!’
“Ka re: ‘Ke nna enwa!’
12“Yaba le re: ‘Phahamisa mahlo, o bone; diphooko tsohle tse tlolelang mohlape ke tse rolo, le tse phatshwa, le tse putswa, hobane ke bone tsohle tseo Labane a di etsang ho wena. 13Ke nna Modimo wa Bethele, mane moo o neng o tshele mokolokotwane ka ole, mme wa nketsetsa kano teng. Jwale tsamaya, o tlohe naheng ena, mme o kgutlele naheng eo o tswaletsweng ho yona.’ ”
14Yaba bo-Ragele le Lea ba arabela, ba re: “Na re sa na le seabo le lefa tlung ya ntata rona? 15Na ha a ya re nka re se re le baditjhaba? O re rekisitse, mme o jele dikgomo tsa bohadi ba rona! 16Maruo wohle ao Modimo a a amohileng ntata rona, ke a rona le a bana ba rona. Jwale etsa tsohle tseo Modimo a o boleletseng tsona.”
17Yaba Jakobo o a ema, o palamisa bana ba hae, le basadi ba hae dikameleng. 18A kganna diphoofolo tsa hae kaofela, a nka le thepa ya hae yohle, eo a e sebeleditseng, le leruo la diphoofolo leo a le fumaneng Padane-Arame, a kgutlela ho ntatae Isaka, naheng ya Kanana.
19Ha Labane a ilo kuta dinku tsa hae, Ragele a utswa medimo ya lelapa la ntatae. 20Jakobo a thobela Labane wa Moarame, hobane o ne a sa ka a mmolella hore o lekgatheng la ho tsamaya. 21A baleha le tsohle tsa hae, mme ha a tloha a tshela noka ya Euferatese, a leba thabeng ya Gileade.
Labane o lelekisa Jakobo
22Ka letsatsi la boraro Labane a tsebiswa hore Jakobo o balehile. 23Yaba o nka bana babo, o lelekisa Jakobo ka matsatsi a supileng, mme a fihla ho yena thabeng ya Gileade. 24Empa Modimo a fihla ho Labane wa Moarame ka toro, bosiu, a re ho yena: “Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.”
25Labane a fihla ho Jakobo, moo Jakobo o hlomileng tente ya hae thabeng, mme Labane le bana babo le bona ba hloma ditente tsa bona thabeng ya Gileade. 26Yaba Labane o re ho Jakobo: “O entseng, ha o nthobetse tjee, mme o nkile baradi ba ka jwalokaha eka ba hapilwe ntweng? 27Ke hobaneng ha o balehile ka lenyele, o nthobetse, mme o sa ka wa ntsebisa, athe nka be ke o feleheditse ka thabo le ka dipina, le ka meropa le ka harepa? 28Ke hobaneng o sa mphang sebaka sa hore nke ke ake bara ba ka le baradi ba ka? Ruri o sebeditse ka bothoto. 29Ke na le matla a ho o etsa hampe, empa ka bosiu bo fetileng Modimo wa ntatao o ile a bua le nna, a re: ‘Hlokomela, o se ke wa buisa Jakobo hantle kapa hampe.’ 30Jwale ha o tsamaile, hobane o ne o se o hlolohetswe lelapa leno, medimo ya ka yona o e utsweditseng?”
31Jakobo a araba, a re ho Labane: “Ke hobane ke ne ke tshaba, ke hopola hore o tla nkamoha baradi ba hao ka dikgoka. 32Mang kapa mang eo medimo ya hao e tla fumanwa ho yena, a ke ke a phela. Batla seng seo sa hao, moo bana babo rona ba ntseng ba bona, o se nke!” Jakobo o ne a sa tsebe hore Ragele o utswitse medimo eo.
33Labane a kena ka tenteng ya Jakobo, le ka tenteng ya Lea, le ka tenteng ya makgabunyane a mabedi, empa a se ke a fumana medimo eo. A tswa ka tenteng ya Lea, a kena ka tenteng ya Ragele. 34Ragele o ne a nkile medimo ya ntatae, a e beile katlasa qhana ya kamele mme a dutse hodima yona. Labane a phenya hohle ka tenteng, empa a se ke a e fumana.
35Yaba Ragele o re ho ntatae: “Morena ka, o se ke wa nkgalefela, ha e le mona ke sitwa ho ema kapele ho wena, hobane ke ile dinakong tsa ka.” Labane a batla, empa a se ke a fumana medimo ya lelapa la hae.
36Jwale Jakobo a halefa, a omanya Labane. Jakobo a re ho Labane: “Molato wa ka ke ofe? Sebe sa ka ke sefe, ha e le moo o ntelekisa ka matla tjee? 37Ha e le moo o phentse diphahlong tsa ka tsohle, o fumane eng ya diphahlo tsa hao? E bee mona, kapele ho bana beso le bana beno, e le hore ba tle ba re ahlolele.
38“Ka dilemo tsena tse mashome a mabedi tseo ke bileng le wena ka tsona, dinku tsa hao le dipodi tsa hao ha di a ka tsa folotsa, mme ha ke eso ka ke itjella dipheleu tsa mohlape wa hao. 39Ha ke a ka ka o tlitsetsa tse harotsweng ke dibatana; tseo e ile ya eba tse senyehetseng nna, hobane o ile wa di batla matsohong a ka, ebang di ne di utswitswe motsheare kapa bosiu. 40Motsheare letsatsi le ne le ntjhesa, bosiu ke hatsela, mme ke hlobaela. Ke seo ke neng ke le sona. 41Ka lemo tsena tse mashome a mabedi ke bile ka tlung ya hao; ka tse leshome le metso e mene tsa tsona ka sebeletsa ho fumana baradi ba hao ba babedi, mme ka lemo tse tsheletseng ka sebeletsa mehlape ya hao. Ka makgetlo a leshome o ile wa fetola moputso wa ka. 42Hoja Modimo wa ntate, Modimo wa Aborahama, ya tshajwang ke Isaka, ha a a ka a ba lehlakoreng la ka, ruri jwale o ka be o ntokolotse ke itlhophere! Modimo o ile a bona matshwenyeho a ka, le mosebetsi wa diatla tsa ka, mme a o kgalemela bosiung bo fetileng.”
43Yaba Labane o a araba, o re ho Jakobo: “Baradi bana ke baradi ba ka, bana bana ke bana ba ka, le mohlape ona ke mohlape wa ka, mme le tsohle tseo o di bonang ke tsa ka. Empa kajeno nka etsang ho baradi ba ka, le ho bana bao ba ba tswetseng? 44Tloo jwale, re etse selekane le wena, mme e be bopaki pakeng tsa rona le wena.”
45Jakobo a nka lejwe, a hloma mokolokotwane. 46Yaba Jakobo o re ho bana babo: “Bokellang majwe!” Ba nka majwe ba etsa qubu, mme ba jella qubung eo. 47Labane a re qubu eo ke Jegare-Sahaduta, empa Jakobo yena a e bitsa Galede.
48Labane a re: “Qubu ena ke paki pakeng tsa rona le wena kajeno.” Ka lebaka leo a e bitsa Galede, 49mme mokolokotwane a o bitsa Misepa, hobane o ile a re: “Morena a lebele pakeng tsa rona le wena, ha re se re arohane. 50Haeba o ka hlorisa baradi ba ka, kapa haeba o ka inkela basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, le hoja ho se na motho ya nang le rona, bona, Modimo ke paki pakeng tsa rona le wena.”
51Yaba Labane o re ho Jakobo: “Bona qubu ena le mokolokotwane ona, oo ke o beileng pakeng tsa rona le wena. 52Qubu ena ke paki, le mokolokotwane ona ke paki ya hore nke ke ka feta mokolokotwane ona, le wena o ke ke wa feta mokolokotwane ona ho tla ntwantsha. 53Modimo wa Aborahama, le Modimo wa Nakore, le Modimo wa bo-ntata bona, a re ahlolele.”
Jwale, Jakobo a hlapanya ka Ya Tshajwang ke ntatae Isaka. 54Jakobo a etsa sehlabelo thabeng, a bitsa bana babo ho tla ja; yaba ba ja, ba robala thabeng.
55Labane a tsoha ka madungwadungwana, a aka ditloholo tsa hae, le baradi ba hae, a ba hlohonolofatsa, yaba o a tsamaya, o kgutlela ha hae.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 31: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy