YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 30

30
1Yare ha Ragele a bona hore ha a tswalle Jakobo bana, a honohela ngwanabo, mme a re ho Jakobo: “Mphe bana, ho seng jwalo ke tla shwa!”
2Jakobo a halefela Ragele haholo, mme a re: “Na nna ke Modimo, yena ya o entseng nyopa?”
3Ragele a re: “Bileha, lekgabunyane la ka, ke enwa. Kena dikobong tsa hae, e le hore a tle a ntswalle bana ba lengwele, hore ke be le bana ka yena.”
4Yaba o nea Jakobo lekgabunyane la hae Bileha hore e be mosadi wa hae. 5Bileha ya eba moimana, a tswalla Jakobo mora. 6Jwale Ragele a re: “Modimo o nkahloletse, ebile o utlwile thapelo ya ka, mme o mphile mora.” Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane.
7Bileha, lekgabunyane la Ragele, ya boela ya eba moimana, mme a tswalla Jakobo mora wa bobedi. 8Jwale Ragele a re: “Ke lwanne dintwa tse matla le ngwaneso, mme ke hlotse.” Yaba o mo rea lebitso la Nafthali.
9Ha Lea a bona hore a ke ke a hlola a beleha, a nka lekgabunyane la hae Silepa, mme a le nea Jakobo hore e be mosadi wa hae. 10Jwale Silepa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora. 11Lea a re: “Hona ke lehlohonolo!” Yaba o mo rea lebitso la Gade.
12Silepa, lekgabunyane la Lea, a tswalla Jakobo mora wa bobedi. 13Lea a re: “Nna ke lehlohonolo. Basadi ba tla mpitsa ya lehlohonolo!” Yaba o mo rea lebitso la Ashere.
14Ka nako eo ho kotulwang koro ka yona, Rubene a fumana ditholwana tsa moratiso masimong, mme a di tlisetsa mmae Lea. Jwale Ragele a re ho Lea: “Ako mphe hle, tse ding tsa ditholwana tsa moratiso tsa mora wa hao.”
15Empa Lea a re ho yena: “Na ke ntho e nyenyane ha o nkile monna wa ka, mme jwale o rata ho nka le ditholwana tsa moratiso tsa mora wa ka?”
Ragele a araba, a re: “E, a ka nna a robala le wena bosiung bona, ha o ka mpha ditholwana tsa moratiso tsa mora wa hao.”
16Mantsiboya, ha Jakobo a kgutla masimong, Lea a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho yena: “O tshwanetse ho tla robala le nna bosiung bona, hobane ke o rekile ka ditholwana tsa moratiso, tsa mora wa ka.” Yaba o robala le yena bosiung boo.
17Modimo a mamela Lea, ya eba moimana, mme a tswalla Jakobo mora wa bohlano. 18Lea a re: “Modimo o mphile moputso wa ka, hobane ke ile ka nea monna wa ka lekgabunyane la ka.” A mo rea lebitso la Isakare.
19Lea ya eba moimana hape, mme a tswalla Jakobo mora wa botshelela. 20Jwale Lea a re: “Modimo o mphile mpho e ntle, mme kajeno monna wa ka o tla dula ha ka, hobane ke mo tswaletse bara ba tsheletseng.” Yaba o rea mora eo lebitso la Sebulone. 21Kamora mona a tswala moradi, a mo rea lebitso la Dina.
22Modimo a hopola Ragele, a mo mamela, a mo fa thari. 23Ragele ya eba moimana, a tswala mora, mme a re: “Modimo o tlositse sekgobo sa ka.” 24A rea mora enwa lebitso la Josefa, a re: “Morena a ke a nkekeletse mora e mong!”
Leruo la Jakobo
25Ragele ha a se a tswetse Josefa, Jakobo a re ho Labane: “Ntokolle, ke ye haeso, naheng ya heso. 26Nnee basadi ba ka le bana ba ka, bao ke o sebeleditseng ho ba fumana, mme o ntokolle ke tsamaye, hobane o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng.”
27Empa Labane a re ho yena: “Ako nkgauhele, hobane ke lemohile hore Morena o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.” 28A ba a re: “Bolela moputso oo o o batlang, mme ke tla o nea wona.”
29Jakobo a re ho Labane: “Wena o tseba kamoo ke ileng ka o sebeletsa kateng, le kamoo ke atlehisitseng mehlape ya hao kateng. 30Pele ke fihla o ne o ena le dintho tse seng kae, empa jwale di eketsehile, ke mehlapehadi, mme Morena o o hlohonolofaditse ka tsohle, hohle moo ke neng ke eya teng. Jwale nna ke tla sebeletsa lelapa la ka neng?”
31Labane a re: “Ke o nee eng?”
Jakobo a re: “O se ke wa nnea letho; haeba o ka nketsetsa ntho ena, ke tla boela ke dise mohlape wa hao hape, ke o baballe. 32Ke tla hlahloba mohlape wohle wa hao kajeno, ke kgethe dinku tsohle tse tshasana, le tse thoboshana, le dikonyana tsohle tse ntsho, le dipodi tse rolo le tse pudutswana. Tseo he, e tla ba tsona moputso wa ka. 33Ho tshepahala ha ka ho tla bonahala kamoso, ha o etla hore re hlahlobisane tsa moputso wa ka. Dipodi tsohle tse seng rolo, le dikonyana tse seng ntsho, ha di ka fumanwa mohlapeng wa ka, e tla ba ke di utswitse.”
34Yaba Labane o re: “Ke hantle! Ha ho be jwalokaha o bolela.”
35Ka lona letsatsi leo Labane a kgetha diphooko tsohle tse rolo le tse putswa, le dipodi tsohle tse rolwana le tse pudutswana le tsohle tse phatshwana, le dikonyana tsohle tse ntsho, a di siya matsohong a bara ba Jakobo. 36Tsa kgannwa ho iswa sebakeng se lekanang le leeto la matsatsi a mararo, ho tloha moo yena le Jakobo ba neng ba le hona teng, mme Jakobo a disa mehlape ya Labane e setseng.
37Jakobo a nka dithutswana tse tala tsa difate tsa popoliri, le tsa perekisi, le tsa sefate sa hoki, a di ebola, a di etsa metaka e mesweu, mme a hlahisa bosweu bo ho tsona. 38A bea dithutswana tseo a di ebotseng kapele ho mehlape ka dinwellong tsa metsi, moo mehlape e palesitseng e nwelang teng. 39Mehlape ya emara ha e le pela dithutswana, ya tswala tse mebalabala: tse rolo, le tse pudutswana, le tse tshasana, le tse thoboshana.
40Jakobo a kgetha dikonyana, empa a etsa hore diphatla tsa mohlape wa Labane, wa tse ntsho, di tadimane le mohlape wa tse tshasana. Yaba o kgethela mohlape wa hae kathoko, a se ke a o kopanya le mohlape wa Labane.
41Jakobo o ne a ye nehele ha mohlape o kgotshe, a bee dithutswana kapele ho mohlape, ka dinwellong, hore di tle di emare di le kapele ho dithutswana. 42Empa ha mehlape e fokotse, o ne a sa bee dithutswana, mme tse tswalwang di fokotse e ne e eba tsa Labane, athe tse matlafetseng e ne e eba tsa Jakobo. 43Ka mokgwa o jwalo Jakobo a rua ka ho fetisisa, mme a ba le mehlape e mengata, le makgabunyane, le bahlanka, le dikamele, le ditonki.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 30: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy