YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 24

24
Isaka o nyala Rebeka
1Aborahama o ne a se a tsofetse, a atetswe ke ditshiu, mme Morena o ne a mo hlohonolofaditse dinthong tsohle. 2Jwale Aborahama a re ho mohlanka wa hae, ya sebeditseng tlung ya hae halelele ho feta bohle, ya neng a okamela tsohle tseo a nang le tsona: “Ako bee seatla sa hao katlasa serope sa ka, 3ke tle ke o hlapantshe ka Morena, Modimo wa lehodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke ahileng hara bona, 4empa o tla ya naheng ya heso, le ho bang ka nna, mme o nkele mora wa ka Isaka, mosadi teng.”
5Yaba mohlanka o re ho yena: “Mohlomong mosadi eo a ke ke a dumela ho tla le nna naheng ena; na jwale ke tla tshwanela ho kgutlisetsa mora wa hao naheng eo o tswang ho yona na?”
6Aborahama a re ho yena: “Hlokomela hore o se ke wa kgutlisetsa mora wa ka moo. 7Morena, Modimo wa lehodimo, ya ileng a ntlosa tlung ya ntate le naheng eo ke ileng ka tswallwa ho yona, o ne a bue le nna, mme a ntlhapanyetsa, a re: ‘Ditloholo tsa hao ke tla di nea naha ena.’ Ke yena ya tla romela lengeloi la hae ho o etella pele, mme o tla nkela mora wa ka mosadi hona teng. 8Empa haeba mosadi eo a sa rate ho tla le wena, e tla ba wena o lokolohile kanong ena eo o nketseditseng yona; feela ha e le mora wa ka, o se ka wa mo kgutlisetsa moo.” 9Yaba mohlanka o bea seatla sa hae katlasa serope sa Aborahama, monga hae, mme a mo hlapanyetsa tabeng ena.
10Jwale mohlanka a nka dikamele tse leshome dikameleng tsa monga hae, mme a tsamaya a nkile mefuta yohle ya dintho tsa bohlokwa tsa monga hae. A ya Mesopotamia, motseng wa Nakore. 11A kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba, mantsiboya, e leng nako eo basadi ba kgang metsi ka yona.
12Yaba o re: “Morena Modimo wa monga ka Aborahama, ako nkatlehise kajeno, ke a o rapela, o hauhele monga ka Aborahama. 13Bona, ke eme pela sediba, mme baradi ba batho ba motse ona ba tla tla ho kga metsi. 14Ho ke ho etsahale hore morwetsana eo ke tla re ho yena: ‘Ako role nkgo ya hao ke nwe,’ ebe o re ho nna: ‘Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao,’ e be yena eo o mo kgethetseng mohlanka wa hao Isaka. Ka hona ke tla tseba hore o hauhetse monga ka.”
15Yare a eso qete ho bua, Rebeka, moradi wa Bethuele ya tswetsweng ke Mileka, mosadi wa Nakore, moena wa Aborahama, a hlaha a beile nkgo lehetleng. 16Morwetsana enwa o ne a le motle haholo, a eso dihuwe letswele. A theohela sedibeng, a tlatsa nkgo ya hae, a nyoloha.
17Yaba mohlanka o mathela ho yena ho mo kgahlanyetsa, o re: “Ke a o rapela, ako mphe metsinyana nkgong ya hao ke nwe.”
18Morwetsana a re: “Nwa, monghadi,” mme a phakisa a theola nkgo ya hae lehetleng, a mo nwesa.
19Ha morwetsana a qetile ho mo fa metsi hore a nwe, a re: “Ke tla kgella le dikamele tsa hao, ho fihlela le tsona di kgotswe.” 20A phakisa a tshollela metsi a ka nkgong ya hae senwellong sa diphoofolo, a boela a mathela sedibeng ho kga metsi, mme a kgella dikamele tsa hae kaofela. 21Monna eo a mo shebisisa a kgutsitse, ho ithuta hore na Morena o atlehisitse leeto la hae kapa tjhe.
22Yare hoba dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta le etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo, le dipetja tsa kgauta tse pedi tsa matsohong, tse etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome. 23Yaba o re: “O moradi wa mang? Ako mpolelle hle. Na tlung ya ntatao re ka fumana sebaka sa ho robala?”
24Morwetsana a mo araba, a re: “Ke moradi wa Bethuele, ya tswetsweng ke Mileka, le Nakore.” 25A boela a re ho yena: “Re na le seteroi le furu e lekaneng, le moo le ka robalang teng.”
26Yaba monna eo o a inama, o kgumamela Morena, 27o re: “Ho bokwe Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya sa kang a lebala mohau wa hae le botshepehi ba hae ho monga ka. Ha e le nna, Morena o ntsamaisitse tseleng e nkisang tlung ya bana babo monga ka.”
28Jwale morwetsana, a matha, a ya bolella ba ntlo ya mmae tsena. 29Rebeka o ne a ena le kgaitsedi ya hae, e bitswang Labane; yaba Labane o mathela ho monna eo ya sedibeng. 30Ha Labane a bona lesale le dipetja tse matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwa mantswe a kgaitsedi ya hae, Rebeka, ha a re: “Monna eo o buile tjena le tjena ho nna,” a ya ho monna eo; a mo fumana a eme pela dikamele, sedibeng. 31Labane a re: “Kena, wena ya hlohonolofaditsweng ke Morena; o emetseng kantle? Ke se ke o lokiseditse ntlo le sebaka sa dikamele.”
32Monna eo a kena ka tlung. Labane a qhanolla dikamele, a di fa seteroi le furu; a fa monna eo metsi ho hlatswa maoto a hae le ho hlatswa maoto a banna ba neng ba ena le yena. 33Yaba ho bewa dijo kapele ho yena, hore a je, empa yena a re: “Ha nka ke ka ja ke eso bolele ditaba tsa ka.”
Labane a re: “Bua.”
34Yaba o re: “Ke mohlanka wa Aborahama. 35Morena o hlohonolofaditse monga ka haholo, o mo entse hore e be morui. O mo file mehlape ya dinku le ya dikgomo, le silefera le kgauta, le bahlanka le makgabunyane, le dikamele le ditonki. 36Sara, mohatsa monga ka, o ile a tswalla monga ka mora boqhekung ba hae, mme monga ka o neile mora enwa tsohle tseo a nang le tsona. 37Jwale o ile a ntlhapantsha, a re: ‘O se ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng naheng ya bona. 38O tla ya tlung ya ntate le ho bang ka nna, mme o nkele mora wa ka mosadi.’
39“Yaba ke re ho monga ka: ‘Mohlomong mosadi eo a ke ke a dumela ho tla le nna.’
40“Empa yena a re ho nna: ‘Morena eo ke mo kgahlisang ka metsamao ya ka, o tla roma lengeloi la hae le tsamaye le wena, mme a atlehise leeto la hao. O tla nkela mora wa ka mosadi ho bang ka nna, tlung ya ntate. 41Jwale e tla ba o lokolohile kanong ya hao, ha o ka fela wa fihla ho bang ka nna. Le teng haeba ba sa o nee mosadi eo, e tla ba o lokolohile kanong ya hao.’
42“Kajeno ha ke fihla sedibeng ke ile ka re: ‘Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, haeba jwale o ka atlehisa leeto la ka, 43ho ke ho etsahale tjena. Ke eme sedibeng mona. Ha morwetsana a ka tla ho kga metsi, ke tla re ho yena: Ako mphe metsinyana nkgong ya hao, ke nwe. 44Ha a ka re: Nwa, mme ke tla kgella le dikamele tsa hao, e tla ba ke yena mosadi eo Morena a mo kgethetseng mora wa monga ka.’
45“Yare ke eso qete ho bua ka pelong ya ka, ka bona Rebeka a etla, a beile nkgo lehetleng la hae, mme a theohela ka sedibeng, a kga metsi. Yaba ke re ho yena: ‘Ke a o rapela, ako mphe metsi ke nwe.’
46“A phakisa a theola nkgo ya hae lehetleng, mme a re: ‘Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao.’ Ka nwa, mme a nwesa le dikamele.
47“Ka nto mmotsa, ka re: ‘O moradi wa mang?’
“A araba, a re: ‘Ke moradi wa Bethuele, ya tswetsweng ke Nakore le Mileka.’
“Yaba ke mo rwesa lesale nkong, le dipetja matsohong. 48Jwale ka inama, ka kgumamela Morena, mme ka boka Morena, Modimo wa monga ka Aborahama, ya ileng a ntsamaisa ka tsela e nepahetseng, hore ke tlo nkela mora wa monga ka moradi wa moena wa hae.
49“Jwale, ha le rata ho bontsha mohau le botshepehi ho monga ka, mpolelleng. Le teng haeba ho se jwalo, mpolelleng, e le hore ke tle ke tsebe ho thinyetsa ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.”
50Yaba bo-Labane le Bethuele ba a araba, ba re: “Taba ena e tswa ho Morena; re ke ke ra bua le wena hampe kapa hantle. 51Rebeka ke enwa kapele ho wena; mo nke, mme o tsamaye le yena, e yo ba ngwetsi ya monga hao, ho ya kamoo Morena a boletseng kateng.”
52Ha mohlanka wa Aborahama a utlwa mantswe ana, a inama kapele ho Morena. 53Yaba mohlanka o ntsha mekgabiso ya silefera le mekgabiso ya kgauta, le diaparo, o di nea Rebeka. A nea le kgaitsedi ya hae le mmae dimpho tsa bohlokwa.
54Jwale yena le banna ba nang le yena ba eja, ba enwa, mme ba hlola bosui moo. Ha ba tsoha hoseng, mohlanka a re: “Ntokolleng, ke kgutlele ho monga ka.”
55Labane, kgaitsedi ya Rebeka, le mmae ba re: “Morwetsana ha a ke a dule le rona matsatsi a se makae, bonyane matsatsi a leshome; kamorao ho moo a ka tsamaya.”
56Empa a re ho bona: “Le se ke la ntiehisa, kaha Morena o atlehisitse leeto la ka; ntokolleng, ke kgutlele ho monga ka.”
57Ba re: “Re tla bitsa morwetsana, re utlwe maikutlo a hae.”
58Jwale ba bitsa Rebeka, mme ba re ho yena: “Na o tla tsamaya le monna eo?”
Yena a araba, a re: “Ke tla tsamaya le yena.”
59Yaba ba lokolla kgaitsedi ya bona Rebeka, le mohodisi wa hae, le mohlanka wa Aborahama le banna ba hae. 60Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena:
“Kgaitsedi ya rona,
o ke o be mma dikete tsa dikete;
Ditloholo tsa hao
di ke di hape metse,
di hape metse ya dira tsa tsona.”
61Yaba Rebeka le makgabunyane a hae ba a ema, ba palama dikamele, ba tsamaya le monna eo. Mohlanka a nka Rebeka, a tsamaya.
62Isaka o ne a etswa Sedibeng sa Lakai-Roi kaha o ne a ahile naheng e ka borwa. 63Mantsiboya Isaka a ya naheng ho ya imamela, mme eitse ha a phahamisa mahlo, a tadima, a bona dikamele di etla. 64Rebeka a phahamisa mahlo, mme yare ha a bona Isaka a tholoha kamele. 65Yaba o re ho mohlanka: “Ke mang monna elwa ya tsamayang mola, ya tlilo re kgahlanyetsa?”
Mohlanka a araba, a re: “Ke monga ka.”
Jwale Rebeka a nka lesira la hae, a ikgurumetsa. 66Mohlanka a bolella Isaka dintho tsohle tseo a ileng a di etsa. 67Isaka a isa Rebeka ka tenteng ya mmae Sara; yaba o a mo nka, e ba mosadi wa hae, mme a mo rata. Isaka a tshediseha kamora lefu la mmae.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 24: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy