YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 23

23
Lefu la Sara
1Sara o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng; tsena ke dilemo tsa bophelo ba Sara. 2Sara a shwela Kiriate-Areba e leng Heborone, naheng ya Kanana. Aborahama a ya mo aparela bofifi, a mo llela.
3Aborahama a siya mofu wa hae, a ya bua le Bahete, a re: 4“Ke molata le mojaki hara lona; mpheng setsha sa mabitla, ke tle ke yo epela mofu wa ka ho sona.”
5Bahete ba araba Aborahama, ba re: 6“Ako re mamele, monghadi. O kgosana e matla hara rona; epela mofu wa hao lebitleng le letleletle hara mabitla a rona. Ha ho le ya mong wa rona ya tla o hanela ka lebitla, ho epela mofu wa hao.”
7Aborahama a ema, a isa hlompho ho Bahete, beng ba naha. 8A bua le bona, a re: “Haeba le utlwisisa hore ke yo epela mofu wa ka, mmameleng he. Nkopeleng Eferone, mora wa Sohara, 9hore a nnee lehaha la Makapela, leo e leng la hae, le sebakeng seo tshimo ya hae e fellang ho sona. A ke a nnee lona moo lona le leng teng, ka theko e lokelang, e be setsha sa ka sa mabitla.”
10Eferone o ne a dutse hara Bahete, mme Eferone wa Mohete a araba Aborahama moo Bahete bohle ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse, ba ntseng ba utlwa, a re: 11“Tjhe, monghadi, ako mmamele. Ke o nea tshimo eo, ke o nea le lehaha le ho yona; ke a nea lona mo setjhaba sa heso se leng teng. Epela bafu ba hao.”
12Aborahama a isa hlompho ho beng ba naha, 13mme a bua ho Eferone, moo beng ba naha ba ntseng ba utlwa, a re: “Haeba o rata ha ke e reka, ako mmamele hle. Ke tla reka tshimo eo ka tjhelete; e amohele, mme ke tla epela bafu ba ka ho yona.”
14Eferone a araba Aborahama, a re: 15“Monghadi, ako mmamele. Tshimo eo theko ya yona e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, hoo ke eng ho rona le wena? Epela bafu ba hao.”
16Aborahama a dumellana le Eferone, mme a mo lekanyetsa silefera eo a ileng a e bolela moo Bahete ba ntseng ba utlwa, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse nne le halofo, ho ya ka boima bo neng bo sebediswa ke bahwebi.
17Tshimo ya Eferone e Makapela e pela Mamore, ke hore tshimo le lehaha le neng le le ho yona, le difate tsohle tse neng di le tshimong ka bonamo ba yona, tsena tsa neelwa 18Aborahama hore e be leruo la hae. Hona ha etswa moo Behete bohle, ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse wa Hete, ba ntseng ba bona. 19Kamora tsena Aborahama a epela mosadi wa hae Sara ka lehaheng la tshimo ya Makapela, e pela Mamore, e leng Heborone e naheng ya Kanana. 20Tshimo le lehaha le ho yona, tsa newa Aborahama ke Bahete, hore e be setsha sa hae sa mabitla.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 23: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy