YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 21

21
Tswalo ya Isaka
1Morena a etela Sara jwalokaha a ne a boletse, mme Morena a mo etsetsa jwalokaha a ne a mo tshepisitse. 2Sara a ithwala, a tswalla Aborahama mora boqhekung ba hae, ka nako eo Modimo a neng a buile ho yena ka yona. 3Aborahama a rea mora eo a mo tswaletsweng ke Sara lebitso la Isaka. 4Aborahama a bolotsa mora wa hae Isaka ha a ena le matsatsi a robedi, jwalokaha Modimo a ne a mo laetse. 5Ha mora wa hae Isaka a tswalwa, Aborahama o ne a ena le dilemo tse lekgolo.
6Sara a re: “Morena o nketseditse letsheho; e mong le e mong ya utlwang o tla ntsheha.” 7A boela a re:
“Ke mang
ya neng a ka re ho Aborahama:
‘Sara o tla ke a nyantshe bana’?
8Empa ke mo tswaletse mora
boqhekung ba hae.”
Ngwana a hola, a ba a kgweswa, mme Aborahama a etsa pitiki e kgolo mohla ngwana a kgweswang.
Hagare o a lelekwa
9Sara a bona mora eo Aborahama a mo tswaletsweng ke Hagare wa Moegepeta a ntse a tsheha Isaka ka mokgwa o somang. 10Kahoo a re ho Aborahama: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba e ke ke ya eba mojalefa le mora wa ka Isaka.” 11Ntho ena ya utlwisa Aborahama bohloko haholo, ka baka la mora wa hae.
12Empa Modimo a re ho Aborahama: “O se ke wa utlwa bohloko ka baka la moshanyana, le ka baka la mosadi wa hao wa lekgoba. Mamela tsohle tseo Sara a o bolellang tsona, hobane ke ditloholo tsa Isaka tse tla bitswa bana ba hao. 13Le ka yena mora wa mosadi wa lekgoba ke tla etsa setjhaba, hobane ke ngwana wa hao.”
14Yaba Aborahama o tsoha ka madungwadungwana, o nka bohobe, le lekuka la metsi; o di nea Hagare ka ho di bea hodima lehetla la hae, a mo leleka mmoho le moshanyana. Yena a tsamaya, a nna a lelera lehwatateng la Beeresheba.
15Ha metsi a ka lekukeng a se a fedile, yaba Hagare o bea moshanyana katlasa sehlahla se seng. 16Jwale a tloha, a ya dula a lebane le yena, a le bohole bo lekanang le ba ho beba ha motsu wa seqha ha o betswa, hobane o ne a re: “Ha ke rate ho bona ha moshanyana a eshwa.” Ha a ntse a dutse malebana le yena jwalo, moshanyana a bokolla habohloko. 17Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana, mme lengeloi la Modimo la howeletsa Hagare le le lehodimong, la re ho yena: “O tshwenngwa keng, Hagare? Se tshohe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana moo a leng teng. 18Phahama, o emise moshanyana, o mo tshware ka letsoho, hobane ke tla mo etsa setjhaba se seholo.”
19Jwale Modimo a tutubolla mahlo a Hagare, yaba o bona sediba; a ya ho sona, a tlatsa lekuka ka metsi, a le nea moshanyana, a nwa.
20Modimo a ba le moshanyana, mme a hola; a phela lehwatateng, ya eba setsebi sa ho fula ka seqha. 21A aha lehwatateng la Parane, mme mmae a mo nyadisa mosadi ya tswang naheng ya Egepeta.
Selekane sa Aborahama le Abimeleke
22Ka yona nako eo, Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba bua ho Aborahama, ba re: “Modimo o na le wena dinthong tsohle tseo o di etsang. 23Ka baka leo he, ntlhapanyetse mona ka lebitso la Modimo, hore nna, le bana ba ka, le ditloholo tsa ka, wena o ke ke wa re etsetsa bolotsana; le hore ho ya kamoo ke o hauhetseng kateng, le wena o tla nkgauhela, esita le yona naha eo o jakileng ho yona.”
24Aborahama a re: “Ke a hlapanya.”
25Yare ha Aborahama a ipelaetsa ho Abimeleke ka baka la sediba seo bahlanka ba Abimeleke ba mo amohileng sona ka dikgoka, 26Abimeleke a re: “Ha ke tsebe hore na ke mang ya entseng ntho ena. Ha o eso ka o mpolella yona, le ho e utlwa ke qala ho e utlwa kajeno.”
27Yaba Aborahama o nka mehlape ya dinku le ya dikgomo, o e nea Abimeleke, mme banna bao ba babedi ba etsa selekane. 28Aborahama a kgetha le dikonyana tse supileng, tse tshehadi, mohlapeng wa hae, a di beela kathoko. 29Abimeleke a re ho Aborahama: “Dikonyana tsee tse supileng, tse tshehadi, tseo o di kgethetseng kathoko, di bolela eng?”
30Aborahama a re: “Dikonyana tsena tse supileng tse tshehadi, o tla di amohela di etswa matsohong a ka, e be bopaki ba hore sediba sena se tjhekilwe ke nna.”
31Ka baka leo, sebaka seo sa bitswa Beeresheba, hobane ke moo bobedi ba bona ba ileng ba hlapanyetsana teng.
32Ba etsa selekane Beeresheba jwalo. Yaba Abimeleke le Pikole, molaodi wa mabotho a hae, ba a tsamaya, ba kgutlela naheng ya Bafilesita. 33Aborahama a lema sefate sa tamarisika moo Beeresheba, mme hona teng a rapela Morena, Modimo wa mehla yohle. 34Aborahama a jaka naheng eo ya Bafilesita ka ditshiu tse ngata.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy