YouVersion Logo
Search Icon

TSHIMOLOHO 20

20
Aborahama o fallela Gerare
(Tshim. 12:10-20; 26:1-11)
1Ho tloha moo Aborahama a fallela naheng e ka nqa borwa, a aha dipakeng tsa Kadeshe le Shure, a jaka Gerare. 2Kaha Aborahama a ne a ye a re mosadi wa hae, Sara, ke kgaitsedi ya hae, kahoo Abimeleke, kgosi ya Gerare, a romela maqosa ho nka Sara.
3Empa Modimo a etela Abimeleke ka toro, bosiu, a re ho yena: “Bona, o lekgatheng la ho shwa ka baka la mosadi eo o mo nkileng, hobane ke mosadi wa motho.”
4Abimeleke o ne a eso kene dikobong tsa hae; jwale a re: “Morena, na o tla bolaya batho ba se nang molato? 5Na hase yena ya ileng a re ho nna: ‘Ke kgaitsedi ya ka’? Le yena mosadi a re: ‘Ke ngwaneso’? Nna ke entse hona ka letswalo le kgutsitseng, le ka matsoho a se nang molato.”
6Modimo a re ho yena torong eo: “E, ke a tseba hore hona o ho entse ka tswalo le kgutsitseng, mme ke nna ya ileng a o thibela hore o se ke wa ntshitelwa. Ka baka leo, ha ke a ka ka o dumella hore o mo ame. 7Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.”
8Yaba Abimeleke o tsoha ka madungwadungwana, o bitsa bahlanka ba hae bohle, o ba bolella tsena tsohle. Banna bao ba tshoha haholo. 9Jwale Abimeleke a bitsa Aborahama, a re ho yena: “Ke eng ee, eo o e entseng ho rona? Ke o sitetswe ka eng, hore ebe o tliseditse nna, le mmuso wa ka, sebe se seholo hakaale? O nketseditse dintho tse sa tshwanelang ho etswa.” 10A boela a re ho Aborahama: “O ne o hopotse eng, ha o tla etsa ntho ee?”
11Aborahama a re: “Ke e entse hobane ke ne ke nahana hore sebakeng sena Modimo ha a tshajwe, mme ba tla mpolaya ka baka la mosadi wa ka. 12Le hona e hlile e ntse e le kgaitsedi ya ka; ke moradi wa ntate, feela hase moradi wa mme, mme e ile ya eba mosadi wa ka. 13Jwale eitse ha Modimo a etsa hore ke falle tlung ya ntate, ka re ho mosadi: ‘Molemo oo o tla nketsetsa wona ke ona: hohle moo re fihlang teng, ha o bua ka nna, o no re: Enwa ke kgaitsedi ya ka!’ ”
14Yaba Abimeleke o nka mehlape ya dinku le ya dikgomo, le makgoba a banna le a basadi, a di nea Aborahama, a mo kgutlisetsa mosadi wa hae, Sara. 15Abimeleke a re: “Bona, naha ya ka ke eo; ikgahele moo o ratang teng.”
16Ho Sara a re: “Bona, ke neile ngwaneno silefera e etsang boima ba dikilo tse leshome le motso o mong le halofo; hona ke ho o hlomphisa bohle ba nang le wena, mme mahlong a bohle o lokafaditswe.”
17Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana. 18Modimo o ne a kwetse dipopelo tsa ba lelapa la Abimeleke ka baka la Sara, mosadi wa Aborahama.

Currently Selected:

TSHIMOLOHO 20: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy