YouVersion Logo
Search Icon

BAGALATA 3

3
Molao kapa tumelo?
1Dithoto ting tsa Bagalata! Le loilwe ke mang, lona ba hlaloseditsweng ka mokgwa o totobetseng tsa ho thakgiswa ha Jesu Kreste? 2A le ke le mpolelleng taba ena e le nngwe feela: Na le amohetse Moya wa Modimo ka ho phetha Molao, kapa ka ho dumela molaetsa oo le o utlwileng? 3Le thotofetse hakaakang! Ere le qadile ka tsa Moya, jwale le qetella ka tsa botho? 4Na dintho tse kaalokaalo le di tsebetse lefeela, haeba e hlile e le lefeela? 5Ha ho le jwalo, ya le abelang Moya, ya etsang diketso tse matla hara lona, na o etsa jwalo kahobane le phetha Molao kapa kahobane le dumetse molaetsa oo le o utlwileng?
6Le Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka.
7Tsebang ke hona hore badumedi ke bona bao e leng bana ba Aborahama. 8Ka ho tseba e sa le pele hore Modimo o tla lokafatsa baditjhaba ka tumelo, Mangolo a ile a bolella Aborahama molaetsa o molemo e sa le pele, a re: “Ka wena ditjhaba tsohle di tla hlohonolofatswa.” 9Kahoo badumedi ba hlohonolofatswa hammoho le Aborahama ya ileng a dumela.
10Empa bohle ba itshepisitseng ka ho phetha Molao ba rohakehile, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya sa tiisetseng ho etsa tsohle tse ngotsweng bukeng ya Molao o rohakehile.” 11Jwale ho pepenene hore mahlong a Modimo motho ha a lokafatswe ka baka la Molao, hobane, “Ya lokileng o tla phela ka tumelo.” 12Ha e le Molao hase taba ya tumelo, empa ya phethang tsa Molao o tla phela ka tsona. 13Kreste o re lopolotse thohakong ya Molao, ka hore a fetohe ya rohakehileng ka baka la rona, hobane ho ngotswe, ho thwe: “Mang le mang ya fanyehilweng sefateng o rohakehile.” 14Hona ho entswe hore tlhlohonolofatso e neilweng Aborahama e tle e newe baditjhaba ka Kreste Jesu; e le hore, ka tumelo, re tle re amohele Moya o tshepisitsweng ke Modimo.
Molao ha o a nyopisa tshepiso
15Bana beso, a nke ke le nee mohlala wa se etswang ke batho. Ha ho ananetswe selekane le motho, ha ho ya ka se etsollang kapa a eketsa ho hong ho sona. 16Jwale ditshepiso di ile tsa etsetswa Aborahama le setloholo sa hae. Mangolo ha a re “ditloholo”, e leng ho bolela batho ba bangata, empa a re “le setloholo sa hao”, e leng ho bolela motho a le mong feela, Kreste. 17Seo ke se bolelang ke sena: Molao o ileng wa etswa kamora dilemo tse makgolo a mane le mashome a mararo, o ke ke wa etsolla selekane se ananetsweng pele ke Modimo, mme wa nyopisa tshepiso. 18Haeba lefa re le fumana ka Molao, ha e sa le ka tshepiso; athe Aborahama o le filwe ke Modimo ka tshepiso.
19Ha ho le jwalo, Molao o sebetsang? O ile wa etsetswa ho totobatsa ditlolo tsa molao, hore o sebediswe ho fihlela ho etla setloholo sa Aborahama se etseditsweng tshepiso, mme wa phatlalatswa ke mangeloi, ka mmoelanyi. 20Jwale mmoelanyi ha a hlokehe ha motho a le mong, mme Modimo o mong.
Ha le makgoba, le bana ba Modimo
21Ha ho le jwalo, na Molao o hanana le ditshepiso tsa Modimo? Le kgale! Hoja batho ba ne ba neilwe Molao o nang le matla a ho ba phedisa, ba ne ba ka lokafatswa ka Molao oo. 22Empa Mangolo a boletse hore batho bohle ba matleng a sebe, e le hore, ka ho dumela ho Jesu Kreste, ba dumelang ba newe tseo ba di tshepisitsweng.
23Pele tumelo e eba teng, re ne re le matleng a Molao wa Moshe, re le ditlamong tsa wona, ho fihlela re ba re senolelwa tumelo. 24Ka baka leo, Molao oo ya eba mohlokomedi wa rona, ho fihlela Kreste a fihla, mme re lokafatswa ka tumelo. 25Empa erekaha tumelo e se e le teng, ha re sa le kalosong ya mohlokomedi eo.
26Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu, 27hobane lona bohle ba kolobeleditsweng ho Kreste le apere Kreste. 28Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu. 29Ha e le mona le le ba Kreste, le ditloholo tsa Aborahama, mme le majalefa ka ho ya ka tshepiso.

Currently Selected:

BAGALATA 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy