YouVersion Logo
Search Icon

BAGALATA 2

2
Paulosi o amohelwa ke baapostola ba bang
1Ha ho se ho fetile dilemo tse leshome le metso e mene, ka boela ka nyolohela Jerusalema, ke ena le Baranabase, le Tite a tsamaya le rona. 2Ke ne ke senoletswe hore ke nyolohele teng. Lekunutung, ka hlalosetsa batho ba nang le mabitso molaetsa o molemo, oo ke o phatlalletsang baditjhaba; esebe mohlomong nakong ena kapa e fetileng, ke tsamaetse lelea. 3Esita le yena Tite wa Mogerike, ya neng a ena le nna, ha a ka a qobellwa ho bolla. 4Hona e ne e le ho hanyetsana le badumedi ba bohata, ba tlileng ka bononnori ho tla iketsa dihlwela tse tlilo hlwela tsa bolkolohi boo re nang le bona ho Kreste Jesu, hore di tle di re etse makgoba. 5Empa le ka motsotswana feela ha ke a ka ka ba mamela, e le hore le bolokelwe nnete ya molaetsa o molemo.
6Ha e le bao ba nang le mabitso, ho nna hono hase letho, hobane Modimo ha a ye ka tshobotsi, ha ba a ka ba nkekeletsa letho le letjha. 7Empa ba bone hore ke tshepetswe ho isa molaetsa o molemo ho baditjhaba, jwalokaha le Petrose a ne a tshepetswe ho o isa ho Bajuda, 8hobane matla a Modimo a entseng hore Petrose e be moapostola wa Bajuda, le nna a entse hore ke be moapostola wa baditjhaba. 9Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba tadingwa e le ditshiya, ba hlokomela mohau oo ke o neilweng, ba re tshwara ka matsoho, rona le Baranabase, ho supa hore re tla sebedisana: rona re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho Bajuda. 10Feela ba re re hopole mafutsana, e leng seo ke neng ke ikemiseditse ho se etsa.
Paulosi o kgalemela Kefase ha ba le Antiokia
11Empa yare ha Kefase a fihla Antiokia, ka mo hanyetsa sefahlamahlo, hobane o ne a fositse. 12Pele ba bang ba tswang ho Jakobo ba fihla, Kefase o ne a eja le baditjhaba, empa yare ha ba se ba fihlile, a ikgula, a iketsa mokgelo, hobane o ne a tshaba Bajuda. 13Bajuda ba bang le bona ba ikaketsa jwaloka yena, hoo le Baranabase a bileng a kgeloswa ke boikaketsi boo ba bona.
14Yare ha ke bona hore ha ba tsamaye ka nnete ya molaetsa o molemo, ka re ho Kefase, mahlong a bona bohle: “Ha wena, o leng Mojuda, o phela jwaloka moditjhaba, e seng jwaloka Mojuda, ho ya kang ha o qobella baditjhaba ho phela jwaloka Bajuda?”
Bajuda le baditjhaba ba pholoswa ka tumelo
15“Rona re Bajuda ka tswalo, ha re baditjhaba, baetsadibe bano. 16Leha ho le jwalo, re tseba hore motho ha a lokafatswe ka ho phetha Molao, empa o lokafatswa ka ho dumela ho Kreste Jesu. Le rona re dumetse ho Kreste Jesu, e le hore re tle re lokafatswe ka ho dumela ho Kreste, e seng ka ho phetha Molao, hobane ha ho motho ya ka lokafatswang ka ho phetha Molao.
17“Empa haeba, ha re ntse re batla ho lokafatswa ka Kreste, le rona re fumanwa re le baetsadibe, na ke ho re Kreste ke mokgothaletsi wa sebe? Le kgale! 18Ha ke tsosa tseo ke di heleditseng, ke iketsa motlodi wa molao. 19Ka Molao wa Moshe, nna ke shwele ka nqeng ya Molao oo, hore ke tle ke phelele Modimo. Ke thakgisitswe le Kreste; 20kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ya phelang ka ho nna. Bophelo boo ke bo phelang lefatsheng jwale, ke bo phela ka ho dumela ho Mora wa Modimo, ya nthatileng, mme a itella nna. 21Ha ke lahle mohau wa Modimo, hobane haeba ho loka ho tliswa ke Molao, e tla ba Kreste o shwetse lelea!”

Currently Selected:

BAGALATA 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy