YouVersion Logo
Search Icon

ESERA 7

7
Esera o fihla Jerusalema
1Kamora tsena, mehleng ya puso ya Aretaseresese, kgosi ya Peresiya, ho ne ho ena le monna ya bitswang Esera, ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Hilekiya, 2Hilekiya ya tswetsweng ke Shalome, Shalome ya tswetsweng ke Sadoke, Sadoke ya tswetsweng ke Ahitube, 3Ahitube ya tswetsweng ke Amariya, Amariya ya tswetsweng ke Asariya, Asariya ya tswetsweng ke Meraote, 4Meraote ya tswetsweng ke Seraya, Seraya ya tswetsweng ke Usi, Usi ya tswetsweng ke Buki, 5Buki ya tswetsweng ke Abishua, Abishua ya tswetsweng ke Finease, Finease ya tswetsweng ke Eleasare, Eleasare ya tswetsweng ke Moprista e Moholo Arone. 6Esera enwa ke yena ya ileng a nyoloha Babilona. E ne e le setsebi sa Molao wa Moshe, oo Morena Modimo wa Iseraele, a ileng a fana ka wona. Kahobane Morena Modimo wa hae, a ne a mo hlohonolofaditse, kgosi Aretaseresese a mo nea tsohle tseo a neng a di kopa. 7Ka selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, ba bang ba bana ba Iseraele, le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, le bona ba nyolohela Jerusalema.
8Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bosupa sa puso ya kgosi Aretaseresese, Esera a fihla Jerusalema. 9O ne a ile a tloha Babilona ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, mme ka letsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, a fihla Jerusalema, hobane Morena Modimo wa hae, o ne a mo hlohonolofaditse. 10Esera o ne a ithutile Molao wa Morena, a o phetha, a ruta Baiseraele melao le ditaelo tsa Morena.
Aretaseresese o nea Esera lengolo
11Lena ke lengolo leo kgosi Aretaseresese a ileng a le nea Esera eo e neng e le moprista le Setsebi sa Molao, e bile e le setsebi sa dipolelo tsa melao ya Morena, le ditaelo tseo Morena a di neileng Baiseraele:
12“Le tswa ho Aretaseresese, kgosi ya dikgosi, le ya ho moprista Esera, Setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo: Kgotso e be le wena!
13“Mona ke etsa taelo ya hore ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, mmoho le baprista ba sona, le Balevi, ya pusong ya ka, ya ithaopelang ho nyolohela Jerusalema, a tsamaye le wena. 14O rometswe ke kgosi le baeletsi ba yona ba supileng, ho ya fuputsa ditaba tsa Juda le tsa Jerusalema, mabapa le Molao wa Modimo wa hao, o letsohong la hao. 15O nke le silefera le kgauta, eo ka yona kgosi le baeletsi ba yona ba etsetsang Modimo wa Iseraele, eo Tempele ya hae e leng Jerusalema, mpho ya boithaopo. 16O be o nke le silefera yohle, le kgauta yohle, eo o ka e fumanang naheng yohle ya Babilona, mmoho le dimpho tsa boithaopo tsa setjhaba, le tsa baprista, tse etsetswang Tempele ya Morena Modimo wa bona, e Jerusalema.
17“Ka tjhelete ena o hlokomele hore o reke dipohwana, le dipheleu, le dikonyana, mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa dijo, le dinyehelo tsa tsona tsa dino, mme ka tsena o etsetse nyehelo hodima aletare ya Tempele ya Morena Modimo wa hao, e Jerusalema.
18“Ka silefera le kgauta e tla sala, wena le bana beno le etse ka yona seo le bonang se le molemo, ho phetha thato ya Modimo wa lona. 19Le thepa eo o e filweng, ya ho sebeletsa ka Tempeleng ya Modimo wa hao, o neelane ka yona ho Modimo wa Jerusalema. 20Dintho tse ding, tse ka hlokwang bakeng sa Tempele ya Modimo wa hao, tseo o lokelang ho fana ka tsona, o di nke letloleng la matlotlo a kgosi.
21“Nna, kgosi Aretaseresese, ke etsa taelo ho baboloki bohle ba matlotlo, ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, hore tsohle tseo moprista Esera, setsebi sa Molao wa Modimo wa mahodimo, a tla di kopa ho bona, ba mo nee tsona ntle ho tikatiko. 22Ba mo nee silefera e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le koro e sa feteng boima ba dikilo tse dikete tse leshome, le dilethara tsa veine tse sa feteng dikete tse pedi, le dilethara tsa ole ya mohlwaare tsa sa feteng dikete tse pedi, le letswai le lengata hoo le ke keng la lekanngwa. 23Tsohle tseo Modimo wa mahodimo a laetseng hore di etswe, di etsetswe Tempele ya Modimo wa mahodimo ka hloko, esere Modimo a halefela kgosi le bara ba yona. 24Hape re le tsebisa hore malebana le baprista, le Balevi, le dibini, le balebedi ba menyako, le basebeletsi ba Tempele, kapa basebeletsi ba bang ba Tempele ya Modimo, molao ha o dumelle hore ba ntshiswe lekgetho, kapa sethabathaba, kapa lekgetho la thepa ya kgwebo.
25“Jwale wena, Esera, ho ya ka bohlale boo Modimo wa hao a o neileng bona, o kgethe babusi, le baahlodi, hore ba tle ba ahlolele batho bohle ba ka bophirimela ho noka ya Euferatese, e leng bohle ba tsebang Molao wa Modimo. Ba sa o tsebeng, o ba rute wona. 26Mang kapa mang ya sa phetheng Molao wa Modimo wa hao, le molao wa kgosi, a fele a ahlolwe; e ka ba ka ho mo ahlolela lefu, kapa ka ho mo falatsa, kapa ka ho mo ja thepa, kapa ka ho mo kenya tjhankaneng.”
Esera o rorisa Modimo
27Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema, 28ya entseng hore ke hauhelwe ke kgosi, le baeletsi ba yona, le mahosana wohle a yona, a matla. Ke ile ka matlafala, hobane Morena Modimo wa ka, o ile a ntlhohonolofatsa, mme ka bokella banna ba Iseraele ba ka sehloohong, ba nyoloha le nna.”

Currently Selected:

ESERA 7: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy