YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 5

5
Esekiele o ipeola hlooho
1“Wena ngwana motho, nka sabole e bohale, o e sebedise e le lehare, o ipeole hlooho le ditedu. O nke sekala, ebe o bea moriri wa hao hodima sona ka dihlopha tse tharo. 2Ere ha matsatsi a hao a thibella a fetile, o tjhese sehlopha se le seng sa tsena tse tharo tsa moriri wa hao, o se tjhese o le kahara motse. O nke sehlopha sa bobedi sa moriri wa hao, o o ale ho potapota motse, ebe o o otla ka sabole. Sehlopha sa boraro o se hasanyetse moyeng, mme ke tla se fedisa ka sabole. 3O nke diqoba di se kae tsa moriri wa hao, o di tlamelle lemenong la seaparo sa hao. 4Ebe jwale o nka diqoba tse ding hape, o di akgela mollong, wa di tjhesa. Mollo o tla qhoma o etswa ho tsona, ebe o tjhesa bohle ba ntlo ya Iseraele.”
5Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke yona Jerusalema, eo ke e beileng bohareng ba ditjhaba, e potapotilweng ke dinaha. 6Empa ka baka la bokgopo ba yona e fetohetse melao ya ka le ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsohle le dinaha tsohle tse e potapotileng. Jerusalema e lahlile melao ya ka, ha e a latela ditaelo tsa ka.”
7Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Wena Jerusalema, o mphetohetse ho feta ditjhaba tse o potapotileng, ha o a tsamaya ka melao ya ka, ha o a boloka ditaelo tsa ka, ha o a ya le ka melao ya ditjhaba tse o potapotileng.”
8Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Bona, Jerusalema, le nna ke a o lwantsha, mme ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao moo ditjhaba tsena di ntseng di bona. 9Ka lebaka la manyala ana a hao, ke tla o etsa seo ke esong ho se etse, seo nke keng ka hlola ke se etsa. 10Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng.
11“Ka baka leo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo: Kahobane o silafaditse Sehalalelo sa ka ka medimo ya hao e nyonyehang, le ka manyala wohle a hao, ke tla o fedisa; nke ke ka hlola ke o hauhela, kapa hona ho o utlwela bohloko. 12Karolo e nngwe ya dikarolo tse tharo tsa setjhaba sa hao, e tla bolawa ke lefu la sewa le ke sekoboto; karolo ya bobedi e bolawe ka sabole kathoko ho marako a hao, mme karolo ya boraro e qhalanele hohle lefatsheng, e phaladiswa ka sabole.
13“Bohale ba ka bo tla fela, mme kgalefo eo ke neng ke ba halefetse ka yona e kokobele, hobane ke tla be ke ipheteditse. Ha ke phethahaditse kgalefo ya ka hodima bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ya buileng ka tjheseho.
14“Ke tla o etsa lesupi, o fetohe sekgobo ho ditjhaba tse o potapotileng, le mahlong a bohle ba fetang ka tsela. 15Mohla ke phethahatsang kahlolo ya ka hodima hao ka bohale, ke o kgalemela, ke halefile, o tla fetoha sekgobo, o nyedisehe; o be thuto le sesomo ho ditjhaba tsohle tse o potapotileng. Nna Morena ke buile. 16Ha ke o fula ka metsu e bohloko ya sekoboto, e leng metsu e timetsang, ke tla o fula hore ke o timetse. Sekoboto se tla o wela hodimo, se nne se eketsehe, dijo tsa hao ke di fokotse. 17Ke tla o romela sekoboto le dibatana, di o bolaele bana. Lefu la sewa le tshollo ya madi di tla o aparela, sabole e o bolaye. Nna Morena, ke se ke buile.”

Currently Selected:

ESEKIELE 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy