YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 26

26
Boporofeta bo nyatsang Tire
1Ka letsatsi la pele la kgwedi selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, ha Tire e bua ka Jerusalema e ile ya tsheha, ya re: ‘Jerusalema e ripitlilwe, kgwebo ya yona e fedile, jwale ke tla atleha ha e le mona e fetohile lesupi!’ 3Kahoo Morena Modimo o bua tjena: ‘Wena Tire ke tla o futuhela, ke o bitsetse ditjhaba tse tswang hole, di o lwantshe, jwalokaha lewatle le akgotsa maqhubu a lona. 4Di tla heletsa marako a Tire, di dihe le ditora tsa yona. Ke tla hohola mobu wa yona, ke siye letlapa le le feela. 5Tire e tla fetoha sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona hara lewatle, e be lelobelo la ditjhaba, hobane nna Morena, ke buile, ho rialo Morena Modimo. 6Baradi ba Tire ba hara naha ba tla bolawa ka sabole, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”
7Morena Modimo o bua tjena: “Ke tla tlisa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, kgosi ya dikgosi, a etswa leboya, a tlo futuhela Tire ka dipere le ka dikariki tsa ntwa, ka bapalami ba dipere le ka lebotho le leholo. 8O tla bolaela baradi ba hao hara naha ka sabole, a o etsetse thibella, a o hahele marako, a o etsetse lekgwakgwa la dithebe. 9O tla thua mabota a hao ka ditshetlo, a heletse le ditora tsa hao ka meqala. 10Dipere tsa hae di tla ba ngata hoo di tla o kwahela ka lerole. Lekitikiti la dipere, le la makoloi le la dikariki tsa ntwa le tla sisinya mabota a hao, ha a kena dikgorong tsa hao jwaloka banna ba kenang motseng oo marako a wona a heleditsweng. 11Ditlhako tsa dipere tsa hae di tla hatakela diterata tsa hao tsohle. O tla bolaya setjhaba sa hao sohle ka sabole, ditshiya tsa hao di wele fatshe. 12Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng. 13Ke tla fedisa dipina tsohle tsa hao, le modumo wa diharepa tsa hao ke o fedise. 14Ke tla o etsa lefika le feela, mme o tla fetoha sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona. Marako a hao a ke ke a hlola a tsoswa, hobane nna Morena ke buile, ho rialo Morena Modimo.”
15Morena Modimo o bua tjena ho Tire: “Na dinaha tse pela lewatle ha di na ho thothomela ha di utlwa hore o wele, ha mahlatsipa a ntse a dumaela, mme batho ba bolawa hara motse wa hao? 16Mahosana wohle a mabopong a lewatle a tla theoha diteroneng tsa wona, a hlobole diaparo tsa wona tsa bohosana le tse homilweng. A tla dula fatshe a tshohile haholo, a ntse a thothomela ka dinako tsohle, a o makaletse. 17A tla o binela kodi-ya-malla, a re:
“ ‘O ripitlilwe jwang
wena motse o tummeng,
oo baahi ba wona
e leng banna ba lewatle,
wena o neng o le sehanyata,
sehanyata lewatleng,
o le sehanyata
mmoho le baahi ba hao?
Bohle ba phelang lewatleng
ba a o tshaba!
18Jwale dihlekehleke di a thothomela,
di thothomela
ka tsatsi la ho wa ha hao;
lewatleng dihlekehleke di tshohile,
di tshohile ka baka la ho wa ha hao.’ ”
19Morena Modimo o bua tjena: “Etlare ha ke o etsa nanaola jwaloka motse o hlokang baahi, ke o tebisa lewatleng, metsi a o kwahela, 20ke tla o theolela tlase, hammoho le ba theohelang tlase mohohlong, ho setjhaba sa boholoholo. Ke tla o dudisa lefatsheng le katlase, masuping a boholoholo, mmoho le ba theohelang tlase mohohlong. Ha o ka ke wa hlola o kgutla teng kapa o eba le kabelo lefatsheng la ba phelang. 21Ke tla o fedisa ka mokgwa o tshabehang, mme ha o sa tla hlola o eba teng. Ba tla o batla, empa ba ke ke ba hlola ba sa o fumana, ho rialo Morena.”

Currently Selected:

ESEKIELE 26: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy