YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 22

22
Dibe tsa Jerusalema
1Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, na motse oo o tla o ahlola? Na o tla ahlola motse oo wa babolai? O o supise manyala wohle a wona; 3ebe o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Wena motse o itlisetsang timelo ka ho tsholla madi, o itshilafatsang ka ho rapela medingwana ya bohata, nako ya hao e a tla. 4O molato ka baka la madi ao o a tsholotseng; o itshilafaditse ka ho iketsetsa medingwana ya bohata. O kgutsufaditse matsatsi a hao, mme qetello ya dilemo tsa hao e se e fihlile. Ka baka lena, ke tla o etsa sekgobo ho baditjhaba, ke o etse sesomo dinaheng tsohle. 5Wena motse o tummeng ka bokgopo, o tletseng meferefere, o tla songwa ke ba haufi le ba hole.
6“ ‘Bona kamoo e mong le e mong wa mahosana a Iseraele, ao e leng baahi ba hao, a sebedisang matla a hae ho tsholla madi kateng! 7Baahi ba hao ba nyedisa bo-ntata bona le bo-mma bona, ba hatella moditjhaba, ba hlorisa kgutsana le mohlolohadi. 8O hlompholotse dintho tsa ka tse halalelang, wa silafatsa Disabatha tsa ka. 9Baahi ba hao ba etseletsa ba bang, e le hore ba tle ba tsebe ho ba bolaya. Ba bang ba bona ba ja mahlabelo a etseditsweng medimo ya bohata. Ba bang ba phethahatsa ditakatso tsa bona tsa nama. 10Ba bang ba robala le basadi ba bo-ntata bona, ba bang ba robala le basadi ba silafetseng ke lehatlelo. 11Ba bang ba feba le basadi ba banna ba ahelaneng le bona, ba bang ba silafatsa dingwetsi tsa bona ka ho feba le tsona, ba bang ba robala le dikgaitsedi tsa bona, tse tswang mathekeng a bo-ntata bona. 12Ba bang ba amohetse tjotjo hore ba tle ba tsholle madi, ba bang ba iphumanela tswala e fetang tekanyo, ba fumana phaello ka ho hanyapetsa ba bang, mme jwale ba ntebetse, ho rialo Morena Modimo.
13“ ‘Ruri ke tla o otlela phaello eo o e entseng, ke o otlele le madi ao o a tsholotseng. 14Na o tla hle o tiisetse, kapa o be sebete mohla ke o otlang? Ke nna Morena ya buileng, mme ke tla etsa kamoo ke buileng kateng. 15Ke tla o qhalanyetsa hara baditjhaba, ke o qhalanyetse le dinaheng tse ding, mme ke fedise ho silafala ha hao. 16O itshilafaditse mahlong a baditjhaba, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”
Sebopi sa Modimo se hlwekisang
17Yaba lentswe la Morena le fihla ho nna, le re: 18“Wena ngwana motho, ho nna ba ntlo ya Iseraele ba fetohile manya; bohle ke lethose feela, le lekapakapa, le tshepe, le loto tse kahara sebopi; ke manya feela a silefera. 19Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: ‘Kahobane lona bohle le fetohile manya, ke tla le kgobokanya Jerusalema. 20Jwalokaha batho ba bokella silefera, le lethose, le tshepe, le loto, le lekapakapa ka seboping ho di qhibidisa ka mollo, le nna ke tla le kgobokanya kahara motse ke halefile, kgalefo ya ka e tlokoma, ke le tlohele hona teng, le qhibidihe. 21Ruri ke tla le kgobokanya, ke le butswele ka kgalefo ya ka e tlokomang, mme le qhibidihele hona moo. 22Jwalokaha silefera e qhibidisetswa ka seboping, le lona le tla qhibidisetswa hona moo Jerusalema, mme le tla tseba hore ke nna Morena ya hlatseditseng kgalefo ya ka hodima lona.’ ”
Dibe tsa baetapele ba Iseraele
23Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 24“Wena ngwana motho, bolella naha ena, o re: ‘O naha e eso ka e nelwa ke pula, kapa mafafatsane nakong ena eo ke halefileng ka yona.’ 25Kahare ho naha ena ho na le morero wa sekgukgu, o rerwang ke baporofeta. Ba puruma jwaloka tau ha e harola nyamatsane. Ba bolaya batho, ba nke maruo a bona le thepa ya bona ya bohlokwa, mme basadi ba bangata ba fetohe bahlolohadi. 26Baprista ba bona ba tlotse melao ya ka, ba silafatsa dintho tsa ka tse halalelang. Le hoja ba tseba, ha ba kgetholle ntho e halalelang ho e sa halaleleng; ha ba rute batho ho kgetholla se hlwekileng ho se sa hlwekang. Ha ba tsotelle ho boloka Disabatha tsa ka, kahoo ba a ntlontlolla. 27Mahosana a bona a jwaloka diphiri tse harolang diphoofolo tseo di di bolaileng. A tsholla madi, a bolaya batho hore a tle a ithuise ka mano. 28Baporofeta ba bona ba ntlafatsa diketso tsena ka ho ba bolella dipono tsa leshano le bonohe ba bohata, ba re: ‘Morena Modimo o bua tjena,’ empa Morena a sa ka a bua jwalo. 29Baahi ba naha ena ba hatella batho, ba a utswa, ba sotla mofutsana le mohloki, ba hlokofatsa moditjhaba, ha ba ba sebeletse ka toka.
30“Ke ile ka batla motho hara bona ya neng a ka tsosa lerako, a ema kapele ho nna dikgeong tsa lona ho sireletsa naha ena hore ke se ke ka e timetsa, empa ha ke a ka ka fumana le ya mong. 31Ka baka leo, ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima bona, ka ba timetsa ka kgalefo ya ka e tukang malakabe, ka ba nea kotlo e lokelang diketso tsa bona, ho rialo Morena.”

Currently Selected:

ESEKIELE 22: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy