YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 21

21
Sabole ya Morena
1Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, tadima Jerusalema, o nyatse dibaka tse halalelang. Porofetela naha ya Iseraele. 3O bolelle naha eo ya Iseraele, o re: ‘Morena o bua tjena: Bona, ke a o lwantsha, mme ke tla tsomula sabole ya ka selateng sa yona, ke bolaye baahi ba hao ba lokileng le ba kgopo. 4Erekaha ke tla bolaya ba lokileng le ba kgopo, sabole ya ka e tla tswa selateng sa yona, e bolaye batho bohle, ho tloha borwa ho isa leboya. 5Batho bohle ba tla tseba hore ke nna Morena, ya ntshitseng sabole ya ka selateng sa yona, mme ha e ka ke ya hlola e kgutlela ka ho sona.’
6“Ka baka lena, fehelwa wena ngwana motho! Fehelwa ka pelo e bohloko le ka maswabi a maholo moo ba ntseng ba o bona. 7E tle ere ha ba o botsa, ba re: ‘O fehellwang?’ wena o tle o ba arabe, o re: ‘Ke ka baka la ditaba tse tlang. Dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole, sebete sohle se fele, le mangwele wohle a otlane ke letswalo.’ Taba tsena di a tla! Di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.”
8Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 9“Wena ngwana motho, porofeta, o re: ‘Morena o bua tjena:
“ ‘Sabole ke eo! Sabole ke eo!
E leoditswe ya ba ya tshotswa.
10E leoditswe hore e tle e etse mofela,
ya tshotswa
hore e phatsime sa lehadima!
“ ‘Na re lokela ho nyakalla, re thabe?
Tjhaba sa ka se ile sa nyedisa,
sa nyedisa dikotlo le dikeletso tsohle.
11“ ‘Sabole e ntshitswe,
e ntsheditswe ho tshotswa,
hore e tshwarwe,
e tiye ka letsohong;
e leoditswe ya ba ya tshotswa,
hore e newe mmolai ka letsohong.
12Bokolla, o howeletse,
wena ngwana motho,
hoba sabole e tlela setjhaba sa ka,
e tlela mahosana a Iseraele.
Matshabeho a tliswang ke sabole
a tla wela setjhaba sa ka hodimo,
a wele le mahosana a sona hodimo.
Swaba, o kebise hlooho ya hao!
13“ ‘Tjhaba sena sa ka
ke se bea tekong;
haeba se fela se hana ho baka,
tsena tsohle di tla etsahala ho sona,
ho rialo Morena Modimo.’
14“Porofeta, ngwana motho,
o be o ope diatla,
sabole e hlathe habedi,
e hlathe hararo,
sabole ya ho ba bolaya
e ba etsa mofela,
e ba etseditse sakana-la-nkope.
15Ke beile sabole
kgorong tsohle tsa bona,
hore pelo tsa bona
di tle di nyahame,
ba bangata ba bona
ba kgothometsehe, ba we.
Jo! e tsekema jwaloka lehadima,
e tshotseditswe hore e tle bolaye.
16Wena sabole e bohale,
hlatha ka ho le letona,
o hlathe ka ho le letshehadi,
hohle moo o shebileng teng o hlathe.
17Le nna diatla tsa ka ke tla di opa,
ebe kgalefo ya ka ya kokobela.
Ke nna Morena ya buileng.”
Sabole ya kgosi ya Babilona
18Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 19“Wena ngwana motho, etsa ditsela tse pedi, tseo sabole ya kgosi ya Babilona e tla tla ka tsona. Bobedi ba ditsela tseo di qale naheng e le nngwe. O etse letshwao le bontshang moo tsela e kgelohelang motseng teng. 20O etse tsela e le nngwe eo kgosi e tla futuhela motse wa Raba wa Baamone ka yona, le e nngwe eo kgosi e tla futuhela motse wa Juda le motse o haheleditsweng wa Jerusalema ka yona. 21Kgosi ya Babilona e tla emisa mateanong a ditsela, e emise mateanong a tsela tse pedi ho batla tsela. E tla laola ka ho etsa lotho ka metsu, e botse medimo ya yona ya lelapa, e hlahlobe sebete sa phoofolo e hlabilweng. 22Motsu o ka letsohong la yona le letona o tla supa Jerusalema, moo kgosi e tla isa ditshetlo teng, e laele hore ho bolawe, ho hlajwe mokgosi wa ntwa, ho bewe ditshetlo dikgorong tsa motse, ho hahwe marako, ho etsetswe motse thibella. 23Setjhaba sa Jerusalema ha se ka ke sa kgolwa taba ena ka baka la dilekane tseo se di entseng. Empa boporofeta bona ke bo se hopotsang dibe tsa sona, le ho se hlokomedisa hore se tla thopuwa.
24“Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: ‘Kahobane le entse hore ke se ke ka lebala dibe tsa lona ka ho mphetohela, mme dibe tseo tsa lona di pepesitswe ke diketso tsohle tsa lona; kahobane le entse hore ke se ke ka le lebala, le tla iswa bothopuweng.
25“ ‘Wena kgosana e silafetseng, e kgopo ya Iseraele, letsatsi la kotlo ya hao le se le fihlile, mme bophelo ba hao bo kgopo bo tla fela! 26Kahoo Morena Modimo o bua tjena: Rola moqhaka, o role le wona mofapahlooho. Ditaba ha di sa tla ema jwaloka pele: Ba ikokobeditseng ba tla phahamiswa, empa ba iphahamisitseng ba tla kokobetswa. 27Lesupi! Lesupi! Motse ona ke tla o etsa lesupi! Ha o ka ke wa tsoswa ho fihlela eo e leng monga wona a fihla, ebe ke mo nea wona.’ ”
Sabole le Baamone
28“Wena ngwana motho, porofeta, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena ka Baamone le mahlapa a bona:
“ ‘Sabole! Sabole!
E ntshitswe selateng ho bolaya,
ya tshotswa hore e timetse,
e phatsime sa lehadima.
29Dipono tsa lona ke tsa bohata,
bonohe ba lona ke ba leshano,
bo reng ka sabole le hlathe,
le hlathe melala ya ba babe,
le hlathe le ya ba kgopo,
ba fihletsweng ke pheletso ya bona,
bokgopo ba bona ebe bo a fela.
30Busetsa sabole selateng sa yona,
ke tla o ahlolela naheng ya heno,
naheng eo o tswaletsweng ho yona.
31Ke tla hlatsa kgalefo ya ka,
ke e hlatsetse hodima hao,
bohale ba ka bo tuke malakabe,
ke neelane ka wena ho ba sehloho,
bao e leng ditsebi tsa ho timetsa.
32O tla tjheswa ke mollo, o bo timele,
madi a hao
a tshollelwe naheng ya heno;
ha o ka ke wa hlola o sa hopolwa,
hobane nna ke leng Morena,
ke buile.’ ”

Currently Selected:

ESEKIELE 21: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy