YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 16

16
Jerusalema e sa tshepahaleng
1Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, tsebisa Jerusalema manyala a yona, 3o re: ‘Morena Modimo o bua tjena ho Jerusalema: Moo o hlahetseng teng, moo o tswaletsweng teng, ke naheng ya Kanana. Ntatao e ne e le Moamore, mmao yena e le Mohete. 4Tsa tswalo ya hao di bile tjena: Mohla o neng o hlaha, kalana ya hao ha e a ka ya kgaolwa; ha o a ka wa hlatsuwa ka metsi hore o hlweke; ha o a ka wa pikitlwa ka letswai, leha e le hona ho phuthelwa ka masela. 5Ha ho le ya mong ya kileng a o hauhela, a o etsetsa dintho tsena, kapa a o utlwela bohloko. Mohla letsatsi la tswalo ya hao wa na wa lahlelwa hara naha, hobane o ne o nyonyeha.
6“ ‘Yare ha ke feta pela hao, ka o bona o le ditshila ke madi a hao. Ka bua le wena o ntso le madi jwalo, ka re: “Phela!” E, ka rialo ho wena o ntso le madi, ka re: “Phela!”
7“ ‘Ka etsa hore o hole jwaloka semela sa naha; wa fela wa hola, wa phethahala, wa fetoha morwetsana e motlemotle. Wa tswa diola-molora, wa mela moriri, empa wa sala o ntso tsotse, o le feela.
8“ ‘Hamorao ha ke feta pela hao hape, ke o tadima, ka bona hore o se o hodile hoo o lokelang ho ferehwa. Yaba ke o apesa seaparo sa ka ho pata bofeela ba hao. Ka o hlapanyetsa, ka etsa selekane le wena, mme wa ba wa ka, ho rialo Morena Modimo.
9“ ‘Jwale ka o hlatswa ka metsi, ka o hlatswisisa ho tlosa madi a ho wena, ka o tlotsa ka ole. 10Ka o tentsha mose o homilweng, ka o rwesa meqathatso ya letlalo la qibi. Ka o rwesa moqhaka wa lene e ntle, ka o apesa seaparo sa sileka. 11Ka o tlatlapetsa mekgabiso, ka o rwesa dipetja matsohong, molaleng ka o rwesa sekgama. 12Ka o rwesa lesale nkong, ditsebeng ka o rwesa masale a mmofa, ka ba ka o rwesa le mofapahlooho o motle. 13Kahoo o no tlatlapetse mekgabiso ya kgauta le ya silefera, diaparo tsa hao e le tsa lene e ntle le tsa sileka e homilweng. Dijo tsa hao e ne e le tsa phofo e thumisehileng, le mahe a dinotshi le ole. Wa ba motle ka ho fetisisa, wa atleha, wa ba wa ba mofumahadi. 14Ka baka la botle ba hao, botumo ba hao ba tlalatlala hara baditjhaba, hobane mekgabiso eo ke neng ke o kgabisitse ka yona e ile ya etsa hore botle ba hao bo phethehe, ho rialo Morena Modimo.
15“ ‘Empa o ile wa tshepa botle ba hao, botumo ba hao ba o fetola seotswa, wa etsa bohlola le bohle ba fetang ka tsela, wa ba wa bona. 16Wa nka tse ding tsa diaparo tsa hao, wa kgabisa dibaka tsa hao tsa borapedi ka tsona, di le mebalabala, mme wa etsetsa bootswa ba hao hona moo. Dintho tsa mofuta ona ha di a lokela ho etsahala, kapa ho ba teng. 17Wa nka le mabenyane a matle a kgauta le a silefera, ao ke neng ke o file wona, wa iketsetsa medingwana e metona ka wona, mme wa feba le yona. 18Wa nka diaparo tsa hao tse homilweng, wa e apesa tsona, wa e nyehella ka ole ya ka le ka mokubetso wa ka. 19Wa e nyehella le ka dijo tsa ka, tseo ke o fileng tsona hore o di je, e leng tsa phofo e thumisehileng, le mahe a dinotshi, le ole, hore e be mokubetso o monko o monate. Tsena ke tsona tse ileng tsa etsahala, ho rialo Morena Modimo.
20“ ‘Wa nka le bara le baradi ba hao, bao o ntswaletseng bona, wa etsetsa medingwana ena sehlabelo ka bona hore e ba je. Na o ila bona bootswa boo ba hao bo sa lekana, 21hoo o bileng wa bolaya bana ba ka, mme ka bona wa etsetsa medingwana eo setjheso? 22Ha o ntse o etsa manyala ana a hao le bootswa bona ba hao, ha o a ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, ha o ne o tsotse, o le feela, o le ditshila ke madi a hao.’ ”
Bophelo ba Jerusalema ba bootswa
23“ ‘O madimabe! O madimabe hakaakang! ho rialo Morena Modimo. Hoba o etse bobe bona bohle ba hao, 24o ile wa ikgahela dibaka tsa borapedi mabaleng wohle. 25Mateanong wohle a ditsela o ile wa haha dibaka tsa borapedi, wa tlontlolla botle ba hao, wa ipeketlela bohle ba fetang ka tsela, wa totisa bootswa ba hao. 26O bile o entse bootswa le Baegepeta ba ahisaneng le wena, ba tletseng ditakatso tsa nama, wa totisa bootswa bona ba hao, mme wa nkgalefisa.
27“ ‘Jwale ke otlolletse letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka neelana ka wena matsohong a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesita, bao mekgwa ya hao ya bootswa e neng e ba hlabisa dihlong.
28“ ‘Kahobane o ne o sa kgotsofale, le Baasiria o entse bootswa le bona. E, o bile seotswa sa bona, empa le bona ha ba a ka ba o kgotsofatsa. 29Hapehape o entse bootswa bo bongata ho ya fihla naheng ya Bakalatiya, e leng naha ya bahwebi, empa le bona ha ba a ka ba o kgotsofatsa.
30“ ‘O tjhatjheha hakaakang ha o etsa dintho tsee, o etsisa seotswa se hlokang dihlong! ho rialo Morena Modimo. 31Ha o ne o haha dibaka tsa borapedi mateanong a ditsela, le mabaleng wohle, o ne o sa ke seotswa, hobane o ne o sa batle tjhelete.
32“ ‘O mosadi wa sefebe, ya febang le banna ba bang, ho ena le ho rata monna wa hao! 33Mosadi wa seotswa o newa tjhelete, empa wena o fana ka dimpho ho baratuwa bohle ba hao, o ba reka hore ba tle ho wena ba etswa hohle, ho tla feba le wena. 34Bootswa ba hao bo fapane le ba basadi ba bang ba diotswa, hobane ha ho monna ya o salamang hore o etse bootswa le yena. Wena ha o fumane moputso wa bootswa, empa ke wena ya fanang ka moputso: Ka baka leo, o fapane le diotswa tse ding.’ ”
Modimo o ahlola Jerusalema
35“ ‘Ka baka leo, wena seotswa towe! utlwa lentswe la Morena. 36Morena Modimo o bua tjena: Erekaha o hafakile ditjhelete tsa hao, wa pepesa bofeela ba hao, ha o ne o etsa bootswa le baratuwa ba hao, le medingwana ya hao e manyala, eo o e etseditseng sehlabelo ka bara ba hao; 37ka baka leo, ke tla phutha baratuwa ba hao bohle, bao o neng o ithabisa le bona; bohle bao o neng o ba rata, le bohle bao o neng o ba hloile. Ke tla ba bokella, ba o etsetse sakana-la-nkope, ke ba pepesetse bofeela ba hao, hore ba o bonele. 38Ke tla o ahlola ka kahlolo ya basadi ba difebe le ba babolai. Ka baka la kgalefo ya ka le bohale ba ka, ke tla iphetetsa ho wena, ke o ahlolele lefu. 39Ke tla neelana ka wena matsohong a baratuwa bao ba hao, ba heletse dibaka tseo o etsetsang bootswa ho tsona, le dibaka tsa hao tsa borapedi. Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao, ba o siye o tsotse, o le feela. 40Ba tla hlohleletsa mokgopi hore o o tlepetse ka majwe, o o etse ditsekana ka disabole tsa wona. 41Baratuwa bao ba tla tjhesa matlo a hao, ba o ahlolele moo basadi ba bangata ba ntseng ba tadimile. Ke tla fedisa bootswa ba hao, mme ha o sa tla hlola o nea baratuwa ba hao tjhelete. 42Bohale ba ka ho wena bo tla kokobela, le kgalefo ya ka e kgaotse, ke kgutse, ke se hlole ke o halefela hape.
43“ ‘Erekaha o sa ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, wa nna wa nkgalefisa ka ho etsa dintho tsena, bona mona he, le nna ke tla iphetetsa ka baka la tsena tseo o di entseng, ho rialo Morena Modimo. Na ha wa ka wa eketsa bootswa hodima manyala wohle ao o a entseng?’ ”
Jerusalema o futsitse mmae
44“ ‘Motho ka mong ya sebedisang maele, ha a bua ka wena Jerusalema, o tla sebedisa maele a reng: “Ngwana tadi o tsejwa ka mereto.” 45O fela o le moradi wa mmao kannete, yena ya neng a nyonya monna wa hae le bana ba hae. O tshwana hantle le bana beno, ba neng ba nyonya banna ba bona le bana ba bona. Mma lona e ne e le Mohete, ntata lona yena e le Moamore. 46Moholwane wa hao ke Samaria, yena ya phelang le baradi ba hae ka leboya ho wena. Moena wa hao ke Sodoma, yena ya phelang le baradi ba hae ka borwa ho wena. 47Empa wena ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya bona, leha e le ho etsa diketso tsa bona tse manyala; feela e ne eka ke ntho e nyenyane ho wena ha mekgwa ya hao yohle e bodile ho feta ya bona. 48Ruri ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, moena wa hao Sodoma, esita le baradi ba hae, ha ba a ka ba etsa seo wena le baradi ba hao le se entseng.
49“ ‘Bona mona he, sena e bile sona sebe sa moena wa hao Sodoma: Yena le baradi ba hae ba ne ba ikgohomosa, ba pesotse dimpa, ba phela ka boiketlo, ba sa thuse bafumanehi kapa bahloki. 50Ba ne ba ikakasa, ba etsa manyala mahlong a ka; kahoo ka ba fedisa jwalokaha le wena o bone. 51Samaria ha e a etsa le halofo ya dibe tseo o di entseng, empa wena o entse manyala a mangata ho feta a Samaria, wa etsa hore manyala a bana beno a tadimehe e se letho ha a bapiswa le ao o a entseng. 52Jara sekgobo sa dibe tsa hao, hobane o entse hore e ka bana beno ba lokile ho o feta. Dibe tsa hao di nyonyeha ho feta tsa bona, hoo ekang ba lokile ho o feta. Ka baka leo, swaba, o hlajwe ke dihlong, hobane o entse hore e ke ba lokile ho o feta.’ ”
Sodoma le Samaria di tla tsoswa
53“ ‘Ke tla boela ke atlehisa Sodoma le baradi ba hae, le Samaria le baradi ba hae; le wena Jerusalema, ke tla o atlehisa, 54e le hore o tle o jare sekgobo sa dibe tsa hao, o hlajwe ke dihlong, ka baka la tsohle tseo o di entseng ha o ne o ba tshedisa. 55Ha e le bana beno, e leng Sodoma le baradi ba hae, le Samaria le baradi ba hae, ba tla boela ba eba seo ba neng ba le sona pele; le wena le baradi ba hao le tla boela le eba seo le kileng la ba sona pele. 56Ha o ne o sa ntsane o ikgohomosa, o ne o sa rate le ho bitsa lebitso la ngwaneno Sodoma, 57bokgopo ba hao bo eso pepeswe. Empa jwale o tshwana le Sodoma hantle, o fetohile sesomo ho Baarame le ho Bafilesita, esita le ho ba ahisaneng le wena, ba o hloileng. 58O tla otlelwa bokgopo ba hao, le diketso tsa hao tse manyala, ho rialo Morena.’ ”
Selekane sa kamehla yohle
59“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o etsa kamoo o entseng kateng, hobane o nyedisitse kano ya ka ka ho senya selekane. 60Leha ho le jwalo ke tla hopola selekane seo, seo ke se entseng le wena mehleng ya botjha ba hao, mme ke tla etsa selekane sa kamehla yohle le wena. 61Jwale o tla hopola ditsela tsa hao, o hlajwe ke dihlong ha o amohela bana beno, ba baholo le ba banyenyane. Ke o nea bona e le baradi ba hao, empa e seng ka baka la selekane seo ke se entseng le wena. 62Ke tla etsa selekane le wena, mme o tla tseba hore ke nna Morena. 63Ke tla o tshwarela dibe tsohle tseo o di entseng, empa o tla nne o di hopole, o hlajwe ke dihlong hoo o ke keng wa ahlamisa molomo wa hao, ho rialo Morena Modimo.’ ”

Currently Selected:

ESEKIELE 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy