YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 15

15
Papiso ya sefate sa morara
1Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:
2“Wena ngwana motho,
fate sa morara se feta
fate tse ding kang?
Kala la wona le feta
la fate tsa moru jwang?
3Na ebe lehong la sefate sa morara
le ka sebediswa
ho etsa ntho ya bohlokwa?
Na ebe ka lona ho ka etswa semapo,
hodima sona
yaba phahlo di a fanyehwa?
4Ha le akgelwa mollong, le beswa,
ntlha tsa lona tse pedi di etjha,
bohare ba lona bo sala e le mashala,
na ho ka etswa
ntho ya bohlokwa ka lona?
5Leha le ne le ntse le sa feletse,
ntho ya bohlokwa
e ne ke ke ya etswa ka lona;
jwale ha le se le tjhesitswe ke mollo,
le tjhele, le setse e le mashala,
na ho ka etswa
ntho ya bohlokwa ka lona?
6“Ka baka leo,
Morena Modimo o bua tjena:
Fate sa morara
hara difate tsa moru,
mosebetsi wa sona ke ho besa mollo;
le baahi ba Jerusalema
ba tla ba jwalo!
7Ke tla ba tiisetsa sefahleho,
ke ba lwantshe;
ba tla phonyoha mollong wa pele,
wa bobedi wona o ba tjhese,
o ba timetse;
kahoo le tla tseba
hoba ke nna Morena,
ha ke ba tiisetsa sefahleho,
ke ba lwantsha.
8Naha ke tla e fetola, e be nanaola,
hobane ba ile
ba ntlhokela botshepehi,
Morena Modimo o bua jwalo.”

Currently Selected:

ESEKIELE 15: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy