YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 14

14
Modimo o nyatsa medimo ya bohata
1Baholo ba bang ba setjhaba sa Iseraele ba tla ho nna, ba dula kapele ho nna. 2Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 3“Wena ngwana motho, batho bana ba rapela medingwana ya bohata ka dipelong tsa bona. Ba beile sekgopi sa dibe tsa bona kapele ho difahleho tsa bona. Na nka dumela hore ba tlo mpotsa?
4“Ka lebaka lena, bua le bona, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha Moiseraele ofe kapa ofe ya rapelang modingwana wa bohata ka pelong ya hae, ya beang sekgopi sa dibe tsa hae kapele ho sefahleho sa hae, a etla ho moporofeta, ke nna Morena ya tla mo arabela, ho latela bongata ba medingwana ya hae ya bohata. 5Ke tla etsa hona e le ho hapa dipelo tsa bana ba Iseraele, hobane bohle ba mphuraletse ka baka la medingwana ya bona ya bohata.’
6“Ka baka lena, ere ho bana ba Iseraele: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bakang, le furalle medingwana ya lona ya bohata, le furalle le mesebetsi ya lona yohle e manyala!
7“ ‘Ha motho ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, kapa ofe le ofe wa baditjhaba, ya jakileng naheng ya Iseraele, ya ikarohanyang le nna, ya rapelang medingwana ya bohata ka pelong ya hae, a bea sekgopi sa sebe sa hae kapele ho sefahleho sa hae, mme a eya ho moporofeta ho ya mmotsa, ke nna Morena ka sebele ya tla mo araba. 8Motho ya jwalo ke tla mo lwantsha, ke mo etse setsoto le sesomo, ke mo kgaole setjhabeng sa ka, mme le tla tseba hore ke nna Morena.
9“ ‘Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele. 10Moporofeta eo le ya mmotsang ba tla jara kotlo ya bokgopo ba bona. Kotlo ya moporofeta e tla tshwana le kotlo ya ya mmotsitseng. 11Kahoo bana ba Iseraele ha ba sa tla hlola ba mphuralla, mme ha ba sa tla hlola ba silafatswa ke ditshito tsa bona; e tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa sona, ho rialo Morena Modimo.’ ”
Nowe, Daniele le Jobo
12Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re: 13“Wena ngwana motho, ha setjhaba sa naha se ntshitelwa haholo ka ho ntlhokela botshepehi, ke tla otlollela letsoho la ka hodima naha eo, ke fedise dijo tsa naha eo, ke e tlisetse sekoboto, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa yona. 14Leha eba banna bana ba bararo: Nowe, Daniele le Jobo, ba ne ba phela naheng eo, ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela, ho rialo Morena.
15“Ha nka romela diphoofolo tse hlaha ho feta hara naha eo, mme di bolaya batho, naha e sala e se na motho, ho se le motho ya ka fetang hara yona; 16haeba banna bana ba bararo ba ne ba le naheng eo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo, ba ne ba ke ke ba lopolla bara ba bona kapa baradi ba bona naheng eo. E ne e tla ba bona feela ba ka pholoswang, empa naha yona e ne e tla fetoha nanaola.
17“Kapa ha nka bolaya baahi ba naha eo ka sabole, mme ka re: ‘Sabole a e ke e bolaye baahi ba naha ena!’ ebe ke bolaya batho ba yona le diphoofolo tsa yona; 18haeba banna bana ba bararo ba ne ba le naheng eo, ke a ikana, ho rialo Morena, ba ne ba ke ke ba lopolla bara ba bona kapa baradi ba bona naheng eo.
19“Kapa ha nka romela lefu la sewa naheng eo, kgalefo ya ka ka e hlatsetsa naheng eo ka ho tsholla madi, ka bolaya batho le diphoofolo; 20haeba Nowe le Daniele le Jobo ba ne ba phela naheng eo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ba ne ba ke ke ba lopolla mora kapa moradi; ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela.
21“Morena Modimo o bua tjena: Ho tla tshabeha hakaakang Jerusalema ha ke e romela dikotlo tsa ka tse nne, e leng sabole, sekoboto, dibatana le lefu la sewa, ho bolaya baahi ba naha eo le diphoofolo tsa yona! 22Empa ho tla ba le masalla, e leng bara le baradi ba tla ntshwa Jerusalema. Ba tla tla ho lona, mme etlare ha le bona boitshwaro ba bona le diketso tsa bona le tshedisehe mabapa le koduwa eo ke e dihetseng hodima Jerusalema, e leng dikoduwa tsohle tseo ke di dihetseng hodima yona. 23Le tla tshediseha ha le bona boitshwaro ba bona, le diketso tsa bona, hobane le tla be le tseba hore tsena di entswe ke nna ka mabaka, ho rialo Morena Modimo.”

Currently Selected:

ESEKIELE 14: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy