YouVersion Logo
Search Icon

ESEKIELE 13

13
Boporofeta bo hanyetsang baporofeta ba banna
1Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 2“Wena ngwana motho, hanyetsa baporofeta bana ba Iseraele ba porofetang. Ere ho bana ba iporofetelang tse tswang mehopolong ya bona: ‘Mamelang lentswe la Morena! 3Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe baporofeta ba dithoto, ba porofetang tsa bona, empa ba sa bona letho! 4Lona Baiseraele, baporofeta ba lona ba tshwana le diphokojwe tse phelang hara masupi. 5Ha le a ka la ya thiba dikgeo tse marakong, kapa la haha metero, e le hore Baiseraele ba tle ba tsebe ho ema senna ntweng, mohla Letsatsi la Morena. 6Dipono tsa bona ke tsa mafeela, le boporofeta ba bona ke ba leshano. Ba re: “Morena o re,” empa Morena a sa ba roma, mme ba lebella hore dipolelo tsa bona di phethahatswe! 7Na ha le eso bone dipono tsa bohata, mme la porofeta bohata, ha le re: “Morena o re,” empa nna ke sa bua jwalo?
8“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le buile taba tsa mafeela, la bona dipono tsa mashano, ke a le lwantsha, ho rialo Morena Modimo. 9Ke tla otla baporofeta ba bonang dipono tsa mafeela, ba porofetang mashano; ba ke ke ba eba le kabelo phuthehong ya setjhaba sa ka, kapa ba ngolwa diketsahalong tsa ntlo ya Iseraele, leha e le ho kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hore ke nna Morena.
10“ ‘Kahobane ba kgelositse setjhaba sa ka, ba re: “Kgotso!” empa kgotso e le siyo; ere ha setjhaba sa ka se haha lerako le fokolang, ebe ba le ntlafatsa ka ho le dila ka phepa, 11bolella bana ba dilang lerako ka phepa hore lerako leo le tla wa. Ho tla na pula ya ditlwebelele, e nang ka sefako se dinaka, mme moya wa sefefo o tla puka. 12Ha lerako lee le se le wele, na setjhaba ha se na ho le botsa, se re: “E kae phepa eo le neng le dile lerako ka yona?”
13“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ha ke se ke halefile ke tla le heletsa ka moya wa sefefo, mme ha ke se ke halefile ke tla nesa pula ya ditlwebelele e nang ka sefako se dinaka hore e ripitle lerako leo. 14Kahoo ke tla heletsa lerako lena, leo le le ditseng ka phepa, ke etse hore le qhemetsehele fatshe, e le hore motheo wa lona o tle o bonahale. Ha lerako lena le ewa, le tla le wela hodimo le le timetse, mme le tla tseba hore ke nna Morena. 15Kgalefo ya ka ke tla e phethahatsa hodima lerako lena, le hodima ba ileng ba le dila ka phepa, ebe ke re ho lona: Lerako le wele! Le ba le ditseng ka phepa ba timetse, 16e leng baporofeta ba Iseraele ba ileng ba porofetela Jerusalema, ba boneng dipono tse reng e tla ba le kgotso, empa kgotso e le siyo, ho rialo Morena.’ ”
Boporofeta bo hanyetsang baporofeta ba basadi
17“Ka mokgwa o jwalo, wena ngwana motho, fahleho sa hao a se ke se tadimane le baradi ba setjhaba sa heno, ba hlahisang boporofeta bo itswelang mehopolong ya bona. Wena o porofete, o ba hanyetse, 18o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe basadi ba rwesang batho dithotho tsa boloi manonyeletsong a matsoho a bona, ba rwesang ba baholo le ba banyenyane masira dihloohong tsa bona, e le hore ba hohele batho! Na le tla timetsa bophelo ba setjhaba sa ka, ebe ba lona le a bo baballa? 19Na le tla ntlontlolla setjhabeng sa ka hore le tle le kgaketswe harese, le fuwe le dithathana tsa bohobe, ebe le bolaya meya e neng e sa lokela ho shwa, le phedisa e neng e lokela ho shwa, ka ho thetsa setjhaba sa ka se utlwang mashano aa a lona?
20“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Bonang mona, ke hanyetsana le dithotho tsena tsa lona tsa boloi, tseo ka tsona le tshwasang batho jwalokaha eka ke dinonyana. Ke tla di kgaola matsohong a lona, ke lokolle batho bana bao le ba tshwasang ka tsona jwalokaha eka ke dinonyana. 21Ke tla tabola le masira a lona, ke pholose setjhaba sa ka matsohong a lona. Se ke ke sa hlola se wela matsohong a lona ho iketsetsa borata ka sona, mme le tla tseba hore ke nna Morena. 22Ka baka la mashano a lona le swabisitse ba lokileng, bao nna ke sa ba swabisang; la kgothaletsa ya kgopo, hore a se ke a kgeloha tsela ya hae e kgopo, e le hore a tle a se ke a phela. 23Ka baka leo, ha le sa tla hlola le bona dipono tsa mafeela, kapa hona ho noha, hobane ke tla lopolla setjhaba sa ka matsohong a lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena!’ ”

Currently Selected:

ESEKIELE 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy