YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 6

6
1Yaba Modimo o re ho Moshe: “Jwale o tla bona seo ke tla se etsa ho Faro. Ka letsoho la ka le matla, ke tla mo tlama hore a lokolle setjhaba sa ka; ka letsoho la ka le matla, ke tla mo tlama hore a se leleke.”
Modimo o bitsa Moshe hape
2Modimo a bua ho Moshe, a re: “Ke nna Morena. 3Ke ile ka iponahatsa ho Aborahama, le ho Isaka, le ho Jakobo, ke le Modimo ya matla wohle, empa ha ke a ka ka itsebisa bona ka lebitso la ka, ke le Morena. 4Hape ke ile ka etsa selekane sa ka le bona, e leng sa ho ba nea naha ya Kanana; naha ya bojaki ba bona, eo ba neng ba jakile ho yona. 5Hape ke bile ke utlwile le sello sa bana ba Iseraele, bao Baegepeta ba ba entseng makgoba a bona, mme ke hopotse selekane sa ka.
6“Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima. 7Ke tle le etsa setjhaba sa ka, mme ka tla ba Modimo wa lona; le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona, yena ya le imolotseng mejaro ya Baegepeta. 8Ke tla le fihlisa naheng eo ke neng ke hlapanye hore ke tla e nea Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme ke tla e nea lona e be leruo la lona. Ke nna Morena.’ ”
9Moshe a bua tjena ho bana ba Iseraele, empa ha ba a ka ba mo mamela, ka baka la ho nyahama dipelo, le ka baka la bokgoba bo thata.
10Yaba Morena o bua ho Moshe, o re: 11“Tsamaya, o yo bua le Faro, kgosi ya Egepeta, o re a lokolle bana ba Iseraele ba tswe naheng ya hae.”
12Empa Moshe a re ho Morena: “Bona, bana ba Iseraele ha ba a ka ba mmamela; jwale Faro yena a ka mmamela jwang, nna eo molomo wa ka o se nang bokgeleke ba puo?”
13Jwale Morena a bua ho Moshe le ho Arone, a ba nea taelo e amang bana ba Iseraele, le e amang Faro, kgosi ya Egepeta, hore a lokolle bana ba Iseraele ba tswe naheng ya Egepeta.
Leloko la Moshe le la Arone
14Ana ke mabitso a dihlooho tsa malapa a Iseraele. Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele, ke Hanoke, le Palo, le Heserone, le Karimi. Ana ke wona malapa a Rubene.
15Bara ba Simeone ke Jemuele, le Jamine, le Ohade, le Jakine, le Sohara, le Shaule, mora wa mosadi wa Mokanana. Ana ke wona malapa a Simeone.
16Ana ke mabitso a bara ba Levi, ka ho ya ka ho hlahlamana ha bona: Gereshone, le Kohate, le Merari. Levi o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. 17Bara ba Gereshone ke Lebeni, le Shimei, ka ho ya ka malapa abo bona. 18Bara ba Kohate ke Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele. Kohate o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro.
19Bara ba Merari ke Mahele le Mushi. Ana ke wona malapa a Balevi ka ho hlahlamana ha wona.
20Amorame a nka rakgadia hae Jokobeta, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Arone le Moshe. Amorame a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
21Bara ba Isihare ke Kora, le Nefege, le Sikeri. 22Bara ba Usiele ke Mishaele, le Elesafane, le Siteri.
23Arone a nka Elesheba, moradi wa Aminadabe, kgaitsedi ya Nashone, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare.
24Bara ba Kora ke Asire, le Elekana, le Abiasafe. Ana ke wona malapa a morabe wa Bakora.
25Eleasare, mora wa Arone, a nka e mong wa baradi ba Putiele, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Finease.
Ana ke mabitso a dihlooho tsa Balevi, ho ya ka malapa a bona.
26Arone le Moshe ke bona bao Morena a neng a re ho bona: “Ntshang bana ba Iseraele naheng ya Egepeta, ho ya ka mabotho a bona.” 27Ke bona bo-Arone le Moshe ba neng ba bue le Faro, kgosi ya Egepeta, ba re a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya Egepeta.
Taelo ya Morena ho Moshe le ho Arone
28Ka letsatsi leo Morena a neng a bue ka lona ho Moshe, ha a le naheng ya Egepeta, 29Morena o ne a re ho Moshe: “Ke nna Morena! Bolella Faro, kgosi ya Egepeta, tsohle tseo ke tla di bua ho wena.”
30Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, ha ke na bokgeleke ba puo; jwale Faro a ka mmamela jwang?”

Currently Selected:

PHALLO 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy