YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 5

5
Moshe le Arone ba ya ho Faro
1Kamora tsena Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena, Modimo wa Iseraele, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo nketsetsa mokete lehwatateng.’ ”
2Faro a re: “Morena eo ke mang, eo ke tshwanelang ho mamela lentswe la hae, ebe ke lokolla Baiseraele? Nna ha ke tsebe Morena; ebile ha nka ke ka lokolla Baiseraele!”
3Yaba ba re ho yena: “Modimo wa Baheberu o teane le rona; re dumelle jwale, re a kopa, re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, esere a re bolaya ka lefu la sewa, kapa ka sabole.”
4Empa kgosi ya Egepeta ya re ho yena: “Wena Moshe le wena Arone, keng ha le tlohedisa batho mosebetsi wa bona? Kgutlelang mesebetsing ya lona!” 5Faro a boela a re: “Bonang kamoo batho ba naha ena ba seng ba le ba bangata kateng! Jwale le ba tlohedisa mesebetsi ya bona!”
6Ka lona letsatsi leo Faro a laela bahlorisi ba setjhaba, le baokamedi ba basebetsi, a re: 7“Le se hlole le nea batho bana seteroi sa ho etsa ditene, jwaloka pele; ba tla ipokellela sona ka bobona. 8Empa palo ya ditene tseo ba neng ba di etsa pele, yona ba nne ba e etse; le se ke la e fokotsa le hanyenyane feela, hobane ba botswa; ke ka baka lena ba ntseng ba lla, ba re: ‘Re lokolle, re yo etsetsa Modimo wa rona sehlabelo.’ 9Le belese banna ka mosebetsi o boima ho feta pele, ba tle ba sebetse wona feela, ba se ke ba mamela dipuo tsena tsa leshano.”
10Bahlorisi ba setjhaba le baokamedi ba basebetsi ba tswa, ba ya bua le setjhaba, ba re: “Faro o buile tjena: ‘Ha ke sa tla hlola ke le nea seteroi! 11Lona, ka bolona, tsamayang le yo ipatlela seteroi moo le ka se fumanang teng, empa mosebetsi wa lona ha o na ho fokotswa le hanyenyane feela’!” 12Jwale batho ba phasaphasa le naha ya Egepeta, ba thonaka dirite bakeng sa seteroi. 13Bahlorisi ba ba sunya mangwele, ba re: “Phethang mosebetsi wa lona wa letsatsi le leng le le leng, jwaloka pele ha seteroi se ne se le teng!” 14Baokamedi ba bana ba Iseraele, bao bahlorisi ba kgethilweng ke Faro ba neng ba ba beile hodima bona, ba kgakgathwa, ha thwe: “Ke ka baka lang ha kajeno le maobane le sa phetha mosebetsi wa lona jwaloka pele, e leng oo le o baletsweng wa ho etsa ditene?”
15Baokamedi ba bana ba Iseraele ba fihla, ba lla ho Faro, ba re: “Ke ka baka lang ha o etsa bahlanka ba hao tjee? 16Bahlanka ba hao ha ba sa newa seteroi, empa ho thwe ho bona: ‘Etsang ditene!’ Bona, bahlanka ba hao ba a kgakgathwa; feela molato ke wa setjhaba sa hao.”
17Empa Faro a re: “Le botswa! Le botswa! Ke ka baka lena le reng: ‘Re lokolle, re yo etsetsa Morena sehlabelo.’ 18Tsamayang hona jwale, le yo sebetsa; le ke ke la newa seteroi; empa palo e badilweng ya ditene yona le tla e etsa.”
19Baokamedi ba bana ba Iseraele ba iphumana ba le tsietsing, ha ho thwe: “Le ke ke la fokotsa palo ya ditene tsa letsatsi le leng le le leng le hanyenyane feela.”
20Ha ba etswa ho Faro ba teana le Moshe le Arone, ba neng ba ba emetse, 21mme ba re ho bona: “Morena a ke a le bone, a le ahlole, hobane le entse hore re be batho ba kgopo mahlong a Faro, le mahlong a bahlanka ba hae, la ba nea sabole matsohong, hore ba re bolaye!”
Thapelo ya Moshe
22Yaba Moshe o kgutlela ho Morena, o re: “Morena, o etseditseng setjhaba see hampe? Ke ka baka lang o ileng wa nthoma? 23Haesale ke etla ho Faro ho bua ka lebitso la hao, Faro o entse setjhaba sena hampe, empa ha o eso etse letho ho lopolla setjhaba sa hao.”

Currently Selected:

PHALLO 5: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy