YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 35

35
Melao ya Sabatha
1Yaba Moshe o bokella setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, o re ho sona: “Tsena ke tseo Morena a laetseng hore le di etse: 2‘Le ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa le tla halalela ho lona; ke Sabatha, letsatsi la phomolo ya Morena; mang kapa mang ya tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolawa. 3Malapeng wohle a lona le se ke la besa mollo ka letsatsi lena la Sabatha.’ ”
Setjhaba se ntshetsa Morena dimpho
(Phal. 25:1-9)
4Moshe a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, a re: “Sena ke seo Morena a se laetseng, a re: 5‘Ntshetsang Morena dimpho tsa lona; e mong le e mong a ntshetse Morena ka pelo e tshweu; kgauta, le silefera, le lethose; 6masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene, le ka boya ba dipodi; 7le matlalo a dipheleu a mmasa, le matlalo a diqibi, le dithupa tsa sefate sa mositsane; 8le ole e bonesang, le dinoko tsa ole e tlotsang, le tsa mokubetso o monko o monate; 9le majwe a bohlokwa a kareneleane, le mahakwe a rokellwang setipeng, le mokgabisong wa sefuba.’ ”
Thepa e hahang Leaho
(Phal. 39:32-43)
10“ ‘Bohle ba bohlale hara lona ba ke ba tle, ba tlo etsa tsohle tseo Morena a di laetseng: 11e leng Leaho, tente ya lona, le marulelo a lona, le dihokelo tsa lona, le dithupa tsa lona, le maballo a lona, le ditshiya tsa lona, le didulwana tsa tsona; 12le areka, le mefeng ya yona, le sekwahelo sa tefelo ya sebe, le lesira le sireletsang areka; 13le tafole, le mefeng ya yona, le dijana tsohle tsa yona, le bohobe bo halalelang; 14le sedulwana sa lebone le bonesang, le tsohle tsa sona, le mabone a sona, le ole e bonesang; 15le aletare ya mokubetso, le mefeng ya yona, le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate, le lesira la monyako, le monyakong wa Leaho; 16le aletare ya setjheso, le mokgabiso wa yona wa lethose o kang letlowa, le mefeng ya yona, le tsohle tsa yona, le sekotlolo sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona; 17le masela a seotlwana, le ditshiya tsa sona, le didulwana tsa tsona, le lesira la monyako wa seotlwana; 18le dimapo tsa Tente, le dimapo tsa seotlwana, le mehala ya tsona; 19le diaparo tse lohilweng tsa ho sebeletsa ka Sehalalelong, le diaparo tse halalelang tsa moprista Arone, le diaparo tsa bara ba hae, ha ba sebeletsa e le baprista.’ ”
Setjhaba se tlisa dimpho
20Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha kapele ho Moshe. 21Batho ba boela ba tla; bohle bao pelo tsa bona di ratang, le bohle ba pelo di tshweu, ba tlisetsa Morena dimpho bakeng sa ho etsa Tente ya Morena, le bakeng sa tshebeletso e tla etsetswa ka ho yona, le bakeng sa ho etsa diaparo tse halalelang. 22Ha kena le basadi, bohle bao pelo tsa bona di ratang; ba tlisa dipetja, le masale a rwalwang dinkong, le mefitshane, le dipele, le tsohle tse entsweng ka kgauta; bohle ba nang le hona ba tlisetsa Morena dimpho tsa kgauta. 23Bohle ba neng ba ena le masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lene, a loehileng; le boya ba dipodi, le matlalo a dipheleu a mmasa, le matlalo a diqibi, ba a tlisa. 24Bohle ba fanang ka silefera, le ka lethose, ba tlisetsa Morena dimpho tseo. Le bohle ba neng ba ena le dithupa tsa sefate sa mositsane tse ka sebediswang, ba di tlisa. 25Basadi bohle ba bohlale ba ohla ka matsoho a bona; ba tlisa dikgwele tse ohlilweng tse putswa, le tse perese, le tse kgubedu, le tsa lene.
26Basadi bohle ba ratang, ba bohlale, ba ohla boya ba dipodi. 27Baokamedi ba tlisa majwe a bohlokwa a kareneleane, le mahakwe a rokellwang setipeng, le a mokgabiso wa sefuba; 28le dinoko, le ole e bonesang, le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate. 29Banna bohle le basadi bohle ba bana ba Iseraele, ba pelo di tshweu, ba tlisa dintho tsa mosebetsi oo Morena a neng a laetse Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Morena dimpho tsa boithaopo.
Ho bitswa Besalele le Oholeabe
(Phal. 31:1-11)
30Yaba Moshe o re ho bana ba Iseraele: “Bonang, Morena o bitsitse Besalele ka lebitso; ke mora wa Uri, mora wa Hure, wa leloko la Juda. 31O mo file Moya wa Modimo, le bohlale, le kelello, le tsebo ya mesebetsi yohle: 32ho rala ditshwantsho tsa mesebetsi e etswang, le ho sebetsa ka kgauta, le ka silefera, le ka lethose; 33le ho betla majwe a tla kenngwa mekgabisong, le ho betla dithupa, le ho etsa mesebetsi yohle, ho latela setshwantsho se radilweng. 34Yena le Oholeabe, mora wa Ahimasake, wa leloko la Dane, ba neilwe bohlale ba ho ruta. 35Morena o ba neile dipelo tse bohlale, ba tle ba etse mesebetsi yohle ya bolala, le mesebetsi yohle e etswang ke ditsebi, le ya dihomi tsa masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene; le mesebetsi ya dilohi. Bana ke ditsebi tsa mesebetsi ena yohle, le diradi tsa ditshwantsho tsa mesebetsi.

Currently Selected:

PHALLO 35: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy