YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 34

34
Matlapa a bobedi a Molao
(Dipo. 10:1-5)
1Morena a re ho Moshe: “Ipetlele matlapa a mabedi a Molao a tshwanang le a pele. Hodima matlapa ao ke tla ngola mantswe a neng a ngotswe hodima matlapa a pele, ao o a pshatlileng. 2Itokisetse hore hosasane, e sa le hoseng, o nyolohele thabeng ya Sinai, o itlhahise kapele ho nna kahodima tlhoro ya thaba. 3Ho se be motho ya tla nyoloha le wena; ho se be motho ya ka bonwang kae kapa kae thabeng eo. Mehlape ya dinku le ya dikgomo e se ke ya fula thabeng eo.”
4Moshe a betla matlapa a mabedi a tshwanang le a pele, a tsoha ka madungwadungwana, a nyolohela thabeng ya Sinai, jwalokaha Morena a ne a mo laetse, a nkile matlapa a mabedi.
5Morena a theoha a le kahara leru, a ema le Moshe hona moo, mme Moshe a bitsa lebitso la Morena. 6Yaba Morena o feta kapele ho yena, mme a howa, a re: “Ke nna Morena! Ke nna Morena! Modimo ya nang le kutlwelobohloko, ya mosa, ya diehang ho halefa, ya nang le mohau o moholo le botshepehi; 7ya hauhelang ba diketekete ka ho ba tshwarela bokgopo ba bona, le ditlolo tsa bona, le dibe tsa bona, empa ya ke keng a tlohela ho otla ba molato; ya otlang bana, le ditloholo, ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.”
8Moshe a inamela fatshe ka potlako, a kgumamela Morena. 9Yaba o re: “Haeba jwale o nkgauhetse, ke rapela hore Morena a ke a tsamaye le rona, le hoja re le setjhaba se manganga. Ako re tshwarele bokgopo ba rona le dibe tsa rona, mme o re etse ba hao.”
Selekane se a ntjhafatswa
(Phal. 23:14-19; Dipo. 7:1-5; 16:1-17)
10Morena a re: “Bona, ke etsa selekane. Mahlong a setjhaba sohle sa heno, ke tla etsa dimakatso tse esong ho etswe lefatsheng lohle, le hara ditjhaba tsohle. Setjhaba sohle seo o phelang hara sona se tla bona mosebetsi wa Morena, hobane seo ke leng lekgatheng la ho se etsa ka wena se a tshabeha. 11Ela hloko seo ke o laelang sona kajeno. Ke tla o tebella Baamore, le Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bahife, le Bajebuse. 12Hlokomela, o se ke wa etsa selekane la baahi ba naha eo o yang ho yona, esere selekane seo ya eba leraba hara lona. 13O heletse dialetare tsa bona, o thue difika tsa bona tseo ba di kgumamelang, o senye ditshwantsho tsa bona tsa Ashera.
14“O se ke wa kgumamela modimo osele, hobane Morena, eo lebitso la hae e leng Sebouledi, ke Modimo ya boulelang. 15O se ke wa etsa selekane le baahi ba naha eo, esere ha ba rapela medimo ya bona ya bohata, mme ba e etsetsa mahlabelo, ba o mema, yaba o ja tse hlabetsweng medimo ya bona. 16O se ke wa nyadisa bara ba hao baradi ba bona, esere ba ba kgelosa, mme ba hloka botshepehi ho nna, ba rapela medimo ya bohata ya baahi ba moo.
17“O se ke wa iketsetsa medimo e bopilweng.
18“O boloke mokete wa bohobe bo sa lomoswang. Ka matsatsi a supileng o tla ja bohobe bo sa lomoswang, jwalokaha ke o laetse, ka nako e beilweng, ka kgwedi ya Mmesa, hobane o tswile Egepeta ka kgwedi eo ya Mmesa.
19“Matsibolo wohle ke a ka; le diphoofolo tsa hao tsohle tse tona, tseo e leng matsibolo a dikgomo kapa a dinku. 20O tla lopolla letsibolo la tonki ka konyana; ha o sa le lopolle, o le sothe molala. Bara ba hao bohle ba matsibolo o tla ba lopolla.
“Batho ba se ke ba hlaha kapele ho nna ba itsolokile.
21“O ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa o phomole; o phomole ha ho lengwa le ha ho kotulwa.
22“O etse le mokete wa dibeke, wa dilopotsiya tsa ha ho helwa koro; le mokete wa tsohle tse bokeletsweng ha ngwaha o roba.
23“Hararo ka selemo, bohle ba lona ba batona ba tla hlaha kapele ho Morena Morena Modimo wa Iseraele. 24Ke tla falatsa ditjhaba tse tseleng ya lona, ke atise naha ya lona, mme ha ho ya tla honohela naha ya lona, ha le ilo hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, hararo ka selemo.
25“O se ke wa nnyehella ka madi a sehlabelo sa ka le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa sielwa la hosasane.
26“Dilopotsiya tse ntlentle tsa masimo a hao o di ise tlung ya Morena, Modimo wa hao.
“O se ke wa pheha potsanyane ka lebese la mma yona.”
27Morena a re ho Moshe: “Ingolle mantswe ana, hobane ke ka mantswe ana ke etsang selekane sa ka le wena, le Iseraele.”
28Moshe a hlola moo le Morena ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a sa je, a sa nwe. Morena a ngola mantswe a selekane matlapeng, e leng melao e leshome.
Moshe o theoha thabeng ya Sinai
29Moshe a theoha thabeng ya Sinai, matsohong a nkile matlapa a mabedi a ngotsweng Molao. Ha a theoha thabeng, o ne a sa tsebe hore sefahleho sa hae se a kganya, ka baka la ho buisana le Modimo. 30Yare ha Arone la bana bohle ba Iseraele ba tadima Moshe, mme ba bona hore sefahleho sa hae se a kganya, ba tshaba ho atamela ho yena. 31Yaba Moshe o a ba bitsa; Arone le baokamedi bohle ba setjhaba ba kgutlela ho yena, mme Moshe a bua le bona. 32Hamorao bana bohle ba Iseraele ba atamela, mme a ba bolella tsohle tseo Morena a di buileng ho yena, ha a le thabeng ya Sinai.
33Ha Moshe a qetile ho bua le bona, a ikgurumetsa sefahleho ka lesira. 34Empa ha Moshe a kena ho ya bua le Morena, o ne a ye a tlose lesira ho fihlela a be a etswa. Ha a se tswile, o ne a ye a bolelle bana ba Iseraele seo a se laetsweng. 35Bana ba Iseraele ba ne ba ye ba bone hore sefahleho sa Moshe se a kganya; ebe Moshe o boela a ikgurumetsa sefahleho ka lesira, ho fihlela a kena hape ho ya bua le Morena.

Currently Selected:

PHALLO 34: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy