YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 28

28
Diaparo tsa boprista
(Phal. 39:1-7)
1“Bitsa moholwane wa hao Arone, le bara ba hae, Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare; o ba kgethe hara bana ba Iseraele, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka. 2O etsetse moholwane wa hao Arone diaparo tse halalelang, tsa hlompho le bokgabane. 3O tla buisana le bohle ba bohlale, bao ke ba hlalefisitseng, mme ba tla etsetsa Arone diaparo ho mo halaletsa, hore a tle a ntshebeletse e le moprista. 4Tsena ke diaparo tseo ba tla mo etsetsa tsona: mokgabiso wa sefuba, le setipe, le seaparo, le seaparo se fihlang maotong se lohilweng, le katiba, le leqhama. Ba tla etsetsa moholwane wa hao Arone le bara ba hae diaparo tse halalelang, tseo ba tla di apara ha ba ntshebeletsa e le baprista. 5Ba tla nka kgauta, le lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene.”
Setipe
6“Ba tla etsa setipe ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng; se etswe ke setsebi. 7Setipe se tla ba le masela a mabedi, a tla rokellwa mahetleng, dintlheng tsa sona tse pedi. 8Leqhama la setipe le etswe ka mokgwa o tshwanang le sona: ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng.
9“O nke majwe a mabedi a bohlokwa a kareneleane, hodima wona a ngole mabitso a bara ba Iseraele. 10Mabitso a tsheletseng a ngolwe hodima lejwe la pele, mme mabitso a mang a tsheletseng, a setseng, a ngolwe hodima lejwe la bobedi, ho ya ka ho hlahlamana ha bona. 11O tla ngola mabitso a bara ba Iseraele majweng a mabedi ao, jwalokaha setsebi sa mongolo se ye se ngole setempe sa bopaki; ebe o a kenya shweshweng e entsweng ka kgauta. 12O rokelle majwe ao a mabedi hodima masela a setipe a mahetleng, e be majwe a kgopotso ya bara ba Iseraele. Arone o tla apara setipe se rokeletsweng majwe ao, hore Morena a tle a ba hopole. 13O tla etsa dishweshwe tsa kgauta, 14le diketane tse pedi tsa kgauta e hlwekileng, tse lohilweng jwaloka thapo, o di hokele dishweshweng tseo.”
Mokgabiso wa sefuba
(Phal. 39:8-21)
15“O tla etsa le mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o etswe ke setsebi. O o etse jwalokaha ho entswe setipe, ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng. 16Mokgabiso wa sefuba o tla ba le mahlakore a mane, a menahantsweng; bolelele ba wona bo lekane le seatla, le bophara ba wona bo lekane le seatla. 17Ka ho wona o rokelle mela e mene ya majwe a bohlokwa, a kgabisitsweng. Moleng wa pele e be lejwe la rubi, le la topase, le la karanete. 18Moleng wa bobedi e be lejwe la emeraleda, le la safire, le la daemane. 19Moleng wa boraro e be lejwe la turukose, le la akate, le la ametise. 20Moleng wa bone e be lejwe la berile, le la kareneleane, le la jasepere. Majwe ao a kenngwe shweshweng e entsweng ka kgauta. 21Majwe ana a be leshome le metso e mmedi, ho ya ka mabitso a bara ba Iseraele. Lejwe ka leng le ngolwe lebitso la o mong wa merabe e leshome le metso e mmedi ya bana ba Iseraele, jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki.
22“Hodima mokgabiso wa sefuba o tla etsa diketane tse lohilweng jwaloka thapo; e be mehala e entsweng ka kgauta e hlwekileng. 23Hodima mokgabiso wa sefuba o tla etsa mefitshane e mmedi ya kgauta, mme mefitshane eo e mmedi o tla e hokela dintlheng tse pedi tsa mokgabiso wa sefuba. 24O tla hokela mehala e mmedi ya kgauta mefitshaneng eo e mmedi, e dintlheng tsa mokgabiso wa sefuba. 25Dintlha tse pedi tsa mehala o tla di hokela dishweshweng tse pedi, ebe o di tlamella maseleng a setipe a mahetleng, kapele ho setipe. 26O tla etsa mefitshane e meng e mmedi ya kgauta, o e hokele dintlheng tse pedi, tse katlase, tsa mokgabiso wa sefuba o tobaneng le setipe. 27O boele o etse mefitshane e mmedi ya kgauta, o e hokele ho tloha katlase ho mehala e mmedi ya setipe e mahetleng, kapele ho moo mehala eo e kopanang le setipe teng, kahodima leqhama la setipe. 28O tlame mefitshane ya mokgabiso wa sefuba ka mohala o moputswa, o o tlamelle mefitshaneng ya setipe, hore mokgabiso wa sefuba o tle o dule hodima leqhama, o se ke wa lokoloha setipeng.
29“Jwale Arone o tla kena ka Sehalalelong a apere mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o nang le mabitso a bara ba Iseraele, e le hore Morena a nne a ba hopole. 30Ka mokgabisong wa sefuba wa kahlolo, o tle o kenye majwe a Urime le Thumime, a tle a be sefubeng sa Arone ha a eya kapele ho Morena. Ka mokgwa o jwalo Arone o tla nne a jare kahlolo ya bana ba Iseraele sefubeng sa hae kamehla ha a eya kapele ho Morena.”
Diaparo tse ding tsa boprista
(Phal. 39:22-31)
31“Seaparo se aparwang tlasa setipe o tla se etsa ka lesela le leputswa feela. 32Lesoba la ho se kgetshemetsa hloohong le tla ba hare ho sona, mme ho potoloha lesoba leo ho etswe lemeno le le phethang, le entsweng ke selohi. Lesoba leo le be jwaloka la molala wa baki ya mohlabani, hore le se ke la taboha. 33Lemenong la seaparo o tle o etse dikgarenate ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, ho se potoloha. Pakeng tsa tsona, ho potoloha, o etse mangenengene a kgauta; 34ke hore ho etswe lengenengene la kgauta, ho nto etswa kgarenate; ho etswe lengenengene la kgauta, ho nto etswa kgarenate, jwalojwalo, ho potoloha lemeno la seaparo. 35Arone o tla apara seaparo sena ha a ntshebeletsa, mme modumo wa mangenengene o tla utlwahala ha Arone a kena ka Sehalalelong, kapele ho Morena, leha a etswa, e le hore a se ke a shwa.
36“O tla etsa moqhaka ka kgauta e hlwekileng, mme hodima yona o ngole jwalokaha ho ngolwa setempe sa bopaki, o re: Mohalaledi wa Morena. 37Moqhaka oo o rokellwe katibeng ka mohala o moputswa; o rokellwe phatleng ya katiba. 38Moqhaka oo o be phatleng ya Arone, a tle a jare melato e ka etswang ke bana ba Iseraele, ha ba fana ka dimpho tsa bona tse halalelang. O tla nne o be phatleng ya hae kamehla, e le hore dimpho tseo tsa bona di tle di amohelehe ho Morena.
39“O etse seaparo se fihlang maotong ka lesela le lene, le katiba o e etse ka lesela le jwalo, o be o etse le leqhama le homilweng. 40Bara ba Arone bona o tla ba etsetsa diaparo tse fihlang maotong le maqhama; o be o ba etsetse le dituku tsa hlompho le bokgabane. 41Tsena o di apese moholwane wa hao Arone le bara ba hae; o ba bee ka ho ba tlotsa ka ole, o ba halaletse, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.
42“O ba etsetse marikgwe a lesela le lene, ba tle ba a tene; marikgwe ao a tlohe thekeng, a yo fihla diropeng. 43Arone le bara ba hae ba a tene ha ba kena ka Tenteng ya Morena, kapa ha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa Sehalalelong. Ka mokgwa o jwalo ba ke ke ba jara molato, yaba ba a shwa.
“Molao ona ke wa mehla yohle ho yena, le ho ditloholo tsa hae.”

Currently Selected:

PHALLO 28: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy