YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 26

26
Leaho
(Phal. 36:8-38)
1“Hape o tla etsa leaho ka masira a leshome, a entsweng ka lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu; setsebi se lohelle ditshwantsho tsa dikerubime ho wona. 2Bolelele ba lesira ka leng e be dimethara tse leshome le metso e mmedi, bophara ba lesela ka leng e be dimethara tse pedi, mme masira wohle a lekane. 3Masira a mahlano a rokahanngwe hammoho; le a mang a mahlano hape a rokahanngwe hammoho. 4O tle o etse dikgoketsane ka lesela le leputswa ntlheng ya lesira la pele, moo masira a tla kopana teng, mme o etse jwalo le ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a tla kopana teng. 5O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano lesireng la pele, o etse hape dikgoketsane tse ding tse mashome a mahlano ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a tla kopana teng, dikgoketsane tseo di tobane. 6O tla etsa dihokelo tsa kgauta tse mashome a mahlano, o hokanye masira a mabedi ka dihokelo tseo, e le hore leaho e be ntho e le nngwe.
7“Ka boya ba dipodi o tla etsa masela a tente e kwahelang leaho; o tla etsa masela a leshome le motso o mong. 8Bolelele ba lesela ka leng e be dimethara tse leshome le metso e meraro, bophara ba lesela ka leng e be dimethara tse pedi, mme masela ao a leshome le motso o mong a lekane. 9O tla rokahanya masela a mahlano hammoho, le a mang a tsheletseng o a rokahanye hammoho; lesela la botshelela le tla menwa habedi monyakong wa tente. 10O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la pele, moo masela a tla kopana teng; le dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la bobedi, moo masela a tla kopana teng. 11O tla etsa dihokelo tsa lethose tse mashome a mahlano, ebe o kenya dihokelo dikgoketsaneng; jwale o kopanye tente hore e be ntho e le nngwe. 12Karolo e setseng e leketlile ya masela, ke hore halofo ya lesela e setseng, e tla lepellela fatshe, kamorao ho leaho. 13Disenthimethara tse mashome a mahlano tse setseng ka lehlakoreng la pele, le disenthimethara tse mashome a mahlano tse setseng ka lehlakoreng la bobedi, ke ho re tse setseng boleleleng ba lesela la Tente ya Morena, di tla lepellela mahlakoreng a leaho, ka nqena le ka nqane ho leaho, hore di tle di le kwahele. 14O tla etsetsa Tente ya Morena marulelo ka matlalo a dipheleu a mmasa; o tla e etsetsa marulelo a mang a kahodimo ho ao ka matlalo a diqibi.
15“O tla etsetsa leaho ditshiya tsa dithupa tsa sefate sa mositsane; di tla hlongwa. 16Bolelele ba thupa ka nngwe e be dimethara tse nne, mme bophara ba thupa ka nngwe e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. 17O tla etsa dimapo tse pedi, tse bapileng, tshiyeng e nngwe le e nngwe, mme o tla etsa jwalo ka ditshiya tsohle tsa leaho. 18O tla etsetsa leaho ditshiya tseo; ditshiya tse mashome a mabedi di be ka lehlakoreng le ka borwa. 19O tla etsetsa ditshiya tseo tse mashome a mabedi ditshehetso tsa silefera, tse nang le mekotjana, tse mashome a mane. Ditshehetso tse pedi di be katlasa tshiya e nngwe le e nngwe, moo dimapo tse pedi tsa yona di tla kena teng. 20Ka lehlakoreng la bobedi la leaho, e leng le ka leboya, o etse ditshiya tse mashome a mabedi. 21O etse le ditshehetso tsa tsona tsa silefera, tse mashome a mane, moo dimapo tse pedi tsa tshiya ka nngwe di tla kena teng.
22“Lehlakoreng le kamorao la leaho, e leng le ka bophirimela, o etse ditshiya tse tsheletseng. 23O tla etsa ditshiya tse pedi dihukung tsa lehlakore leo le kamorao la leaho. 24Di tla kopanngwa ho tloha fatshe, ho ya fihla hodimo, moo ho nang le mofitshane wa pele. Ditshiya tsena tse pedi, tse dihukung, di tla etswa jwalo. 25Ho tla ba le ditshiya tse robedi, le ditshehetso tsa silefera tse leshome le metso e tsheletseng; tse pedi di be katlasa tshiya e nngwe le e nngwe.
26“O tla etsa maballo ka ditshiya tsa sefate sa mositsane. Maballo a mahlano a be kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le leng la leaho; 27le a mang a mahlano a be kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le leng hape la leaho, mme a mang a mahlano a be kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le kamorao la leaho, ka nqeng ya bophirimela. 28Leballo le bohareng ba leaho le tla tloha ntlheng e nngwe ya lona, ho isa ho e nngwe. 29Ditshiya tsena o tla di maneha kgauta, o di etsetse mefitshane ya kgauta, eo ho tla kgweswa maballo ho yona, mme ao le wona o tla a maneha kgauta.
30“O tla etsa leaho ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng.
31“O tla etsa lesira ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lesela la lene, le loehileng; e be le entsweng ke ditsebi, le homilweng ditshwantsho tsa dikerubime. 32O tla le leketlisa ditshiyeng tse nne, tse entsweng ka dithupa tsa sefate sa mositsane, tse manehilweng kgauta. Di be le dihokelo tsa kgauta, mme di hlongwe hodima ditshehetso tsa silefera. 33O tla leketlisa lesira dihokelong, mme ka nqane ho lona o bee areka ya selekane. Lesira leo le tla arohanya Sehalalelo ho Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. 34Ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa o tla bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka ya selekane. 35O tla bea tafole ka kwano ho lesira; le sedulwana sa lebone pela tafole, ka lehlakoreng la leaho le ka nqeng ya borwa. Tafole yona o tla e bea ka lehlakoreng le ka leboya.
36“Jwale ebe o etsa lesira la monyako wa Tente ya Morena; o le etse ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng, mme le etswe ke sehomi. 37Lesira leo o le etsetse ditshiya tse hlano, tse entsweng ka dithupa tsa sefate sa mositsane, tse manehilweng kgauta. Di be le dihokelo tsa kgauta; o be o di etsetse ditshehetso tse hlano tsa lethose.”

Currently Selected:

PHALLO 26: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy