YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 25

25
Dimpho tse ntshetswang Sehalalelo
(Phal. 35:4-9)
1Morena a bua ho Moshe, a re: 2“Bua le bana ba Iseraele, o re ba nntshetse dimpho. Le amohele dimpho tsa ka ho motho ka mong ya ithaopang. 3Ke tsena dimpho tseo le tla di amohela ho bona: kgauta, le silefera, le lethose; 4masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lesela la lene, le ka boya ba dipodi; 5matlalo a dipheleu a mafubedu ke mmasa, le matlalo a diqibi, le dithupa tsa sefate sa mositsane; 6le ole ya ho bonesa, le dinoko tsa ole ya ho tlotsa, le mokubetso o monko o monate; 7le majwe a kareneleane, le mahakwe a rokellwang setipeng, le mokgabisong wa sefuba.
8“Jwale ba nketsetse Sehalalelo, ke tle ke ahe hara bona. 9Le se etse ho latela tsohle tseo ke tla o bontsha tsona setshwantshong, e leng setshwantsho sa leaho, le setshwantsho sa thepa yohle ya lona.”
Areka ya selekane
(Phal. 37:1-9)
10“Ba etse areka ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, mme bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. 11O manehe kgauta e hlwekileng hodima areka eo; o e manehe kantle le kahare, mme hodima yona o etse moqhaka wa kgauta o e potolohang. 12O tle o e etsetse mehele e mene ya kgauta, o e kgwese maotong a yona a mane; mehele e mmedi e be ka lehlakoreng la pele, le e meng e mmedi ka lehlakoreng la bobedi. 13Ka dithupa tsa sefate sa mositsane o etse mefeng e jarang, o e manehe kgauta. 14Mefeng eo o tla e kgwesa meheleng e mahlakoreng a areka, ho tle ho jarwe areka ka yona. 15Mefeng e jarang e tla kenngwa meheleng ya areka, mme e se ke ya ba ya ntshwa meheleng eo. 16Ka arekeng o tla kenya matlapa a ngotsweng Molao, ao ke tla o nea wona.
17“O tla etsa sekwahelo sa tefelo ya sebe ka kgauta e hlwekileng; bolelele ba sona e be disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba sona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. 18O tla etsa dikerubime tse pedi tsa kgauta; o di etse ka kgauta e thutsweng, mme di be ntlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe. 19Kerubime ya pele e be ka ntlheng ena ya sekwahelo, kerubime ya bobedi e be ka ntlheng yane ya sona. Dintlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe, o etse dikerubime. 20Mapheo a dikerubime a otlolohele hodimo, a kgurumetse sekwahelo sa tefelo ya sebe, mme difahleho tsa tsona di tadimane; difahleho tsa dikerubime di tadime malebana le sekwahelo sa tefelo ya sebe. 21O tla bea sekwahelo sa tefelo ya sebe hodima areka, mme kahare ho areka o tla kenya matlapa a ngotsweng Molao, ao ke tla o nea wona. 22Ke tla kopana le wena hona moo, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, pakeng tsa dikerubime tse pedi, tse hodima areka ya selekane. Ke tla o nea melao yohle ya bana ba Iseraele.”
Tafole ya bohobe bo halalelang
(Phal. 37:10-16)
23“O tla etsa tafole ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be disenthimethara tse mashome a robedi a metso e robedi, bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mene, mme bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng. 24O tla e maneha kgauta e hlwekileng, o e etsetse moqhaka wa kgauta o e potolohang. 25O tla e etsetsa modimako o bophara ba seatla, o e potolohang, le moqhaka wa kgauta o potapotang modimako oo wa yona. 26O tla e etsetsa mehele e mene ya kgauta, mme o hokele mehele eo dihukung tse nne tsa maoto a yona a mane. 27Haufi le modimako ho tla ba le mehele e tla kgwesa mefeng e jarang tafole. 28Ka dithupa tsa sefate sa mositsane o tla etsa mefeng, o e manehe kgauta, mme ke yona e tla jara tafole. 29O tla e etsetsa mafiso, le mafiswana, le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Tsena di etswe ka kgauta e hlwekileng. 30O tla bea bohobe bo halalelang tafoleng kamehla.”
Sedulwana sa lebone sa kgauta
(Phal. 37:17-24)
31“O tla etsa sedulwana sa lebone ka kgauta e hlwekileng. Sedulwana seo sa lebone o se etse ka kgauta e thutsweng. Madulo a sona, le lenono la sona, le dikgakeletso tsa sona, le dipalesa tsa sona, le dithunthung tsa sona, di thulellwe ho sona. 32Lenono la sedulwana le tla ba le makala a tsheletseng: a mararo a be ka lehlakoreng la pele, a mang a mararo a be ka lehlakoreng la bobedi. 33Lekaleng le leng ho be le dikgakeletso tse tharo, tse kang tsa sefate sa perekisi, se nang le dipalesa le dithunthung; lekaleng le leng hape ho be le dikgakeletso tse tharo, tse kang tsa sefate sa perekisi, se nang le dipalesa le dithunthung. Ho be jwalo makaleng a tsheletseng, a tlohang lenonong la sedulwana. 34Sedulwaneng ho be le dikgakeletso tse nne, tse kang tsa sefate sa perekisi, se nang le dipalesa le dithunthung. 35Ho be le palesa tlasa manono a mabedi a sona, le palesa e nngwe hape tlasa manono a mabedi a sona; le palesa e nngwe hapehape tlasa manono a mabedi a sona. Ho be jwalo makaleng a tsheletseng, a tlohang lenonong la sedulwana. 36Dipalesa le manono a tsona di thulellwe le sedulwana, e be ntho e le nngwe e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e thutsweng.
37“O tla se etsetsa mabone a supileng, lebone ka leng le bewe ka mokgwa wa hore le bonese sebaka se kapele ho lona. 38Matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, e be tsa kgauta e hlwekileng. 39Sedulwana sena, le thepa yohle ya sona, di etswe ka kgauta e hlwekileng, e lekanang le dikilo tse mashome a mararo a metso e mene ka boima. 40Hlokomela, o di etse ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng.”

Currently Selected:

PHALLO 25: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy