YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 18

18
Jethero o etela Moshe
1Jethero, moprista wa Midiane, mohwe wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo a di etseditseng Moshe, le Iseraele setjhaba sa hae, le hore Morena o ntshitse Iseraele Egepeta.
2Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, o ne a ile a tlisa Sefora, mosadi wa Moshe, eo Moshe a neng a ile a mo kgutlisetsa ha habo, 3le bara ba hae ba babedi. Lebitso la e mong wa bona e ne e le Gereshome, hobane Moshe o ne a re: “Ke bile mojaki naheng ya baditjhaba.” 4Lebitso la mora e mong wa hae e ne e le Eleesare, hobane Moshe o ne a re: “Modimo wa bontate o ile a nthusa, mme o ile a nnamolela ha Faro a ne a mpolaya ka sabole.”
5Ha Moshe a le lehwatateng, thabeng ya Modimo, moo a neng a hlomile teng, mohwe wa hae Jethero, a fihla moo a ena le bara ba Moshe, le mosadi wa Moshe. 6Yaba o tsebisa Moshe o re: “Nna Jethero, mohwe wa hao, ke tlile ho wena, ke ena le mosadi wa hao, le bara ba hao ba babedi bao a nang le bona.” 7Jwale Moshe a tswa ho ya kgahlanyetsa mohwe wa hae; a itihela kapele ho yena, a mo aka. Ba botsana bophelo, ba nto kena ka tenteng.
8Moshe a phetela mohwe wa hae tsohle tseo Modimo a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka lebaka la Baiseraele; le ditsietsi tsohle tseo ba di fumaneng tseleng, le kamoo Modimo a ba lopolotseng kateng. 9Jethero a nyakalla ka baka la tsohle tseo Morena a di etseditseng Baiseraele bao a ba lopolotseng matsohong a Baegepeta. 10Yaba Jethero o re: “Ho bokwe Morena ya le namoletseng matsohong a Baegepeta, le matsohong a Faro; ya namoletseng tjhaba sa hae matsohong a Baegepeta. 11Jwale ke a tseba hore Morena o moholo ho feta medimo yohle, hobane ruri o lopolotse setjhaba sa hae ho ba neng ba ikgantshetsa sona.” 12Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, a nyehella Modimo ka sehlabelo sa setjheso, le ka mahlabelo a mang. Arone, le baholo bohle ba Baiseraele, ba tla ho ja dijo le mohwe wa Moshe, kapele ho Modimo.
Ho kgethwa baahlodi
(Dipo. 1:9-18)
13Ka letsatsi la hosasane Moshe a dula kgotla ho ahlola batho. Setjhaba sa ema kapele ho Moshe ho tloha hoseng, ho fihlela mantsiboya. 14Mohwe wa Moshe a bona tsohle tseo Moshe a neng a di etsetsa setjhaba, mme a re: “Keng ee, eo o e etsetsang setjhaba? Ke ka baka lang ha o ahlola o le mong, mme setjhaba sohle se eme kapele ho wena ho tloha hoseng, ho fihlela mantsiboya?”
15Yaba Moshe o re ho mohwe wa hae: “Ke hobane batho ba tla ho nna ho tla tseba thato ya Modimo. 16Ha ba ena le dinyewe, ba tla ho nna, mme ke ahlolele motho le ngoanabo, ke ba rute ditaelo tsa Modimo le melao ya hae.”
17Yaba mohwe wa Moshe o re ho yena: “Ntho ena eo o e etsang ha e ntle. 18Ruri o tla kgathala, wena le setjhaba sena seo o nang le sona. Mosebetsi ona o o imela haholo, mme o sitwa ho o etsa o le mong. 19Jwale ako mamele lentswe la ka; ke tla o eletsa, mme Modimo a ke a be le wena! E be wena ya bang lebitsong la setjhaba kapele ho Modimo, ditaba tsa bona o di tlise kapele ho Modimo. 20Wena o ba rute ditaelo le melao, mme o ba tsebise tsela eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona, le seo ba tshwanetseng ho se etsa. 21Hara setjhaba sohle o kgethe banna ba bohlale, ba tshabang Modimo, banna ba nnete, ba hloileng tjotjo; o ba etse babusi ba busang batho ka dikete, ba busang batho ka makgolo, ba busang batho ka mashome a mahlano, ba busang batho ka mashome. 22O ba etse baahlodi ba setjhaba ka dinako tsohle. Dinyewe tsohle tse kgolo ba di tlise ho wena, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlole. Iphokoletse mosebetsi jwalo, mme ba o imolle. 23Haeba o ka etsa taba ena, jwalokaha Modimo a o laela, o tla tseba ho tiisetsa mosebetsing, le setjhaba sena sohle se tla kgutlela malapeng a sona ka kgotso.”
24Moshe a mamela lentswe la mohwe wa hae, mme a etsa sohle seo a se boletseng. 25Moshe a kgetha banna ba bohlale hara Baiseraele bohle, a ba etsa dihlooho tsa setjhaba: ya eba babusi ba batho ba dikete, babusi ba batho ba makgolo, babusi ba batho ba mashome a mahlano, le babusi ba batho ba mashome. 26Ba ahlolela batho ka dinako tsohle. Dinyewe tse boima ba di isa ho Moshe, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlola ka bobona.
27Jwale Moshe a lakaletsa mohwe wa hae tsela tshweu, mme eo a ipoella naheng ya habo.

Currently Selected:

PHALLO 18: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy