YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 16

16
Manna le dikwekwe
1Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa tloha Elime, sa ya fihla lehwatateng la Sine, pakeng tsa Elime le Sinai. E ne e le letsatsi la leshome le metso e mehlano, la kgwedi ya bodedi ya ho tloha ha bona naheng ya Egepeta. 2Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone lehwatateng. 3Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.”
4Yaba Morena o re ho Moshe: “Bona, ke tla le nesetsa dijo tse tswang lehodimong. Setjhaba se tla tswa, se yo thonaka ho lekaneng letsatsi ka leng, e le hore ke tle ke se leke, ke bone hore na se tla tsamaya ka Molao wa ka kapa tjhe. 5Ka letsatsi la botshelela se tla bokella, mme se bokelle ho lekaneng matsatsi a mabedi.”
6Moshe le Arone ba re ho bana bohle ba Iseraele: “Mantsiboyeng wona ana, le tla tseba hore Morena ke yena ya le ntshitseng naheng ya Egepeta. 7Hoseng le tla bona tlotla ya Morena, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Jwale rona re bo-mang, hoo le ka re korotlelang?”
8Moshe a re: “Ke Morena ya tla le fa nama mantsiboya, hore le je; le bohobe hoseng, hore le kgore, hobane o utlwile kamoo le mo korotlelang kateng. Rona re bo-mang? Ha le korotlele rona, le korotlela Morena.”
9Jwale Moshe a re ho Arone: “Ere ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele: ‘Tloong kapele ho Morena, hobane o utlwile ho korotla ha lona.’ ”
10Yare ha Arone a ntse a bua le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, sa tadima lehwatateng, mme sa bona tlotla ya Morena e iponahatsa lerung.
11Yaba Morena o bua ho Moshe, o re: 12“Ke utlwile ho korotla ha bana ba Iseraele; bua le bona, o re: ‘Mantsiboya le tla ja nama, hoseng le tla ja bohobe, le kgore. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”
13Mantsiboya ha nyoloha dikwekwe, tsa fihla tsa hwaramana diahelong tsa bona. Hoseng ha tsoha ho letse phoka diahelong tsa bona. 14Ha phoka ena e ntse e nyamela, hodima lehwatata ha bonahala ho hong ho honyenyane, ho kang mahehefa, ho honyenyane jwaloka serame se letseng. 15Bana ba Iseraele ba bona hona, mme ba botsana, ba re: “Hoo keng?” Ke hobane ba ne ba sa tsebe hore na ke eng.
Yaba Moshe o re ho bona: “Hono ke bohobe boo Morena a le fileng bona, hore le je. 16Sena ke seo Morena a se laetseng: ‘Motho ka mong a ipokellele ho lekaneng hore a je. Tekanyo ya motho ka mong ke dilethara tse pedi, ho latela palo ya batho; motho ka mong a nkele ba ka tenteng ya hae.’ ”
17Bana ba Iseraele ba etsa jwalo. Ba thonaka, e mong a bokella haholo, e mong hanyenyane. 18Ha ba etsa tekanyo ka dilethara tse pedi, ya neng a bokeletse haholo a se ke a sallwa ke letho; le ya neng a bokeletse hanyenyane a se ke a haellwa ke letho; e mong le e mong o ne a bokeletse ho lekaneng hore a je.
19Moshe a re ho bona: “Ho se be ya bolokelang letsatsi la hosasane!”
20Empa ha ba a ka ba mamela Moshe; ba bang ba di bolokela letsatsi la hosasane, yaba di nyeunya diboko, di a nkga. Moshe a ba halefela.
21Hosasa ho hong le ho hong ba bokella; e mong le e mong a bokella ho lekaneng hore a je, empa ha letsatsi le tjhesa di ne di ye di qhibidihe.
22Ka letsatsi la botshelela ba bokella bohobe ba matsatsi a mabedi, motho ka mong dilethara tse nne. Baokamedi bohle ba setjhaba ba tla, ba tsebisa Moshe. 23Moshe a re ho bona: “Sena ke seo Morena a se boletseng: ‘Hosasane ke letsatsi la phomolo; ke letsatsi la phomolo la Sabatha sa Morena. Seo le se besang le se bese, seo le se apehang le se apehe; sohle se salang le se bolokele la hosasane.’ ”
24Yaba ba di bolokela la hosasane, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse, mme tsa se ke tsa nkga, le diboko tsa se ke tsa eba teng ho tsona. 25Moshe a re: “Di jeng kajeno, hobane kajeno ke Sabatha sa Morena. Kajeno ha ho letho leo le ka le fumanang naheng. 26Le tla di bokella ka matsatsi a tsheletseng, empa ka letsatsi la bosupa, leo e leng la Sabatha, ha ho letho le tla ba teng.”
27Ka letsatsi la bosupa batho ba bang ba tswa ho ya ithonakela, empa ba se ke ba fumana letho. 28Yaba Morena o re ho Moshe: “Ke ho fihlela neng le tla hana ho boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka? 29Bonang, Morena o le neile Sabatha; ka baka lena, ka letsatsi la botshelela o tla le nea dijo tse lekaneng matsatsi a mabedi. Bohle ba dule moo ba leng teng. Ho se be motho ya tla tloha ha hae ka letsatsi la bosupa.” 30Setjhaba sa phomola ka letsatsi la bosupa.
31Yaba setjhaba sa Iseraele se rea dijo tseo lebitso la manna, kaha di ne di tshwana le peo e tshweunyana, mme di latsweha jwaloka dikuku tse entsweng ka mahe a dinotshi.
32Jwale Moshe a re: “Seo Morena a se laetseng ke sena: ‘Tlatsang dilethara tse pedi ka manna, le a bolokele ditloholo tsa lona, e le hore di tle di bone bohobe boo ke ileng ka le fepa ka bona lehwatateng, hoba ke le ntshe naheng ya Egepeta.’ ”
33Yaba Moshe o re ho Arone: “Nka nkgo e le nngwe, o tshele manna a etsang dilethara tse pedi ka ho yona, o e bee kapele ho Morena, e tle e bolokelwe ditloholo tsa lona.”
34Arone a etsa jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, a bea nkgo pela matlapa a ngotsweng Molao, hore e bolokwe. 35Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba nna ba ja manna, ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi; ba ja manna ho fihlela ba fihla meeding ya naha ya Kanana.
36Dilethara tse pedi e ka ba karolo e le nngwe ya tse leshome tsa moritshwana oo ho neng ho lekannywa ka wona.

Currently Selected:

PHALLO 16: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy