YouVersion Logo
Search Icon

PHALLO 13

13
Matsibolo a kgethelwe Morena
1Morena a bua ho Moshe, a re: 2“Nkgethele matsibolo wohle. Letsibolo le leng le le leng hara bara ba Iseraele, la motho le la phoofolo, ke la ka.”
Mokete wa bohobe bo sa lomoswang
3Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng. 4Kajeno lena, ka kgwedi ya Mmesa, le a tsamaya. 5Ha Morena a le fihlisa naheng ya Bakanana, le ya Bahete, le ya Baamore, le ya Bahife, le ya Bajebuse, eo a ileng a e hlapanyetsa bo-ntata lona, hore o tla le nea yona, e leng naha e phallang lebese le mahe a dinotshi, le tle le etse tshebeletso ena, ka kgwedi ena. 6Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang, mme ka letsatsi la bosupa e be mokete wa Morena. 7Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang; bohobe bo lomositsweng bo se ke ba bonwa mahalona; le ditomoso di se ke tsa bonwa naheng ya lona. 8Ka letsatsi lena o tla bolella mora wa hao, o re: ‘Ke etsa hona ka baka la seo Morena a ileng a nketsetsa sona, mohla ke tswang Egepeta.’ 9Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao, hore o nne o bolele Molao wa Morena wa hao, hobane Morena o o ntshitse Egepeta ka letsoho la hae le matla. 10O tla boloka taelo ena ka nako ya teng, ka selemo se seng le se seng.”
Matsibolo
11“E tle ere ha Morena a se a o fihlisitse naheng ya Kanana jwalokaha a ile a o hlapanyetsa, wena le bo-ntatao, hore o tla o nea yona, 12o tle o kgethele Morena matsibolo wohle a batho, le matsibolo a diphoofolo tsohle tsa hao. Tsohle tse tona ke tsa Morena. 13Matsibolo wohle a ditonki o tla a lopolla ka konyana, mme ha o sa a lopolle, o a sothe melala. Matsibolo wohle a ba batona a bana ba hao o a lopolle.
14“Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Hoo ke eng?’ wena o tle o re ho yena: ‘Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng. 15E ile yare ha Faro a ngangella, a hana ho re lokolla, Morena a bolaya matsibolo wohle naheng ya Egepeta, ho qala ka matsibolo a batho, ho isa ho matsibolo a diphoofolo. Ke ka lebaka lena ke etsetsang Morena sehlabelo ka letsibolo le leng le le leng le letona, empa matsibolo a matona, a bara ba ka, ke a a lopolla.’ 16Tshebeletso ena e tla ba kgopotso, jwalokaha eka ke letshwao le entsweng letsohong la hao, kapa phatleng ya hao; e re hopotsa hore Morena o ne a re ntshe Egepeta ka letsoho la hae le matla.”
Leru le lopaletseng le kganare ya mollo
17Ha Faro a se a lokolotse setjhaba, Modimo ha a a ka a se tsamaisa ka tsela ya Filesitia, leha e ne e le haufi, hobane Modimo o ne a re: “Mohlomong setjhaba se ka tshoha se kweneha ha se bona ntwa, mme sa kgutlela Egepeta.” 18Empa Modimo a tsamaisa setjhaba seo ka tsela e potang lehwatateng, e lebang Lewatleng la Lehlaka. Bana ba Iseraele ba nyoloha naheng ya Egepeta ba hlometse.
19Moshe a nka masapo a Josefa, hobane Josefa o ne a ile a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: “Ruri Modimo o tla le etela; le tle le nyolohe le masapo a ka ha le tloha mona.”
20Ba tsamaya ho tloha Sukote, mme ba fihla ba hloma Ethame, meeding ya lehwatata. 21Motsheare Morena o ne a ba eteletse pele ka leru le lopaletseng, ho ba bontsha tsela; bosiu ka kganare ya mollo, ho ba bonesetsa, hore ba tsebe ho tsamaya bosiu le motsheare. 22Leru le lopaletseng le nnile la ba kapele ho setjhaba motsheare, le kganare ya mollo kapele ho sona bosiu.

Currently Selected:

PHALLO 13: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy