YouVersion Logo
Search Icon

ESETERE 6

6
Kgosi e tlotla Moredekai
1Bosiung bona boo kgosi ya hlobaela, ya ba ya laela hore e tlisetswe buka eo ho ngotsweng diketsahalo tse fetileng ho yona, mme ya e ballwa. 2Ha fumanwa bukeng eo ho ngotswe hore Moredekai o kile a sebela kgosi tsa morero wa bo-Bigitane le Tereshe wa ho bolaya kgosi. Bana e ne e le mahaole a mabedi a kgosi, e bile e le balebedi ba monyako, ba neng ba batla ho bolaya kgosi Ahashuerushe.
3Yaba kgosi e re: “Moredekai o kile a newa tlotla efe le hlompho efe ka ketso eo?”
Bahlanka ba kgosi ba neng ba e sebeletsa, ba re: “Ha ho letho leo a kileng a le etsetswa!”
4Kgosi ya re: “Ke mang ya ka seotlwaneng?”
Ka yona nako eo Hamane o ne a sa tswa kena ka seotlwaneng se kantle ho ntlo ya kgosi, ho ya bua le kgosi hore e fanyehe Moredekai sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona, seo a mo lokiseditseng sona.
5Bahlanka ba kgosi ba re ho yona: “Ke Hamane ya emeng ka seotlwaneng.”
Kgosi ya re: “Ereng a kene!”
6Yaba Hamane o a kena. Kgosi ya re ho yena: “Ho etswe jwang ka motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla?”
Hamane a bua ka pelo, a re: “E ka ba mang eo kgosi e ka thabelang ho mo tlotla, haese nna!”
7Hamane a araba kgosi, a re: “Motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla, 8a tlisetswe seaparo se aparwang ke kgosi, a tlisetswe le pere e palangwang ke kgosi, le mofapahlooho o rwalwang ke kgosi. 9Seaparo seo, le pere eo di newe e mong wa mahosana a tlotlehang haholo a kgosi, e le hore mahosana ao a tle a apese motho eo seaparo seo, mme a mo tsamaise lebaleng la motse a palame pere. Mahosana ao a howe, a re: ‘Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla!’ ”
10Kgosi ya re ho Hamane: “Potlaka he o nke seaparo seo, le pere eo, mme Moredekai wa Mojuda, ya dutseng monyakong wa ntlo ya kgosi, o mo etse jwalokaha o boletse, o phethe tsohle tseo o di boletseng.”
11Jwale Hamane a nka seaparo seo, le pere eo, a apesa Moredekai seaparo, a mo palamisa pere, a mo tsamaisa lebaleng la motse, a howeletsa a le kapele ho yena, a re: “Sena ke sona se tla etswa ho motho eo kgosi e thabelang ho mo tlotla!”
12Moredekai a boela monyakong wa kgosi, empa Hamane yena a potlakela ha hae, a sulafaletswe, a ikgurumeditse hlooho. 13Hamane a bolella Sereshe, mosadi wa hae, le metswalle ya hae yohle, tsohle tse mo hlahetseng.
Yaba metswalle eo ya hae e bohlale, le Sereshe, mosadi wa hae, ba re ho yena: “Haeba Moredekai, eo o seng o qadile ho theoha boemong ba hao kapele ho yena, e le wa leloko la Bajuda, o ke ke wa hlola o mo hlola, empa o tla fela o timele!” 14Yare ba sa ntsane ba buisana le yena, mahaole a kgosi a fihla, a potlakisetsa Hamane moketeng oo Esetere a o lokisitseng.

Currently Selected:

ESETERE 6: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy