YouVersion Logo
Search Icon

BAEFESE 3

3
Paulosi, moapostola wa baditjhaba
1Ke ka hona, nna Paulosi, ke le motshwaruwa ka baka la Kreste Jesu, le ka baka la lona baditjhaba, ke rapelang Modimo.
2Ke a tshepa, le utlwile kamoo Modimo a nneileng tshebetso ya mohau eo ke e etsetsang lona kateng, 3le kamoo, ka ho senolelwa, ke tsebisitsweng sephiri sa hae kateng, jwalokaha ke se ke ngotse hakgutshwanyane. 4Ka ho bala seo ke se ngotseng, le tla elellwa kutlwisiso eo ke nang le yona ya sephiri sa Kreste. 5Mehleng e fetileng Modimo ha a a ka a tsebisa batho sephiri seo, empa kajeno, ka Moya, o se senoletse baapostola le baporofeta ba hae ba halalelang. 6Sephiri seo ke ho re, ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo, baditjhaba ke majalefa mmoho le Bajuda, bobedi ke ditho tsa mmele o le mong, mme ba na le kabelo tshepisong e le nngwe.
7Ke entswe mosebeletsi wa molaetsa oo, ka mpho ya mohau eo Modimo a mphileng yona, ka ho sebedisa matla a hae. 8Nna ke e monyenyane hara badumedi bohle, empa ke abetswe mosebetsi ona o kgethehileng, wa ho bolella baditjhaba molaetsa o molemo wa menono e ke keng ya lekanngwa ya Kreste, 9le ho bontsha batho bohle kamoo Modimo a phethahatsang morero wa hae wa sephiri kateng. Haesale Modimo, Mmopi wa tsohle, a patile sephiri seo sa hae, 10e le hore kajeno, ka kereke, meya e busang, le e laolang sebakeng, e tle e tsebe bohlale ba Modimo ka mefuta yohle ya bona. 11Modimo o entse hona ka ho ya ka morero wa hae wa kgalekgale, oo a o phethileng ka Kreste Jesu, Morena wa rona. 12Ke ka Kreste, le ka ho dumela ho yena, re nang le sebete sa ho atamela ho Modimo ka tshepo. 13Ka hona ke le kopa hore le se ke la tepella, hobane ke matshwenyehong ka baka la lona, mme le ka ithorisa ka wona.
Ho tseba lerato la Kreste
14Ka baka leo, ke kgumamela Ntate, 15eo meloko yohle e mahodimong le lefatsheng e reeletsweng ka yena. 16Ka ho ya ka boholo ba tlotla ya hae, a ke a le ekeletse matla ka Moya wa hae le tle le matlafale bothong ba lona ba moya, 17e le hore, ka tumelo, Kreste a ahe ka dipelong tsa lona. Le tsitse, le tiye leratong, 18hore, mmoho le badumedi bohle, le tle le tsebe ho utlwisisa seo bophara ba lona, bolelele ba lona, bophahamo ba lona, le botebo ba lona bo leng sona. 19Le tsebe lerato la Kreste le fetang tsebo yohle, e le hore le tlale bophelo bo phethehileng ba Modimo.
20Yena eo matla a hae, ka ho sebetsa ka ho rona, a ka etsang tse fetang hole tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di hopolang, 21a ke a tlotliswe kerekeng le ho Kreste Jesu, kamehla le mehla, ka mengwaha le mengwaha. A ho be jwalo!

Currently Selected:

BAEFESE 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy