YouVersion Logo
Search Icon

BAEFESE 2

2
Ho tswa lefung, ho kena bophelong
1Le ne le shwele ka baka la ditshito le dibe tsa lona, 2tseo le neng le phela ho tsona pele, ho ya ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka mmusi ya renang sebakeng, e leng moya o sebetsang jwale bathong ba sa mameleng. 3Pele, le rona bohle, re ne re balellwa hara bona, re latela ditakatso tsa rona tsa botho, re phetha thato ya tsona le ya maikutlo a rona. Ho ya ka tlhaho, re ne re le batho ba lokelwang ke kgalefo ya Modimo, jwaloka ba bang bohle. 4Empa, erekaha Modimo a le mohau haholo, ka baka la lerato leo a re ratang ka lona, 5o re tsositse bafung le Kreste, ha re ne re shwele ka baka la ditshito tsa rona. Hopolang he, hore ke ka mohau wa hae le pholositsweng. 6Modimo o re tsositse le Kreste, a re bea mmoho le yena mahodimong. 7Hona o ho entse hore mehleng e tlang a tle a bonahatse mohau wa hae o moholo ka ho fetisisa, ka mosa oo a re etseditseng wona ho Kreste Jesu, 8hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo; 9hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa. 10Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.
Setjhaba se le seng ho Kreste
11Hopolang hore pele le ne le le baditjhaba ka tswalo, lona ba bitswang maqai ke Bajuda, bona ba ipitsang ba bolotseng, ka baka la lebollo le entsweng nameng ke batho. 12Ka nako eo le ne le se na Kreste, le se monamane wa setjhaba sa Iseraele ho hang, le se na kabelo dilekaneng le ditshepisong, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng lena. 13Empa jwale, kaha le le ho Kreste Jesu, lona bao pele le neng le le hole, le atameditswe ka madi a Kreste.
14Ke yena kgotso ya rona, ya entseng Bajuda le baditjhaba setjhaba se le seng, eo ka mmele wa hae a heleditseng lerako la bora le dipakeng tsa bona. 15O fedisitse melawana le ditaelo tsa Molao wa Moshe. O bopile kgotso ka ho kopanya Mojuda le moditjhaba, a ba etsa motho e motjha ho yena. 16E ne e le hore a tle a ba boelanye le Modimo, ba babedi a ba etse mmele o le mong ka sefapano, a fedise bora ka sona. 17O tlile ho bolela molaetsa o molemo wa kgotso ho lona ba leng hole, le ho ba leng haufi. 18Ke ka yena, rona bohle, Bajuda le baditjhaba, re nang le tokelo ya ho atamela ho Ntate ka Moya o le mong.
19Ha ho le jwalo, ha le sa le melata kapa bajaki, empa le se le le baahi ba sebele hammoho le bahalaledi, mme le ba lelapa la Modimo. 20Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona. 21Ke ho yena mohaho wohle o kopantsweng hammoho, mme o holang, o fetohang tempele e halalelang ya Morena. 22Ho yena le lona le haheletswe hammoho le ba bang, hore le be leaho la Modimo la moya.

Currently Selected:

BAEFESE 2: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy