YouVersion Logo
Search Icon

MORUTI 9

9
Pheletso ya bohle e a tshwana
1Tsena tsohle ke ile ka di nahana, ka leka ho di hlalosa, ka fumana hore ba lokileng le ba bohlale, hammoho le mesebetsi ya bona, ba matsohong a Modimo. Hore na ba a ratwa kapa ba hloilwe, le teng ha ba tsebe; motho ha a tsebe se mo tlelang. 2Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang: Ya lokileng le ya kgopo, ya molemo le e mobe, ya hlwekileng le ya sa hlwekang, ya etsang mahlabelo le ya sa etseng mahlabelo. Ya etsang hantle o tshwana le moetsadibe; ya hlapanyang o tshwana le ya sa hlapanyeng.
3Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu. 4Ya ntseng a phela o sa na le letshepa, hobane le ntja e phelang e molemo ho feta tau e shweleng.
5Ba phelang bona
ba a tseba hore ba tla shwa,
athe bafu bona
ha ho letho leo ba le tsebang,
moputso le wona
ha ba ka ke ba o fumana,
esita le ho hopolwa
ha ba sa hopolwa.
6Lerato le lehloyo le lefufa la bona,
tsena tsohle di timetse le bona;
ha ba ka ke ba hlola
ba eba le kabelo
ho tsohle tse etswang
mona lefatsheng.
7Eya, o itjelle dijo ka thabo,
o inwelle veine o nyakaletse,
hoba Modimo o sa kgahlisitswe
ke ketso tsa hao.
8Kamehla o apare aparo tse tshweu,
kamehla hlooho ya hao
e tlotswe ka ole.
9Ka matsatsi wohle a bophelo ba hao ba lefeela, boo Modimo a o neileng bona mona lefatsheng, e leng matsatsi a se nang thuso, iphelele ka thabo le mosadi wa hao eo o mo ratang. Ona ke wona moputso oo o o fumanang ha o ntse o phela, mme o sebetsa ka thata mona lefatsheng. 10Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
11Ke bone ho hong hape mona lefatsheng:
Ba lebelo
hase bona ba siyang kamehla,
dinatla
hase tsona tse hlolang kamehla,
ba bohlale
hase bona ba tjhayang kamehla,
ba masene
hase bona ba ruang kamehla,
bahlalefi ha ba dule
tulo tse phahameng kamehla;
menyetla e tlela bohle
ka dinako tsa yona.
12Hape ha ho motho ya tsebang hore na nako ya hae e tla tla neng:
Jwalokaha tlhapi di tshwaswa
ke tlowa le sehloho,
kapa dinonyana di tshwaswa
ke leraba,
batho le bona ba tshwaswa
ke nako tse mahlonoko,
di ba tsometse ba sa lebella letho.
Bohlale bo molemo ho feta bothoto
13Ke bone bohlale bona bo bong hape mona lefatsheng, mme ha ke bo tadima ke bona bo le boholo: 14Ho kile ha eba le motsana o nang le baahi ba seng bakae. Yaba kgosi e nngwe a matla e a o futuhela, e o etsetsa thibella, e haha marako ho o potapota. 15Motsaneng oo ho ne ho ena le monna e mong ya futsanehileng, ya bohlale, eo ka bohlale ba hae a ileng a o lopolla; feela ha ho ya kileng a mo hopola. 16Yaba ke re: “Bohlale bo molemo ho feta bonatla!” Empa bohlale ba monna ya futsanehileng bo a nyediswa, le dipolelo tsa hae ha di mamelwe.
17Polelo tse bonolo,
tse buuwang ke mohlalefi,
di molemo ho feta mehoo
ya ya busang dithoto.
18Bohlale bo molemo
ho feta hlomo tsa ntwa,
modibe ya mong
o senya tse ngata tse molemo.

Currently Selected:

MORUTI 9: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy