YouVersion Logo
Search Icon

MORUTI 8

8
1Ya tshwanang le mohlalefi
ke mang?
Ya tsebang ho hlalosa dintho
ke mang?
Bohlale bo edisa fahleho sa motho,
ho tsunkana ha sona ebe ho a fetoha.
Hlomphang kgosi
2Ke re ho lona: Hlomphang taelo ya kgosi, hobane le entse kano kapele ho Modimo. 3Le se no potlakela ho tloha kapele ho kgosi, le se ke la ngangella tabeng e mpe, hobane kgosi e etsa seo e se ratang. 4Kaha lentswe la kgosi le ena le matla, ke mang ya ka reng ho yona: “Jwale o etsang?”
5Ya hlomphang taelo ya kgosi
a ke ke a tswa kotsi,
mohlalefi o tseba
hore nako ya kahlolo e teng.
6Ntho ka nngwe
e na le nako ya kahlolo ya yona,
empa bokgopo ba motho
bo mo imela haholo.
7Motho ha a na tsebo
ya tse tla etsahala;
tsa maisao
a ka di senolelwa ke mang?
8Motho ha a na matla
a ho busa moya wa hae,
kapa a ho laola
tsatsi la lefu la hae;
ha ntwa e kopane
ha ho bewe dihlomo fatshe,
bokgopo bo ke ke ba lokolla
ba bo etsang!
9Tsena tsohle ke ile ka di elellwa, ha ke ntse ke nahana dintho tsohle tse etswang mona lefatsheng. Ka hlokomela kamoo motho e mong a iketsang mmampodi kateng hodima ba bang, mme a ba hlokofatsa. 10Ka bona le ba kgopo ba epelwa, bona ba neng ba ye ba kene ba be ba tswe sebakeng se halalelang, mme baahi ba motse ba ba rorisetse tseo ba di entseng. Hona le hona ke lefeela.
11Ka baka la hobane ba kgopo ba dieha ho ahlolwa, batho ba ikemiseditse ho etsa bobe ka sebete. 12Leha moetsadibe a ka etsa bokgopo halekgolo, yaba o phela halele, feela ke tseba hantle hore ba tshabang Modimo, ba mo hlomphang, ke bona ba tla phela hamonate. 13Empa ya kgopo a ke ke a phela hamonate, le matsatsi a bophelo ba hae a ke ke a lelefala jwaloka seriti, hobane yena ha a tshabe Modimo.
14Ho na le mafeela a etsahalang mona lefatsheng. Batho ba lokileng ba fumana se lokelang ba kgopo, athe ba kgopo ba fumana se lokelang ba lokileng. Hona le hona ke lefeela. 15Ka baka lena ke thoholetsa boithabiso, hobane mona lefatsheng ha ho ntho e molemo ho motho, haese hore a je, a nwe, mme a nyakalle. O tla nne a nyakalle jwalo ha a le mosebetsing wa hae, ka matsatsi wohle a ho phela ha hae, ao Modimo a mo neileng wona mona lefatsheng.
16Ha ke ntse ke labalabela ho tseba bohlale le ho hlahloba mesebetsi e etswang mona lefatsheng, ka elellwa hore bosiu le motsheare motho ha a robale, 17mme ka bona le mesebetsi yohle ya Modimo. Ka elellwa hore ha ho motho ya utlwisisang se etsahalang mona lefatsheng. Le hoja motho a leka kahohle ho fuputsa mesebetsi ena, o sitwa ho e fihlela. Leha mohlalefi a ithetsa ka ho re yena o a tseba, empa a ke ke a ba a e utlwisisa.

Currently Selected:

MORUTI 8: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy