YouVersion Logo
Search Icon

MORUTI 3

3
Tsohle di beetswe dinako
1Dintho tsohle
di beetswe dinako tsa tsona,
nako tsa ho etsa tsohle
mona lefatsheng:
2Ke nako ya ho tswalwa
le nako ya ho shwa,
nako ya ho hloma
le nako ya ho hlomola;
3nako ya ho bolaya
le nako ya ho fodisa,
nako ya ho heletsa
le nako ya ho haha;
4nako ya ho lla
le nako ya ho tsheha,
nako ya maswabi
le nako ya mohobelo;
5nako ya ho lahla majwe
le nako ya ho a phutha,
nako ya ho akana
le nako ya ho se akane;
6nako ya ho batla
le nako ya ho tela,
nako ya ho boloka
le nako ya ho lahla;
7nako ya ho tabola
le nako ya ho roka,
nako ya ho kgutsa
le nako ya ho bua;
8nako ya ho rata
le nako ya ho hloya,
nako ya ntwa
le nako ya kgotso.
9Mosebetsi oo motho a o fufulellwang o mmuseletsa eng? 10Ke bone mosebetsi o boima oo Modimo a o neileng batho hore ba o sebetse. 11O entse hore ntho e nngwe le e nngwe e lokele nako ya yona; o neile batho takatso ya ho tseba tsa kgale le tse tlang ho tla, empa ha ba na ho fihlela kutlwisiso ya seo Modimo a se entseng ho tloha tshimolohong ho isa qetellong.
12Ke a tseba hore ha ho letho le molemo ho motho, haese feela ho ithabisa le ho etsa tse ntle ha a sa ntsane a phela. 13Ha motho ka mong a eja, a enwa, a fumane tse molemo ka mesebetsi ya hae, hoo ke mpho ya Modimo. 14Ke tseba le hore tsohle tseo Modimo a di etsang di tla hlola kamehla yohle. Ha ho letho leo motho a ka le eketsang kapa a le fokotsa ho tsona. Modimo o etsa tsena hore batho ba tle ba mo tshabe.
15Tse teng ha di qale ho ba teng,
tse tla ba teng di bile teng pele;
Modimo o etsa hore tsohle di sene,
di suthelane sebaka.
Toka ha e yo lefatsheng
16Mona lefatsheng
ka boela ka bona hona:
Sebakeng sa kahlolo
ka bona bokgopo,
sebakeng sa toka
ka bona bokgopo.
17Yaba ke bua ka pelo, ke re:
“Modimo o tla ahlola
ya lokileng le ya kgopo;
ntho ka nngwe
e na le nako ya yona,
ketso ka nngwe
e na le nako ya yona.”
18Ka boela ka bua ka pelo, ka re: “Modimo o bea batho tekong, hore ba tle ba lemohe hore ba tshwana le diphoofolo. 19Tse hlahelang diphoofolo di hlahela le batho. Pheletso ya bona e tshwana le ya diphoofolo; batho ba shwa jwaloka diphoofolo. Motho o phefumoloha moya o tshwanang le oo phoofolo e o phefumolohang. Motho ha a fete phoofolo ka letho, hobane tsohle ke lefeela. 20Ntho tsohle di fella nqa e le nngwe; tsohle di tswa leroleng, mme tsohle di kgutlela leroleng. 21Ke mang ya tsebang hore na moya wa motho o nyolohela hodimo, wa phoofolo wona o theohela tlasa lefatshe?”
22Ka baka leo ke bone hore ha ho letho le molemo ho feta hore motho a ithabise ka tseo a di entseng, hobane hoo ke yona kabelo ya hae. Ke mang ya ka etsang hore motho a bone tse tla etsahala ha a se a shwele?

Currently Selected:

MORUTI 3: SSO89SO

Highlight

Share

Copy

None

Want to have your highlights saved across all your devices? Sign up or sign in

YouVersion uses cookies to personalize your experience. By using our website, you accept our use of cookies as described in our Privacy Policy